Karolo 21
Jesu o Tsohile Bafung!
Jesu o itlhahisa ho balateli ba hae ’me o ba fa litaelo ebile oa ba khothatsa
KA LETSATSI la boraro Jesu a shoele, basali ba bang bao e neng e le barutuoa ba hae ba fumana lejoe le neng le koetse lebitla le tlositsoe. Ho feta moo, ho ne ho se letho ka lebitleng!
Ho ile ha hlaha mangeloi a mabeli ’me le leng la re: “Le batla Jesu Monazaretha . . . O tsositsoe.” (Mareka 16:6) Hang-hang ba ile ba matha ho ea tsebisa baapostola. Ha ba le tseleng, ba kopana le Jesu. O ile a re: “Le se ke la tšaba! E-eang, le tlalehele barab’eso, e le hore ba ka tloha ho ea kena Galilea; ’me ba tla mpona moo.”—Matheu 28:10.
Hamorao letsatsing leo barutuoa ba babeli ba ne ba tloha Jerusalema ba ea motseng oa Emmause. Motho eo ba sa mo tsebeng o ile a tsamaea le bona ’me a ba botsa hore na ba bua ka eng. Ha e le hantle, motho eo e ne e le Jesu ea tsositsoeng bafung, ea ileng a itlhahisa ho bona ka sebōpeho seo ba ileng ba sitoa ho bona hore ke eena. Lifahleho tsa bona li ne li bontša hore ba hlomohile ha ba mo bolella hore ba ntse ba bua ka Jesu. Motho eo o ile a qala ho ba hlalosetsa lintho tse amanang le Mesia ka Mangolong ’ohle. Ka sebele Jesu o ne a phethahalitse boprofeta bo amanang le Mesia kahohle-hohle.a Ha barutuoa ba lemoha hore motho eo ke Jesu, ea neng a tsositsoe e le motho oa moea, o ile a nyamela.
Hang-hang barutuoa bao ba babeli ba ile ba khutlela Jerusalema. Ba ile ba fumana baapostola ba le ka kamoreng e notletsoeng. Ha ba ntse ba bolela lintho tse etsahetseng, Jesu o ile a hlaha. Balateli ba hae ba maketseng ba ne ba sa kholoe! Jesu o ile a ba botsa, a re: “Ke hobane’ng ha lipelaelo li hlaha ka lipelong tsa lōna?” A ba a re: “Ho ngoliloe hore Kreste o ne a tla utloa bohloko le ho tsoha har’a bafu ka letsatsi la boraro.”—Luka 24:38, 46.
Ka matsatsi a 40 Jesu a tsohile bafung, o ile a hlaha ho barutuoa ba hae ka makhetlo a sa tšoaneng. Ka lekhetlo le leng o ile a hlaha ho ba fetang 500! Mohlomong ke lekhetlong lena moo a ileng a ba fa mosebetsi ona oa bohlokoa: “E-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, . . . le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona. ’Me, bonang! ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.”—Matheu 28:19, 20.
Ha Jesu a kopana le baapostola ba hae ba tšepahalang ba 11 ka lekhetlo la ho qetela, o ile a ba tšepisa a re: “Le tla amohela matla ha moea o halalelang o fihla holim’a lōna, ’me le tla ba lipaki tsa ka . . . ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Liketso 1:8) Ka mor’a moo Jesu o ile a phahamisoa ’me leru la mo koahela hore ba se ke ba mo bona ha a ntse a nyolohela leholimong.
—E thehiloe ho Matheu khaolo ea 28; Mareka khaolo ea 16; Luka khaolo ea 24; Johanne khaolo ea 20 le ea 21; 1 Bakorinthe 15:5, 6.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa mehlala ea boprofeta bo amanang le Mesia boo Jesu a bo phethahalitseng, sheba leqepheng la 17-19 la bukana ena esita le buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? leqepheng la 199-201
◼ Barutuoa ba Jesu ba tsebile joang hore Molimo o mo tsositse bafung?
◼ Jesu o ile a re’ng ho barutuoa ba babeli ba neng ba ea Emmause?
◼ Jesu o ile a fa barutuoa ba hae litaelo life pele a nyolohela leholimong?
[Lebokose le leqepheng la 24]
MOEA O HALALELANG
Ha ho na matla a fetang a moea o halalelang leholimong le lefatšeng. Jehova Molimo o ile a sebelisa moea oa hae kapa matla a sebetsang, ha a bōpa maholimo le lefatše le ha a tataisa batho ba ngotseng Bibele. Moea ona ke matla a entseng hore ho etsoe mehlolo eohle eo re seng re balile ka eona, ho akarelletsa le o moholo ho feta eohle—e leng ho tsoha ha Jesu Kreste bafung hore e be motho ea matla oa moea.—Genese 1:2; 2 Samuele 23:2; Liketso 10:38; 1 Petrose 3:18.
[Chate e leqepheng la 24]
Genese
Exoda
Levitike
Numere
Deuteronoma
Joshua
Baahloli
Ruthe
1 Samuele
2 Samuele
1 Marena
2 Marena
1 Likronike
2 Likronike
Esdrase
Nehemia
Esthere
Jobo
Lipesaleme
Liproverbia
Moeklesia
Sefela sa Lifela
Esaia
Jeremia
Lillo Tsa Jeremia
Ezekiele
Daniele
Hosea
Joele
Amose
Obadia
Jonase
Mikea
Nahume
Habakuke
Sofonia
Hagai
Zakaria
Malakia
● Matheu
● Mareka
● Luka
● Johanne
Liketso
Baroma
1 Bakorinthe
2 Bakorinthe
Bagalata
Baefese
Bafilipi
Bakolose
1 Bathesalonika
2 Bathesalonika
1 Timothea