Phatlalatso
Bibele ke eona buka e abiloeng ka ho fetisisa lefatšeng ka bophara ’me e ratoa ke batho ba bangata haholo. Bukana e maqephe a 32 e nang le litšoantšo tse ntle e bitsoang Bibele—E na le Molaetsa Ofe? e ka u thusa hore u tsebe seo Bibele e se rutang. Likarolo tsa eona tse peli tse qalang li hlalosa hore na ’Mōpi o ile a beha batho paradeiseng joang le hore na ba ile ba lelekoa joang. Likarolo tse latelang li tšohla pale ea batho bao ka bona Molimo a ileng a fana ka ’Musi ea tla busa ’Musong oa hae, o tla etsa hore lefatše e boele e be Paradeise.
Likarolo tse latelang tseo li tšohla bophelo ba ’Musi ea khethiloeng ke Molimo e leng Jesu Kreste, hammoho le mehlolo eo a ileng a e etsa, lefu la hae le tsoho ea hae.
U ka fumana likarabo tsa lipotso tse latelang:
◼ Ke hobane’ng ha re hlaheloa ke lintho tse bohloko?
◼ Re ka etsa joang hore bophelo ba malapa a rōna e be bo thabileng?
◼ Ho etsahala’ng ka rōna ha re e-shoa?
Buka e nang le maqephe a 224 ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e araba lipotso tseo hammoho le tse ling tse ngata.
U ka kōpa bukana kapa buka ena ka ho ngolla atereseng e nepahetseng ho tse thathamisitsoeng ka tlaase mona.