Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bm karolo 22 leq. 25
  • Baapostola ba Bolela Litaba Tse Molemo ka Sebete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Baapostola ba Bolela Litaba Tse Molemo ka Sebete
  • Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu o Khetha Saule
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Phutheho ea “E-ba le Khotso”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Kreste o ka Letsohong le Letona la Molimo
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Mohlorisi o Bona Khanya e Khōlō
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
bm karolo 22 leq. 25

Karolo 22

Baapostola ba Bolela Litaba Tse Molemo ka Sebete

Phutheho ea Bakreste e hōla ka potlako le hoja ba hlorisoa

MATSATSI a leshome Jesu a nyolohetse leholimong, barutuoa ba hae ba ka bang 120 ba ne ba bokane ntlong e ’ngoe Jerusalema nakong ea Mokete oa Pentekonta oa Bajuda ka 33 C.E. Ka tšohanyetso lerata le joaloka la moea o fokang ka sekhahla la tlala ntlo. Ka mohlolo barutuoa ba qala ho bua lipuo tseo ba neng ba sa li tsebe. Ke hobane’ng ha ho ne ho etsahala mehlolo ee? Molimo o ne a file barutuoa moea o halalelang.

Ka ntle ho ne ho e-na le letšoele la baeti ba tlileng moketeng ba tsoang linaheng tse ngata. Ba ile ba makala ha ba utloa barutuoa ba Jesu ba bua lipuo tsa bona ka maleme a paqameng. Ha Petrose a ba hlalosetsa se etsahetseng o ile a bua ka boprofeta ba Joele bo reng Molimo o tla ‘tšolla’ moea oa hae, o neng o tla etsa hore ba o fumanang ba be le matla a ho etsa mehlolo. (Joele 2:28, 29) Pontšo ena e hlakileng ea moea o halalelang e ile ea totobatsa hore ho bile le phetoho ea bohlokoa, e leng hore Molimo o ne a se a sa amohele sechaba sa Iseraele empa a se a amohela phutheho ea Bakreste. Joale ba neng ba batla ho sebeletsa Molimo ka tsela eo a e amohelang, e ne e lokela ho ba balateli ba Kreste.

Ka eona nako eo ho ile ha tsoha khanyetso, ’me lira tsa kenya barutuoa teronkong. Empa bosiu lengeloi la Jehova la bula menyako ea teronko ’me la bolella barutuoa hore ba tsoele pele ho bolela litaba tse molemo. Sena ke sona seo ba ileng ba se etsa esale ka meso. Ba ile ba kena ka tempeleng eaba ba qala ho bolela litaba tse molemo tse mabapi le Jesu. Batho ba bolumeli ba neng ba ba hanyetsa ba halefa ’me ba ba laela hore ba khaotse ho bolela litaba tse molemo. Eaba baapostola ba araba ka sebete ba re: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Liketso 5:28, 29.

Mahloriso a ile a ipha matla. Bajuda ba bang ba ile ba qosa morutuoa ea bitsoang Setefane ka hore o nyefotse ’me ba mo tlepetsa ka majoe ho fihlela a e-shoa. Mohlankana ea bitsoang Saule oa Tarsase o ne a shebeletse, ’me a lumellana le polao eo. Ka mor’a moo o ile a ea Damaseka ho ea tšoara bohle ba neng ba latela Kreste. Ha Saule a ntse a tsamaea, leseli le tsoang leholimong la halima ho mo potoloha, eaba lentsoe le re: “Saule, Saule, u ntlhorisetsa’ng?” Saule o ne a foufalitsoe ke leseli leo, eaba oa botsa o re: “U mang?” ’Me lentsoe la re: “Ke ’na Jesu.”—Liketso 9:3-5.

Ka mor’a matsatsi a mararo, Jesu a romela morutuoa ea bitsoang Ananiase hore a e’o thusa Saule hore a boele a bone. Saule o ile a kolobetsoa ’me ka sebete a qala ho ruta ka Jesu. O ile a bitsoa moapostola Pauluse ’me ea e-ba setho se mafolofolo sa phutheho ea Bakreste.

Barutuoa ba Jesu ba ne ba ntse ba bolella Bajuda le Basamaria feela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Joale lengeloi la tla ho molaoli oa lebotho la Roma ea tšabang Molimo, ea bitsoang Korneliase la mo bolella hore a romeletse hore ho bitsoe moapostola Petrose. Petrose o ile a tsamaea le ba bang ho ea bolella Korneliase le ba ntlo ea hae litaba tse molemo. Ha a ntse a bua, moea o halalelang o ile oa theohela holim’a balumeli bao ba Balichaba, eaba moapostola enoa o laela hore ba kolobetsoe ka lebitso la Jesu. Joale batho ba lichaba tsohle ba ne ba e-na le monyetla oa ho fumana bophelo bo sa feleng. Phutheho e ne e le malala-a-laotsoe hore e bolele litaba tse molemo libakeng tsohle.

​—E thehiloe ho Liketso 1:1–11:21.

◼ Ho ile ha etsahala’ng nakong ea Mokete oa Pentekonta?

◼ Lira li ile tsa etsa’ng ha barutuoa ba Jesu ba bolela litaba tse molemo?

◼ Ke ketsahalo efe e ileng ea bontša hore batho ba lichaba tsohle ba na le monyetla oa ho fumana bophelo bo sa feleng?

[Chate e leqepheng la 25]

Genese

Exoda

Levitike

Numere

Deuteronoma

Joshua

Baahloli

Ruthe

1 Samuele

2 Samuele

1 Marena

2 Marena

1 Likronike

2 Likronike

Esdrase

Nehemia

Esthere

Jobo

Lipesaleme

Liproverbia

Moeklesia

Sefela sa Lifela

Esaia

Jeremia

Lillo Tsa Jeremia

Ezekiele

Daniele

Hosea

Joele

Amose

Obadia

Jonase

Mikea

Nahume

Habakuke

Sofonia

Hagai

Zakaria

Malakia

Matheu

Mareka

Luka

Johanne

Liketso ●

Baroma

1 Bakorinthe

2 Bakorinthe

Bagalata

Baefese

Bafilipi

Bakolose

1 Bathesalonika

2 Bathesalonika

1 Timothea

2 Timothea

Tite

Filemone

Baheberu

Jakobo

1 Petrose

2 Petrose

1 Johanne

2 Johanne

3 Johanne

Juda

Tšenolo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela