Khaolo ea 47
Kamoo re ka Tsebang Kateng Hore Armagedone e Atametse
AKERE ua tseba hore na pontšo ke’ng?— Khaolong ea 46 re balile ka pontšo eo Molimo a ileng a fana ka eona ho bontša hore a ke ke a hlola a timetsa lefatše ka moroallo. Baapostola le bona ba ile ba kōpa hore ba fuoe pontšo e le hore ba ka tseba ha Jesu a se a khutlile le ha ho fela ha lefatše, kapa tsamaiso ena ea lintho, ho se ho atametse.—Matheu 24:3.
Kaha Jesu o ne a tla be a le leholimong a sa bonahale, ho ne ho hlokahala pontšo e itseng e le hore batho ba bone hore o qalile ho busa. Kahoo, Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae lintho tseo ba neng ba lokela ho li ela hloko mona lefatšeng. Ha lintho tsena li etsahala, seo se ne se tla bolela hore o se a khutlile le hore o se a qalile ho busa e le Morena leholimong.
E le hore a rute barutuoa ba hae bohlokoa ba hore ba lule ba lebetse, Jesu o ile a re ho bona: “Hlokomelang sefate sa feiga le lifate tse ling kaofela: Ha li se li fupile, ka ho li lemoha lea tseba hore joale lehlabula le haufi.” Ua tseba ha lehlabula le se le atametse. ’Me u ka tseba hore Armagedone e se e atametse ha u bona lintho tseo Jesu a li buileng li etsahala.—Luka 21:29, 30.
Leqepheng lena le le latelang, re tla ke re shebe litšoantšo tsa lintho tseo Jesu a ileng a re e tla ba karolo ea pontšo ea hore ’Muso oa Molimo o atametse. Ha lintho tsena tsohle li etsahala, ’Muso oa Molimo ka Kreste e le ’Musi o tla silakanya mebuso e meng kaofela, joalokaha re balile Khaolong ea 46.
Joale ak’u shebisise litšoantšo tse maqepheng a mabeli a fetileng, ’me re tla buisana ka tsona hamorao. U ka bala ka seo u se bonang litšoantšong tsena, ho Matheu 24:6-14 le Luka 21:9-11. Hape, ela hloko linomoro tse nyenyane tse setšoantšong ka seng. Nomoro e tšoanang le eo e fumaneha qalong ea serapa se hlalosang setšoantšo seo. A re ke re bone haeba likarolo tse ngata tsa pontšo eo Jesu a faneng ka eona lia phethahala kajeno.
(1) Jesu o ile a re: “Le tla utloa ka lintoa le litlaleho tsa lintoa; . . . sechaba se tla tsohela sechaba matla le ’muso o tla tsohela ’muso matla.” Na u se u kile ua utloa ka litlaleho tsa lintoa?— Ntoa ea pele ea lefatše e loannoe ho tloha ka 1914 ho isa ho 1918, ’me Ntoa ea II ea Lefatše ea loanoa ho tloha ka 1939 ho isa ho 1945. Ho ne ho se mohla ho kileng ha e-ba le lintoa tsa lefatše pele ho moo! Hona joale ho na le lintoa hohle lefatšeng. Ho bonahala letsatsi ka leng re utloa ka lintoa thelevisheneng le seea-le-moeeng, kapa re bala ka tsona koranteng.
(2) Jesu o ile a boela a re: “Ho tla ba le likhaello tsa lijo . . . sebakeng se seng ka mor’a se seng.” E ka ’na eaba ua tseba hore batho ba bang ha ba na lijo. Letsatsi ka leng batho ba likete ba bolaoa ke tlala ka lebaka la ho hloka lijo.
(3) Jesu o ile a phaella a re: ‘Ho tla ba le mafu a seoa sebakeng se seng ka mor’a se seng.’ Na ua tseba hore na lefu la seoa ke’ng?— Ke boloetse bo bolaeang batho ba bangata. Lefu le leng la seoa le kotsi le bitsoang Mokakallane oa Spain le ile la bolaea batho ba limilione tse 20 hoo e ka bang ka selemo feela. Mehleng ea rōna batho ba fetang bao hōle mohlomong ba tla bolaoa ke AIDS. ’Me ho na le kankere, lefu la pelo le maloetse a mang ao selemo le selemo a bolaeang batho ba likete.
(4) Jesu o ile a fana ka karolo e ’ngoe ea pontšo, a re: “Ho tla ba le . . . litšisinyeho tsa lefatše sebakeng se seng ka mor’a se seng.” Na ua tseba hore na tšisinyeho ea lefatše ke’ng?— Tšisinyeho ea lefatše e etsa hore sebaka seo u emeng ho sona se thothomele. Matlo aa oela, ’me batho ba atisa ho shoa. Ho tloha ka selemo sa 1914, ho bile le litšisinyeho tse ngata tsa lefatše selemo le selemo. Na u se u kile ua utloela ka litšisinyeho tsa lefatše?—
(5) Jesu o ile a re karolo e ’ngoe ea pontšo e ne e tla ba ‘ho eketseha ha bobe.’ Ke ka lebaka leo bosholu le pefo li leng ngata hakana. Hohle batho ba tšohile hore motho e mong a ka ’na a leka ho thuha matlong a bona. Ha ho mohla ho kileng ha e-ba le tlōlo ea molao le pefo e ngata hakana likarolong tsohle tsa lefatše joaloka hona joale.
(6) Jesu o ile a fana ka karolo ea bohlokoa haholo ea pontšo ha a ne a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Matheu 24:14) Haeba u lumela hore “litaba tsena tse molemo” ke tsa bohlokoa, joale u lokela ho li bolella ba bang. Ka tsela eo u ka kopanela ho phethahatseng karolo ena ea pontšo.
Batho ba bang ba ka ’na ba re lintho tseo Jesu a li boletseng esale pele li ’nile tsa etsahala. Empa ha ho mohla lintho tseo li kileng tsa etsahala kaofela likarolong tse ngata tsa lefatše ka nako e tšoanang. Kahoo na ua utloisisa hore na pontšo e bolela’ng?— E bolela hore ha re bona lintho tsena tsohle li etsahala, lefatše lena le khopo le haufi le ho nkeloa sebaka ke lefatše le lecha la Molimo.
Ha Jesu a ne a fana ka pontšo ena, o ile a boela a bua ka nako e khethehileng ea selemo. O ile a re: “Le ’ne le rapele hore paleho ea lōna e se ke ea etsahala mariha.” (Matheu 24:20) U nahana hore o ne a bolela’ng ka seo?—
Ho ka ’na ha etsahala’ng haeba motho a tlameha ho baleha tlokotsi nakong ea mariha ha boemo ba leholimo bo etsa hore ho tsamaea ho be thata kapa ho be kotsi?— Haeba a ka pholoha tlokotsing eo, o tla be a pholohile ka thata. Na e ne e ke ke ea e-ba ho utloisang bohloko hore motho a bolaoe ke sefefo hobane feela a ne a tšoarehile ka lintho tse ling ho fapana le hore a qalise leeto la hae nako e sa le teng?—
Na u bona ntlha eo Jesu a neng a e buella ha a ne a bua ka hore batho ba se ke ba emela ho baleha nakong ea mariha?— O ne a re bolella hore kaha rea tseba hore Armagedone e atametse, ha re batle ho lieha ho nka khato ho bontša hore re rata Molimo ka ho mo sebeletsa. Haeba re lieha, re ka ’na ra siuoa ke nako. Kahoo re tla tšoana hantle le batho ba mehleng ea Moroallo ba ileng ba utloa Noe empa ba se ke ba kena ka arekeng.
Joale, a re ke re buisane kamoo lintho li tla ba kateng ha ntoa e khōlō ea Armagedone e se e fetile. Re tla ithuta ka seo Molimo a re lokiselitseng sona rōna kaofela ba mo ratang le ba mo sebeletsang hona joale.
Ana ke a mang a mangolo a bontšang hore Armagedone e atametse: 2 Timothea 3:1-5 le 2 Petrose 3:3, 4.
[Litšoantšo tse leqepheng la 244-246]
Jesu o ne a ruta thuto efe ha a ne a bua ka sefate sa feiga?
[Setšoantšo se leqepheng la 249]
Jesu o ne a ruta thuto efe ha a ne a bua ka ho leka ho baleha nakong ea mariha?