Karolo 26
Lefatše e Boela e ba Paradeise!
Jehova o sebelisa ’Muso oa Kreste ho halaletsa lebitso la Hae, ho tlosa qoso bobusing ba Hae le ho felisa bokhopo bohle
BUKA ea ho qetela ka Bibeleng, e leng Tšenolo, e fa batho bohle tšepo. Buka ena e ngotsoe ke moapostola Johanne, ’me e bua ka lipono tse fellang ha morero oa Jehova o phethahala.
Ponong ea pele, Jesu ea tsohileng bafung o babatsa liphutheho tse ’maloa ebile oa li khalemela. Pono e latelang e bontša terone ea Jehova e leholimong moo mangeloi a ntseng a mo rorisa.
Ha morero oa Molimo o ntse o phethahala, Konyana, e leng Jesu Kreste, e fuoa moqolo o tiisitsoeng ka litiiso tse supileng. Ha ho buloa litiiso tsa pele tse ’nè, lefatšeng ho hlaha banna ba tšoantšetso ba palameng lipere tsa tšoantšetso. Oa pele ke Jesu ea palameng pere e tšoeu ’me o roetse moqhaka oa borena. Ho latela ba bang ba palameng lipere tse mebala e fapaneng, bao ho latela boprofeta ba tšoantšetsang ntoa, tlala le lefu la seoa—lintho tsena kaofela li etsahala matsatsing a ho qetela a tsamaiso ena ea lintho. Ha ho buloa tiiso ea bosupa ho letsoa literompeta tse supileng tsa tšoantšetso, tse bolelang hore ho phatlalatsoa likahlolo tsa Molimo. Ebe ho latela likotlo tse supileng tsa tšoantšetso, kapa litsela tse supileng tseo Molimo a bontšang khalefo ea hae ka tsona.
’Muso oa Molimo, o tšoantšoang le ngoana e motona ea sa tsoa tsoaloa, oa hlongoa leholimong. Ntoa ea qhoma, ’me Satane le mangeloi a hae a khopo a liheloa lefatšeng. Lentsoe le phahameng le re: “Ho malimabe lefatše.” Diabolose o halefile haholo, kaha oa tseba hore o na le nako e khutšoanyane.—Tšenolo 12:12.
Johanne o bona Jesu ea tšoantšetsoang ke konyana leholimong, a e-na le ba 144 000 ba khethiloeng har’a batho. “Ba tla busa le [Jesu] e le marena.” Ka mantsoe ana, Tšenolo e bontša hore karolo ea bobeli ea peō ke batho ba 144 000.—Tšenolo 14:1; 20:6.
Babusi ba lefatše ba khobokana bakeng sa Armagedone, e leng ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle.’ Ba loana le Jesu ea palameng pere e tšoeu, ea eteletseng pele mabotho a leholimong. Babusi bohle ba lefatše lena baa timetsoa. Satane oa tlangoa, ’me Jesu le ba 144 000 ba busa lefatše ka “lilemo tse sekete.” Qetellong ea lilemo tse sekete, Satane oa timetsoa.—Tšenolo 16:14; 20:4.
Puso ea Lilemo Tse Sekete ea Kreste le babusi-’moho le eena e tla tsoela batho ba mamelang molemo ofe? Johanne o re: “[Jehova] o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.” (Tšenolo 21:4) Lefatše le fetoha paradeise!
Ena ke tsela eo buka ea Tšenolo e phethang molaetsa oa Bibele ka eona. ’Muso oa Mesia o etsa hore lebitso la Jehova le halaletsoe ’me bobusi ba hae bo tlosoe qoso ka ho feletseng le ka ho sa feleng!
—E thehiloe ho Tšenolo.
◼ Banna ba palameng lipere ba tšoantšetsa’ng?
◼ Ho etsahala lintho life tse hlollang ha morero oa Molimo o ntse o phethahala?
◼ Armagedone ke’ng, ’me ho tla etsahala’ng ha e fetile?
[Lebokose le leqepheng la 30]
“BABYLONA E MOHOLO”
Bukeng ea Tšenolo, malumeli ’ohle a bohata—e leng malumeli a hanyetsang Molimo oa ’nete—kaofela ha ’ona a bitsoa “seotsoa se seholo.” Se bitsoa “Babylona e Moholo,” ’me sea ithekisa, kapa se feba le marena a lipolotiki a lefatše. Tšenolo e re ka nako eo Jehova Molimo a e behileng, marena ana a tla fetohela seotsoa ’me a se timetse.—Tšenolo 17:1-5, 16, 17.
[Chate e leqepheng la 30]
Genese
Exoda
Levitike
Numere
Deuteronoma
Joshua
Baahloli
Ruthe
1 Samuele
2 Samuele
1 Marena
2 Marena
1 Likronike
2 Likronike
Esdrase
Nehemia
Esthere
Jobo
Lipesaleme
Liproverbia
Moeklesia
Sefela sa Lifela
Matheu
Mareka
Luka
Johanne
Liketso
Baroma
1 Bakorinthe
2 Bakorinthe
Bagalata
Baefese
Bafilipi
Bakolose
1 Bathesalonika
2 Bathesalonika
1 Timothea
2 Timothea
Tite
Filemone
Baheberu
Jakobo
1 Petrose
2 Petrose
1 Johanne
2 Johanne
3 Johanne
Juda
● Tšenolo