Na U Batla ho Tseba ho Eketsehileng?
Bukana ena e hlalosa molaetsa oa Bibele ka bokhutšoanyane le ka tsela e thahasellisang. Leha ho le joalo, morero oa eona hase ho qaqisa seo Bibele e se rutang tabeng e ’ngoe le e ’ngoe.
Ka mohlala, mohlomong u labalabela ho utloa hore na Bibele e araba lipotso tse kang tsena joang: Na kannete Molimo oa ntsotella? Ho etsahala’ng ka rōna ha re e-shoa? Nka etsa joang hore ke thabele bophelo?
Likarabo tsa lipotso tsena le tse ling tse thahasellisang li ka fumanoa bukeng e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? Sepheo sa ho ngola buka ena ke hore u ithute taba e le ’ngoe ka nako ka Bibeleng. Ho ithuta ka mokhoa ona ho tla u thusa hore u tsebe litemana tse fapa-fapaneng tse buang ka taba e le ’ngoe. U ka kōpa buka ena ka ho tlatsa setlankane sena ’me u se romele atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng ka tlaase.
□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa hore le ntlisetse buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.