Lintho Tsee Tsohle li Bolela’ng?
JESU KRESTE o ile a re “qetello ea tsamaiso ea lintho” e ne e tla tsebahala ka lintoa, likhaello tsa lijo, mafu a seoa le litšisinyeho tsa lefatše.—Matheu 24:1-8; Luka 21:10, 11.
Ho tloha ka 1914 bophelo bo ’nile ba senngoa ke lintoa pakeng tsa lichaba le pakeng tsa merabe, hangata e le ka lebaka la ho itšunya-tšunya ha baruti lipolotiking ’me morao tjena ke ka lebaka la litlhaselo tsa bokhukhuni tse jeleng setsi.
Ho sa tsotellehe tsoelo-pele saenseng, batho ba limilione tse makholo lefatšeng ka bophara ba ntse ba tjamelane le bothata bo boholo ba khaello ea lijo. Selemo le selemo batho ba limilione ba shoa ka lebaka la khaello ea lijo.
Lefu la seoa, e leng seoa se pharaletseng sa mafu a tšoaetsanoang, le lona ke karolo ea pontšo eo Jesu a faneng ka eona. Ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, seoa sa mokakallane se ile sa bolaea batho ba fetang 21 000 000. Ho fapana le mafu a seoa ao nakong e fetileng a neng a e-ba libakeng tse itseng feela, o ile oa ama lichaba lefatšeng ka bophara esita le lihlekehleke tse hōle. Hona joale batho ba bangata ba tšoeroe ke AIDS lefatšeng lohle, ’me mafu a seoa a kang TB, malaria, bofofu ba linōka le boloetse ba Chagas ha a ee moriting lichabeng tse tsoelang pele.
Ho tlalehoa hore selemo se seng le se seng ho ba le litšisinyeho tsa lefatše tse sa lekaneng ka matla tse likete tse mashome. Ho sa tsotellehe thepa e teng le mekhoa e tsoetseng pele ea ho tlaleha litšisinyeho tsa lefatše, hangata litabeng ho hlahella likoluoa tse bakoang ke litšisinyeho tsa lefatše libakeng tse nang le baahi ba bangata.
Bibele e ile ea boela ea bolela sena esale pele: “Tseba sena, hore matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona. Etsoe batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, banyefoli, ba sa mameleng batsoali, ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng, ba se nang lerato la tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba ikhohomosang ka boikakaso, ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo, ba nang le ponahalo ea boinehelo ba bomolimo empa ba se na ’nete matleng a bona; ’me bana u ba furalle.”—2 Timothea 3:1-5.
Na ha u lumele hore re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona’?
Na u hlokometse kamoo ka kakaretso batho e leng baithati kateng, ba ratang chelete ba bileng ba susumetsoang ke boikhohomoso?
Ke mang ea ka hanang hore lefatše le tletse batho ba batlang lintho ka khang empa ba se na teboho, ba sa bulehela tumellano ba bile ba sa tšepahale?
Na ua hlokomela hore ho se mamele batsoali le ho hloka lerato la tlhaho ho nyarosang li atile haholo, eseng libakeng tse itseng feela empa lefatšeng lohle?
Ntle ho pelaelo ua hlokomela hore re phela lefatšeng le hlanyetsang menyaka empa le hloka lerato la se molemo. Ke kamoo Bibele e hlalosang lintho tse neng li tla ata “matsatsing a ho qetela.”
Na ho sa hlokahala bopaki bo bong bo tsebahatsang nako ee eo re phelang ho eona? Jesu o ile a boela a bolela esale pele hore hona nakong ena, litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li ne li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona. (Matheu 24:14) Na seo sea etsoa?
Molula-Qhooa, e leng koranta e thehiloeng Bibeleng, eo sepheo sa eona e leng ho tsebahatsa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Jehova, o hatisoa kamehla ka lipuo tse ngata ho feta makasine leha e le efe e ’ngoe.
Selemo se seng le se seng, Lipaki Tsa Jehova li qeta lihora tse ka holimo ho limilione tse sekete li pakela ba bang ka ho toba ka ’Muso oa Molimo.
Hona joale li hatisa lingoliloeng tse hlalosang Bibele ka lipuo tse ka bang 400, ho akarelletsa le lipuo tse baloang ke batho ba lulang hōle le ba seng bakae ka palo. Lipaki Tsa Jehova li finyeletse lichaba tsohle ka litaba tse molemo; hape li boletse lihlekehlekeng tse ngata le libakeng tse nyenyane hoo eseng tsa bohlokoa hakaalo tsamaisong ea lipolotiki. Linaheng tse ngata, li ba le lenaneo la kamehla la thuto ea Bibele.
Ka sebele, litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona, eseng ka sepheo sa ho sokolla lefatše, empa ka sepheo sa ho fana ka bopaki. Hohle batho ba fuoa monyetla oa ho bontša hore na ba tsotella ea bōpileng maholimo le lefatše le hore na ba tla hlompha melao ea hae le ho bontša hore ba rata batho ba bang.—Luka 10:25-27; Tšenolo 4:11.
Haufinyane, ’Muso oa Molimo o tla tlosa bohle ba khopo lefatšeng ’me o le etse paradeise.—Luka 23:43.
[Lebokose le leqepheng la 6]
Ke Matsatsi a ho Qetela a Eng?
Hase matsatsi a ho qetela a moloko oa batho. Ba etsang thato ea Molimo, Bibele e ba tšepisa ho phela ka ho sa feleng.—Johanne 3:16, 36; 1 Johanne 2:17.
Hase matsatsi a ho qetela a lefatše. Lentsoe la Molimo le tšepisa hore lefatše leo ho ahiloeng ho lona le tla ba teng ka ho sa feleng.—Pesaleme 37:29; 104:5; Esaia 45:18.
Ho e-na le hoo, ana ke matsatsi a ho qetela a tsamaiso ena ea lintho e mabifi le e hlokang lerato, ebile ke matsatsi a ho qetela a ba khomaretseng litsela tsa eona.—Liproverbia 2:21, 22.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]
Na Ruri Bibele ke Lentsoe la Molimo?
Ka ho pheta-pheta baprofeta ba Bibele ba ile ba ngola, ba re: “Sena ke seo Jehova a se boletseng.” (Esaia 43:14; Jeremia 2:2) Esita le Jesu Kreste, Mora oa Molimo, o ile a hatisa hore o ne a sa ‘bue ka ho iqalla.’ (Johanne 14:10) Bibele ka boeona e re ka ho hlaka: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo.”—2 Timothea 3:16.
Ha ho na buka e hatisitsoeng ka lipuo tse ngata ho e feta—e leng lipuo tse fetang 2 200, ho latela tlaleho ea Mekhatlo e Kopaneng ea Bibele. Ha ho na buka e abuoeng ho e feta—hona joale ho se ho abuoe tse fetang tse limilione tse likete tse ’nè. Na hase sona seo u neng u ka se lebella ka molaetsa o tsoang ho Molimo o eang ho batho bohle?
Hore u fumane tlhaloso e pharaletseng ea bopaki ba hore Bibele e bululetsoe ke Molimo, bona buka ea Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
Haeba u bala Bibele ebile u lumela hore ka sebele ke Lentsoe la Molimo, u tla rua molemo o moholo.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 8]
’Muso oa Molimo ke Eng?
Ke ’muso o khethehileng o hlonngoeng ke Molimo oa ’nete, Jehova, ’Mōpi oa leholimo le lefatše.—Jeremia 10:10, 12.
Bibele e re Jesu Kreste ke eena eo Molimo a mo fileng matla a ho busa ’musong ona. (Tšenolo 11:15) Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a bontša hore o ne a se a ntse a e-na le matla a hlollang a tsoang ho Molimo—matla a ileng a mo nolofalletsa ho laola boemo ba leholimo, ho phekola maloetse a mefuta eohle esita le ho tsosa bafu. (Matheu 9:2-8; Mareka 4:37-41; Johanne 11:11-44) Boprofeta ba Bibele bo bululetsoeng bo ile ba bolela esale pele hore Molimo o ne a tla boela a mo fe “bobusi le ho hlompheha le ’muso, hore batho, lichaba le lipuo kaofela ba mo sebeletse.” (Daniele 7:13, 14) ’Muso oo o bitsoa ’Muso oa leholimo; hona joale Jesu Kreste o busa a le leholimong.
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Litaba tse molemo li boleloa lefatšeng lohle