Karolo 25
Keletso e Mabapi le Tumelo, Boitšoaro le Lerato
Jakobo, Petrose, Johanne le Juda ba ngola mangolo a khothatsang balumeli-’moho le bona
JAKOBO le Juda e ne e le barab’abo Jesu. Petrose le Johanne e ne e le ba bang ba baapostola ba Jesu ba 12. Banna bana ba bane ba ile ba ngola mangolo a supileng a hlahang Mangolong a Segerike a Bakreste. Lengolo ka leng le reheletsoe ka mongoli oa lona. Keletso e ka mangolong ana a ngotsoeng ka tšusumetso ea moea oa Molimo e ne e reretsoe ho thusa Bakreste hore ba lule ba tšepahala ho Jehova ba bile ba nahanne ka ’Muso oa Molimo.
Bakreste ba lokela ho bontša tumelo. Ha hoa lekana hore motho a bolele feela hore o na le tumelo. Tumelo ea ’nete e bonahala ka mesebetsi. Jakobo o re: ‘Ka sebele tumelo e se nang mesebetsi e shoele.’ (Jakobo 2:26) Ha motho a bontša tumelo ha a lekoa, o ba le mamello. E le hore Mokreste a atlehe, ho hlokahala hore a kōpe bohlale ho Molimo, a kholisehile hore o tla mo fa bona. Mamello e etsa hore motho a amohelehe ho Molimo. (Jakobo 1:2-6, 12) Haeba morapeli a lula a tšepahala ka lebaka la tumelo, Jehova Molimo o tla atamela ho eena. Jakobo o re: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.”—Jakobo 4:8.
Mokreste o lokela ho ba le tumelo e matla e ka mo thusang ho hanela liteko le lintho tse mo susumelletsang boitšoarong bo bobe. Kaha balumeli-’moho le Juda ba ne ba phela har’a batho ba boitšoaro bo bobe, o ile a susumelletseha ho ba khothalletsa hore ba “loane ntoa e thata bakeng sa tumelo.”—Juda 3.
Bakreste ba lokela ho ba le boitšoaro bo hloekileng. Jehova o lebeletse hore barapeli ba hae ba halalele, e leng se bolelang hore ba hloeke linthong tsohle. Petrose o re: “Le lōna le fele le halalele boitšoarong bohle ba lōna, hobane ho ngoliloe: ‘Le halalele, hobane [’na Jehova] kea halalela.’” (1 Petrose 1:15, 16) Ho ka ba molemo hore Bakreste ba latele mohlala oa Jesu. Petrose o re: “Kreste o ile a utloa bohloko bakeng sa lōna, a le siela mohlala hore le latele mehato ea hae haufi-ufi.” (1 Petrose 2:21) Le hoja Bakreste ba ka utloa bohloko ka lebaka la ho phela ka melao ea Molimo, sena se etsa hore ba be le “letsoalo le molemo.” (1 Petrose 3:16, 17) Petrose o khothalletsa Bakreste hore ba tsebahale ka boitšoaro bo halalelang le liketso tse bontšang boinehelo ba bomolimo ha ba ntse ba letetse letsatsi la Molimo la kahlolo le lefatše le lecha le tšepisitsoeng leo ‘ho loka ho tla aha ho lona.’—2 Petrose 3:11-13.
Bakreste ba lokela ho bontša lerato. Johanne o re: “Molimo ke lerato.” Moapostola enoa o re Molimo o bontšitse lerato la hae le leholo ka ho romela Jesu hore e be ‘sehlabelo sa libe tsa rōna.’ See se lokela ho susumelletsa Bakreste hore ba etse’ng? Johanne o re: “Baratuoa, haeba ona ke mokhoa oo Molimo a ileng a re rata ka oona, joale re tlamehile ho ratana.” (1 Johanne 4:8-11) Tsela e ’ngoe eo re ka bontšang ka eona hore re na le lerato le joalo ke ka ho amohela balumeli-’moho le rōna ka mofuthu ha ba re etetse.—3 Johanne 5-8.
Empa barapeli ba Jehova ba ka bontša joang hore baa mo rata? Johanne o re: “Etsoe se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae; leha ho le joalo litaelo tsa hae ha li boima.” (1 Johanne 5:3; 2 Johanne 6) Ba mamelang taelo ena ea Molimo ba kholisoa hore Molimo o tla tsoela pele ho ba rata ’me a etse hore ba be le “tebello ea bophelo bo sa feleng.”—Juda 21.
—E thehiloe ho Jakobo; 1 le 2 Petrose; 1, 2, le 3 Johanne; Juda.
◼ Mokreste a ka bontša tumelo joang?
◼ Jehova o lebeletse boitšoaro ba mofuta ofe ho barapeli ba hae?
◼ Motho o bontša joang hore o rata Molimo e le kannete?
Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]
“Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.”—Jakobo 4:8
[Chate e leqepheng la 29]
Genese
Exoda
Levitike
Numere
Deuteronoma
Joshua
Baahloli
Ruthe
1 Samuele
2 Samuele
1 Marena
2 Marena
1 Likronike
2 Likronike
Esdrase
Nehemia
Esthere
Jobo
Lipesaleme
Liproverbia
Moeklesia
Sefela sa Lifela
Esaia
Jeremia
Lillo Tsa Jeremia
Ezekiele
Daniele
Zakaria
Malakia
Matheu
Mareka
Luka
Johanne
Liketso
Baroma
1 Bakorinthe
2 Bakorinthe
Bagalata
Baefese
Bafilipi
Bakolose
1 Bathesalonika
2 Bathesalonika
1 Timothea
2 Timothea
Tite
Filemone
Baheberu
Jakobo ●
1 Petrose ●
2 Petrose ●
1 Johanne ●
2 Johanne ●
3 Johanne ●
Juda ●
Tšenolo