Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yc thuto 11 maq. 24-25
  • Ba Ile ba Ngola ka Jesu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Ile ba Ngola ka Jesu
  • Ruta Bana ba Hao
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Batho ba Ileng ba Ngola ka Jesu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • O Ithutile ho Tšoarela ho Mong’a Hae
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • Keletso e Mabapi le Tumelo, Boitšoaro le Lerato
    Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
  • O Ithutile ho Tšoarela ho Mong’a Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Ruta Bana ba Hao
yc thuto 11 maq. 24-25
Banna ba ileng ba ngola ka Jesu—Matheu, Mareka, Luka, Johanne, Petrose, Jakobo, Juda, le Pauluse

Thuto ea 11

Ba Ile ba Ngola ka Jesu

Na u bona banna bao ba setšoantšong?— Ke Matheu, Mareka, Luka, Johanne, Petrose, Jakobo, Juda le Pauluse. Kaofela banna bana ba phetse ka nako e le ’ngoe le Jesu ’me ba ile ba ngola libuka tse buang ka Jesu. A re ke re ithute ka bona.

Ke eng eo u e tsebang ka banna baa?

Ba bararo ba bona e ne e le baapostola ba neng ba ruta le Jesu. Na ua tseba hore na baapostola bao ba bararo ke bo-mang?— Ke Matheu, Johanne le Petrose. Matheu le Johanne ba ne ba tloaetse Jesu haholo ’me e mong le e mong o ile a ngola buka e buang ka Jesu. Moapostola Johanne o ile a ngola le buka e bitsoang Tšenolo le mangolo a mang a mararo a bitsoang Johanne oa Pele, Johanne oa Bobeli le la Johanne oa Boraro. Moapostola Petrose o ile a ngola mangolo a mabeli a hlahang ka Bibeleng. Mangolo ao a bitsoa Petrose oa Pele le Petrose oa Bobeli. Lengolong la hae la bobeli, Petrose o ile a ngola ka nako eo Jehova a neng a bua a le leholimong ’me a re ka Jesu: ‘Enoa ke mora oa ka. Kea mo rata ’me oa nthabisa.’

Banna ba bang ba setšoantšong moo le bona ba ngotse libuka tse re rutang ka Jesu. E mong oa bona ke Mareka. E ka ’na eaba o ne a le teng ha Jesu a ne a tšoaroa ’me o ile a bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ileng ea etsahala. E mong ke Luka. E ne e le ngaka ’me e ka ’na eaba e ile ea e-ba Mokreste ka mor’a lefu la Jesu.

Banna ba bang hape ba ileng ba ngola Bibele bao u ba bonang setšoantšong e ne e le bana babo Jesu. Na u tseba mabitso a bona?— Mabitso a bona ke Jakobo le Juda. Pele ba ne ba sa lumele ho Jesu. Ba ne ba bile ba nahana hore Jesu oa hlanya. Empa ha nako e ntse e e-ea ba ile ba lumela ho Jesu ’me ea e-ba Bakreste.

Oa ho qetela eo u mo bonang setšoantšong ke Pauluse. Pele a fetoha Mokreste lebitso la hae e ne e le Saule. O ne a hloile Bakreste ’me o ne a ba hlorisa haholo. Na ua tseba hore ke eng e ileng ea etsa hore Pauluse a fetohe Mokreste?— Ka letsatsi le leng Pauluse o ne a tsamaea eaba ka tšohanyetso o utloa motho a bua le eena leholimong. E ne e le Jesu! O ile a botsa Pauluse: ‘Ke hobane’ng ha u hlorisa batho ba lumelang ho ’na.’ Ka mor’a moo, Pauluse o ile a fetoha Mokreste. Pauluse o ile a ngola libuka tse 14 tsa Bibele, ho tloha ka ea Baroma ho ea ho ea Baheberu.

Re bala Bibele letsatsi le letsatsi, na ha ho joalo?— Ha re bala Bibele, re ithuta lintho tse ngata ka Jesu. Na u ka rata ho ithuta lintho tse ling ka Jesu?—

BIBELENG EA HAO BALA

  • 2 Petrose 1:16-18

  • Mareka 3:21; 14:51

  • Juda 1

  • Liketso 9:1-18

LIPOTSO:

  • Ke baapostola bafe ba Jesu ba ileng ba ngola ka eena?

  • Ke banna bafe ba babeli ba ngotseng Bibele bao e neng e le bana babo Jesu?

  • Pauluse o ile a fetoha Mokreste joang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela