KAROLO 3
Bophelo bo ne bo le Joang Paradeiseng?
Jehova o ile a fa Adama le Eva lintho tse ngata tse molemo. Genese 1:28
Jehova o ile a bōpa mosali oa pele e leng Eva, eaba o mo fa Adama hore e be mosali oa hae.—Genese 2:21, 22.
Jehova o ile a ba bōpa ba e-na le likelello le ’mele e phethahetseng, e se nang sekoli.
Ba ne ba lula serapeng sa Edene—e leng sebaka se neng se le setle haholo, se e-na le linōka, lifate tsa litholoana le liphoofolo.
Jehova o ne a bua le bona; o ne a ba ruta. Haeba ba ne ba ile ba mo mamela, ba ka be ba ile ba phela ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng.
Molimo o ile a re litholoana tsa sefate se le seng li se ke tsa jeoa. Genese 2:16, 17
Le leng la mangeloi le ile la fetohela Molimo. Lengeloi leo le khopo ke Satane Diabolose.
Jehova o ile a bontša Adama le Eva sefate se le seng sa litholoana se neng se le serapeng, eaba o ba bolella hore haeba ba ne ba ka ja litholoana tsa sona ba ne ba tla shoa.
Satane o ne a sa batle hore Adama le Eva ba mamele Jehova. Kahoo, o ile a sebelisa noha hore e bolelle Eva hore haeba a ne a ka ja tholoana ea sefate seo, o ne a ke ke a shoa empa o ne a tla tšoana le Molimo. ’Nete ke hore seo e ne e le leshano.—Genese 3:1-5.