Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bh leq. 199-leq. 201 ser. 4
  • Jesu Kreste ke Mesia ea Tšepisitsoeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu Kreste ke Mesia ea Tšepisitsoeng
  • Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Boprofeta bo Buang ka Mesia bo Paka Hore Jesu e ne e le Mesia?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Boprofeta bo Buang ka Mesia
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Ba ne ba Lebeletse Mesia
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Jesu Kreste—Senotlolo sa Tsebo ea Molimo
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
Bala Tse Ling
Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
bh leq. 199-leq. 201 ser. 4

SEHLOMATHISO

Jesu Kreste ke Mesia ea Tšepisitsoeng

E LE ho re thusa hore re tsebe ho elelloa Mesia, Jehova Molimo o ile a bululela baprofeta ba bangata ba boletsoeng ka Bibeleng hore ba fane ka boitsebiso bo mabapi le ho tsoaloa ha Molopolli enoa ea tšepisitsoeng, tšebeletso ea hae le lefu la hae. Boprofeta bona bohle ba Bibele bo phethahalitsoe ho Jesu Kreste. Bo nepahetse ka tsela e hlollang ebile bo qaqile. Ka mohlala, a re ke re hlahlobe boprofeta bo seng bokae bo boletseng esale pele liketsahalo tse mabapi le ho tsoaloa ha Mesia le khōlo ea hae.

Moprofeta Esaia o ile a bolela esale pele hore Mesia o ne a tla tsoa lesikeng la Morena Davida. (Esaia 9:7) Jesu o ile a fela a hlaha lesikeng la Davida.—Matheu 1:1, 6-17.

Moprofeta e mong oa Molimo, e leng Mikea, o ile a bolela esale pele hore qetellong ngoana eo e ne e tla ba ’musi le hore o ne a tla hlahela “Bethlehema Efratha.” (Mikea 5:2) Ha Jesu a hlaha, ho ne ho e-na le metse e ’meli ea Iseraele e bitsoang Bethlehema. O mong o ne o le haufi le Nazaretha karolong e ka leboea ea naha, ha o mong o ne o le haufi le Jerusalema, Juda. Bethlehema e haufi le Jerusalema e ne e bitsoa Efratha. Jesu o hlahetse motseng oo, hantle feela joalokaha boprofeta bo ne bo boletse esale pele!—Matheu 2:1.

Boprofeta bo bong ba Bibele bo ile ba bolela esale pele hore Mora oa Molimo o ne a tla bitsoa hore a tsoe “Egepeta.” Jesu o ile a isoa Egepeta e sa le ngoana. O ile a khutlisoa ha Heroda a se a shoele, kahoo a phethahatsa boprofeta.—Hosea 11:1; Matheu 2:15.

Litemana tse thathamisitsoeng chateng e leqepheng la 200 tlas’a sehlooho se reng “Boprofeta” li na le boitsebiso bo mabapi le Mesia. Ka kōpo bapisa litemana tsena le tse thathamisitsoeng tlas’a sehlooho se reng “Phethahatso.” Ho li bapisa ho tla matlafatsa tumelo ea hao le ho feta tabeng ea hore Lentsoe la Molimo ke ’nete.

Ha u ntse u hlahloba mangolo ana, u hopole hore litemana tse bontšang boprofeta li ngotsoe lilemo tse makholo pele Jesu a tsoaloa. Jesu o ile a re: “Lintho tsohle tse ngotsoeng molaong oa Moshe le Baprofeteng le Lipesalemeng mabapi le ’na li tla phethahala.” (Luka 24:44) Joalokaha u ka netefatsa seo Bibeleng ea hao, lintho tsena li ile tsa phethahala ka hohle-hohle—feela joalokaha ho ne ho boletsoe!

BOPROFETA BO MABAPI LE MESIA

KETSAHALO

BOPROFETA

PHETHAHATSO

O hlaha lelokong la Juda

Genese 49:10

Luka 3:23-33

O tsoaloa ke moroetsana

Esaia 7:14

Matheu 1:18-25

O tsoa lesikeng la Morena Davida

Esaia 9:7

Matheu 1:1, 6-17

Jehova o phatlalatsa hore ke Mora oa hae

Pesaleme ea 2:7

Matheu 3:17

Ba bangata ha ba mo lumele

Esaia 53:1

Johanne 12:37, 38

O kena Jerusalema a kaletse esele

Zakaria 9:9

Matheu 21:1-9

O ekoa ke motsoalle ea haufi

Pesaleme ea 41:9

Johanne 13:18, 21-30

O ekoa ka likotoana tse 30 tsa silevera

Zakaria 11:12

Matheu 26:14-16

Oa khutsa ka pel’a baqosi ba hae

Esaia 53:7

Matheu 27:11-14

Ba lahla lotho bakeng sa liaparotsa hae

Pesaleme ea 22:18

Matheu 27:35

Oa nyefoloa ha a le thupeng

Pesaleme ea 22:7, 8

Matheu 27:39-43

Ha ho le le leng la masapo a hae le rojoang

Pesaleme ea 34:20

Johanne 19:33, 36

O patoa le barui

Esaia 53:9

Matheu 27:57-60

O tsosoa pele a bola

Pesaleme ea 16:10

Liketso 2:24, 27

O phahamisetsoa letsohong leletona la Molimo

Pesaleme ea 110:1

Liketso 7:56

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela