KAROLO 4
Litholoana Tsa ho Mamela Satane e Ile ea E-ba Life?
Adama le Eva ha ba aa ka ba mamela Molimo, kahoo ba ile ba shoa. Genese 3:6, 23
Eva o ile a mamela noha eaba o ja tholoana. Ka mor’a moo, o ile a fa le Adama, ’me le eena o ile a e ja.
Seo ba ileng ba se etsa se ne se fosahetse—e ne e le sebe. Molimo o ile a ba leleka lehaeng la bona la Paradeise.
Bophelo bo ile ba ba thatafalla ba ba ba thatafalla le bana ba bona. Ba ile ba tsofala ’me ba shoa. Ha baa ka ba ea lefatšeng la moea, empa ba ile ba khaotsa ho phela.
Bafu ha ba phele, ba tšoana le lerōle le sa pheleng. Genese 3:19
Re shoa hobane kaofela ha rōna re tsoa ho Adama le Eva. Bafu ha ba bone, ha ba utloe ebile ha ba khone ho etsa letho.—Moeklesia 9:5, 10.
Jehova o ne a sa batle hore batho ba shoe. Haufinyane o tla tsosa bafu. Haeba ba mo mamela ba tla phela ka ho sa feleng.