Khaolong ea 13
Nka Etsa’ng Hore ke Khaotse ho Hlonama Hakaale?
“Ha metsoalle ea ka e imetsoe ke mathata, ke e thusa ho a rarolla le ho etsa hore e ikutloe e hlasimolohile. Empa ka mor’a moo, ke ea hae, ke kene ka kamoreng ebe kea lla—e leng seo ba bangata ba sa se hlokomeleng.”—Kellie.
“Ha ke hloname ke itšehla thajana. Ha ke memeloa ho ea sebakeng se itseng, ke beha lebaka la hore ke se ke ka ea. Ke khona ho patela ba lelapa leso hore ke hloname. Ba nahana hore lintho li ntsamaela hantle.”—Rick.
NA U kile ua ikutloa joaloka Kellie kapa Rick? Haeba ho joalo, u se ke ua potlakela ho etsa qeto ea hore ho na le se phoso ka uena. Taba ke hore motho e mong le e mong oa hlonama ka linako tse ling. Esita le banna le basali ba tšepahalang ba mehleng ea Bibele ba ne ba ikutloa ka tsela eo.—1 Samuele 1:6-8; Pesaleme ea 35:14.
Ka linako tse ling, u ka ’na ua tseba hore na ke hobane’ng ha u hloname; empa ka linako tse ling u ka ’na ua se ke ua tseba. Anna ea lilemo li 19 o re: “Hase hore u lokela ho etsahalloa ke ntho e tšosang e le hore u hloname. Ho ka itlela ka nako leha e le efe le ha u se na mathata. Hoa makatsa empa hoa etsahala!”
Ho sa tsotellehe hore na sesosa ke’ng—esita le haeba ho bonahala eka ha se eo—u ka etsa’ng ha u sithabetsoa ke ho hlonama? Leka ho etsa lintho tse latelang:
1. Bua ka taba ena. Ha Jobo a ne a le mahlomoleng, o ile a re: “Ke tla bua ka moea o utloileng bohloko!”—Jobo 10:1.
Kellie o re: “Ke ikutloa ke imolohile haholo ha ke qeta ho bua le motho e mong. Qetellong ho na le motho ea tsebang hore na ke ikutloa joang. A ka nkakhella thapo ’me a ’ntša ka mokoting—a mpholosa!”
Tlhahiso: Ka tlaase mona, ngola lebitso la motsoalle eo u ka mo phetlelang sefuba ha u sithabelitsoe ke ho hlonama.
․․․․․
2. Ngola ka taba ena. Ha ho hlonama ho ama tsela eo u talimang lintho ka eona bophelong, u ka ’na ua ngola maikutlo a hao. Lipesalemeng tsa hae tse bululetsoeng, ka linako tse ling Davida o ne a bontša hore o hloname haholo. (Pesaleme ea 6:6) Ho ngola maikutlo a hao ho ka u thusa ho “sireletsa bohlale bo sebetsang le matla a ho nahana.”—Liproverbia 3:21.
Heather o re: “Ho ngola ho nthusa hore ke hlophise lintho tse ngata tse ka kelellong ea ka tse bakoang ke ho hlonama. Ha u hlalosa maikutlo a hao le ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha u ikutloa ka tsela eo, ho hlonama ho tla kokobela.”
Tlhahiso: Sebelisa chate e leqepheng la 93 ho u thusa hore u fumane litsela tse molemo tseo ka tsona u ka sebetsanang le maemo a thata. Sena se tla u thusa hore u imolohe.
3. Rapella taba ena. Bibele e re ha u rapella lintho tse u tšoenyang, ‘khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela pelo ea hao le matla a hao a kelello.’—Bafilipi 4:6, 7.
Esther o re: “Ke ile ka leka ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ke hloname, empa ka hlōleha. Ke ile ka kōpa Jehova hore a nthuse ke thabe. Ke ne ke khathetse ke ho hlonama empa ho se na lebaka. Qetellong ke ile ka khaotsa ho hlonama. Le ka mohla, u se ke ua halala matla a thapelo!”
Tlhahiso: Nka mantsoe a ho Pesaleme ea 139:23, 24 e le mohlala oa thapelo eo u ka e etsang ho Jehova. Mo tšollele pelo ea hao, ’me u mo kōpe hore a u thuse ho fumana lebaka le etsang hore u hloname.
Ho phaella litlhahisong tse boletsoeng ka holimo, u na le boitsebiso ba bohlokoa bo Lentsoeng la Molimo, e leng Bibele. Ha u tlatsa kelello ea hao ka lintho tse hahang tse fumanoang litlalehong tsa Bibele, seo se ka ba le tšusumetso e ntle maikutlong a hao. (Pesaleme ea 1:1-3) U ka fumana litlhahiso tsa kamoo u ka ruang molemo kateng ’malong oa Bibele ka ho hlahloba maqephe a nang le sehlooho se reng “Mohlala o Motle oa” bukeng ena le bukeng ea bobeli. Leqepheng la 227 la Buka ea 2, u tla ithuta kamoo moapostola Pauluse a ileng a atleha ho sebetsana le maikutlo a fosahetseng ao a neng a e-ba le ’ona ka linako tse ling ka lebaka la ho se phethahale.
Haeba U sa Khaotse ho Hlonama
Ryan o re: “Ka matsatsi a mang hoseng, ke utloa ke sa batle ho tsoha e le hore ke tobane le letsatsi le leng le se nang morero.” Ryan o na le bothata ba ho tepella maikutlo, ’me hase eena feela. Liphuputso li bontša hore mocha a le mong ho ba bane o ba le bothata bo itseng ba ho tepella maikutlo pele e e-ba motho e moholo.
U ka tseba joang haeba u e-na le bothata ba ho tepella maikutlo? Matšoao a mang a akarelletsa phetoho e khōlō maikutlong le boitšoarong, ho itšehla thajana, ho felloa ke thahasello hoo e batlang e le linthong tsohle, ho ja le ho robala ka tsela e sa tloaelehang, ho ikutloa u hlile u se na thuso kapa ho ikutloa u le molato ntle ho lebaka.
Ke ’nete hore hoo e batlang e le batho bohle ba ba le letšoao kapa matšoao ana neng-neng bophelong. Empa haeba ho feta libeke tse ’maloa matšoao ana a sa khaotse, ke hobane’ng ha u sa kōpe batsoali ba hao hore ba u ise ngakeng? Ngaka e ka ’na ea u bolella hore u na le bothata bo itseng ’meleng bo u bakelang ho hlonama.a
Haeba u e-na le bothata ba ho tepella maikutlo, ha ho hlokahale hore u hlajoe ke lihlong. Batho ba bangata ba nang le bothata boo ba qalile ho hlasimoloha ha ba sebelisa meriana—mohlomong ba ikutloa ba phetse hantle ka tsela eo e leng khale ba qetetse ho ikutloa ka eona! Ka hona, ebang ho hlonama ha hao ho bakoa ke ho tepella maikutlo kapa che, hopola mantsoe a tšelisang a Pesaleme ea 34:18 a reng: “Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng; o pholosa ba sithabetseng moeeng.”
U ka etsa’ng haeba ho hlonama ho u sithabetsa hoo u bileng u nahanang ho ipolaea?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bacha ba bang ba nahana ho ipolaea ha ba sa khaotse ho hlonama. Haeba le uena u kile ua nahana ka tsela eo, bua hang-hang le motho e moholo eo u mo tšepang.—Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba Khaolo ea 14, bukeng ena.
LENGOLO LA SEHLOOHO
“Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng; o pholosa ba sithabetseng moeeng.”—Pesaleme ea 34:18.
KELETSO
Hlalosa hore na u ikutloa joang ha u hloname le hore na u nahana hore ke’ng e etsang hore u hloname. Ka mor’a khoeli, bala seo u se ngotseng. Na tsela eo u ikutloang ka eona ka seo u se ngotseng e fetohile? Haeba e fetohile, ngola se u thusitseng.
NA U NE U TSEBA . . . ?
Ho loketse hore u lle, esita le haeba u moshemane. Ka nako e ’ngoe bophelong ba hae, Morena Davida o ile a re: “Ke kolobisa liphate tsa ka ka meokho, ke tšèla mosamo oa ka ka likhapha.”—Pesaleme ea 6:6, Bibele—Phetolelo e Ncha.
SEO KE RERANG HO SE ETSA!
E le hore ke ikutloe ke hlasimolohile, ke tla etsa lintho tse latelang: ․․․․․
Ho qeta nako ke e-na le metsoalle e latelang ho tla nthusa ho kokobetsa ho hlonama: ․․․․․
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․
U NAHANA’NG KA SEE?
● Na ho lla hoa thusa?
● Ho qeta nako u e-na le batho ba bang ho ka u thusa joang hore u khaotse ho hlonama?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 96]
“Ha ke hloname, ho hlokahala hore ke qobe ho itšehla thajana. Ke ’nete hore ho ka ’na ha hlokahala hore ke be boinotšing e le hore ke inahane hantle ’me mohlomong ke be ke lle. Empa ka mor’a moo, kea tseba hore ke lokela ho ba le batho ba bang e le hore ke tlose mohopolo nthong leha e le efe e neng e etsa hore ke hloname.”—Christine
[Chate/Litšoantšo tse leqepheng la 93]
Lintlha Tseo U li Ngotseng
Hore u Kokobetse ho Hlonama Tlatsa chate ena
Ketsahalo Tsela e Fosahetseng Tsela e Molemo
Tichere e etsa hore ke → Ha ke sa sebetsa ka thata → Ntlha e thusang: Sheba Khaolo ea 20
ikutloe ke se na thuso thata tlelaseng eo bukeng ena
Motsoalle oa ka oa → Ke mo bua hampe ho ba → Ntlha e thusang: Sheba Khaolo ea 10 Bukeng ea 2
ntlhokomoloha bang
Batsoali ba ka baa → Ke jara motsoali e mong ka → Ntlha e thusang: Sheba Khaolo ea 4
hlalana pelo kapa bobeli ba bona bukeng ena
․․․․․ → ․․․․․ → ․․․․․
․․․․․ → ․․․․․ → ․․․․․
[Setšoantšo se leqepheng la 95]
U ka khona ho tsoa ka mokoting o tebileng oa ho hlonama, ka thuso ea ba bang le boiteko boo u bo etsang