Leqephe la 32
Na lintho tse phelang li bōpiloe, kapa u bile teng feela tjee ka tšohanyetso? Potso ena ke e ’ngoe ea tseo ho phehisanoang khang haholo ka tsona. Leha ho le joalo, karabo ea eona ke ea bohlokoa haholo. Bukana ena e araba lipotso tse kang tsena:
◼ Na lefatše leo re phelang ho lona le ne le etselitsoe hore le be le lintho tse phelang?
◼ Re ka ithuta’ng bohlaleng bo bonahatsoang ke lintho tsa tlhaho?
◼ Na thuto ea ho iphetola ha lintho e thehiloe linthong tseo e hlileng e leng ’nete?
◼ Na saense e hanana le tlaleho ea Bibele ea pōpo?
◼ Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore na u lumela eng?
[Setšoantšo se leqepheng la 32]