Molaetsa oa Bibele
KA BOKHUTŠOANYANE
1 Jehova o bōpa Adama le Eva ba e-na le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng. Satane o senya Molimo lebitso ebile o belaella tokelo ea Hae ea ho busa. Adama le Eva ba tšehetsa Satane ’me ba fetohela Molimo, e leng se etsang hore bona le bana ba bona e be baetsalibe ’me ba shoe
2 Jehova o ahlola batho bana ba mo fetohetseng ’me o tšepisa hore ho tla ba le Molopolli, kapa Peō e tla timetsa Satane, e tlose liphello tse bileng teng ha batho ba fetohela Molimo ’me ba etsa sebe
3 Jehova o tšepisa Abrahama le Davida hore lelokong la bona ho tla tsoa Peō kapa Mesia ea tla busa e le Morena ka ho sa feleng
4 Jehova o susumetsa baprofeta hore ba bolele esale pele hore Mesia o tla felisa sebe le lefu. O tla busa le ba bang e le Morena oa ’Muso oa Molimo. ’Muso oo o tla felisa lintoa, ho kula esita le lefu
5 Jehova o romela Mora oa hae lefatšeng ’me o bontša hore Jesu ke Mesia. Jesu o ruta ka ’Muso oa Molimo ’me o fana ka bophelo ba hae hore e be sehlabelo. Ka mor’a moo, Jehova o mo tsosa hore e be motho oa moea
6 Jehova o beha Mora oa hae teroneng e le Morena leholimong, e leng se bontšang ho qaleha ha matsatsi a ho qetela a tsamaiso ena ea lintho. Jesu o etella pele balateli ba hae ba lefatšeng ha ba ruta ka ’Muso oa Molimo lefatšeng lohle
7 Jehova o laela Mora oa hae hore a tlise ’Muso lefatšeng. ’Muso o felisa mebuso eohle e khopo, o etsa hore lefatše e be Paradeise le hore batho ba tšepahalang e be ba phethahetseng. Ho tlosoa qoso tokelong ea Jehova ea ho busa, ’me lebitso la hae le halaletsoa ka ho sa feleng