KAROLO 7
Jesu e ne e le Mang?
Jehova o ile a romela Jesu lefatšeng. 1 Johanne 4:9
Haeba re batla ho khahlisa Jehova, re lokela ho mamela motho e mong oa bohlokoa. Nako e telele pele a bōpa Adama, Jehova o ile a bōpa motho ea matla oa moea leholimong.
Ka mor’a nako e itseng, Jehova o ile a etsa hore a hlahele Bethlehema, a belehoe ke moroetsana ea bitsoang Maria. Lesea leo le ile la rehoa Jesu.—Johanne 6:38.
Ha Jesu a ne a phela lefatšeng, o ile a bonahatsa litšobotsi tsa Molimo ka tsela e phethahetseng. O ne a le mosa, a rata batho ’me batho ba ne ba sa tšabe ho tla ho eena. O ile a ruta batho ’nete ka Jehova a sa tšabe letho.
Jesu o ne a etsa lintho tse molemo empa o ne a hloiloe. 1 Petrose 2:21-24
Baeta-pele ba bolumeli ba ne ba hloile Jesu kaha o ne a pepesa lithuto tsa bona tsa bohata le litsela tsa bona tse khopo.
Jesu o ile a boela a folisa batho ba kulang a ba a tsosa le ba bang ba neng ba shoele.
Baeta-pele ba bolumeli ba ile ba susumelletsa Baroma hore ba otle Jesu ba be ba mo bolaee.