Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yc thuto 12 maq. 26-27
  • Mochana oa Pauluse o ne a le Sebete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mochana oa Pauluse o ne a le Sebete
  • Ruta Bana ba Hao
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mochana oa Pauluse o Pholosa Malome oa Hae Litleneng Tsa Lefu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • “’Mamele ke le Hlalosetse”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • E-ba Sebete, Jehova o Tla U Thusa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Phatlalatsa ’Muso oa Jehova ka Sebete!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Ruta Bana ba Hao
yc thuto 12 maq. 26-27
Mochana oa Pauluse o bua le molaoli oa masole

Thuto ea 12

Mochana oa Pauluse o ne a le Sebete

A re ke re ithute ka mohlankana ea ileng a pholosa bophelo ba malome oa hae. Malome oa hae e ne e le moapostola Pauluse. Ha re tsebe lebitso la mohlankana eo empa rea tseba hore o ile a etsa ntho e ileng ea bontša hore o sebete. Na u ka rata ho utloa hore na o ile a etsa eng?—

Pauluse o ne a le teronkong Jerusalema. O ne a tšoeroe hobane o ne a bolella batho ka Jesu. Ho ne ho e-na le banna ba khopo ba neng ba hloile Pauluse ’me ba ile ba buisana hore na ba tla mo bolaea joang. Ba ile ba re: ‘A re kōpeng molaoli oa masole hore a laele masole a hae hore a tlise Pauluse khotla. Re tla ipata tseleng ’me ha Pauluse a feta moo, re tla mo bolaea!’

Moapostola Pauluse, eo e leng motšoaruoa, o utloa litaba ho mochana oa hae

Mochana oa Pauluse o ile a bolella Pauluse le molaoli oa masole ka seo banna ba khopo ba neng ba batla ho se etsa

Mochana oa Pauluse o ile a utloa ka taba eo. O ne a tla etsa eng? O ile a ea teronkong ’me a bolella Pauluse. Hang-hang Pauluse o ile a mo bolella hore a bolelle molaoli oa masole ka taba eo. Na u nahana hore ho ne ho le bonolo hore mochana oa Pauluse a bue le molaoli oa masole?— Che, hobane molaoli oa masole e ne e le motho ea hlomphehang. Empa mochana oa Pauluse o ne a le sebete ’me o ile a bua le eena.

Molaoli o ne a tseba seo a lokelang ho se etsa. O ile a batla masole a ka bang 500 e le hore a sireletse Pauluse! O ile a bolella masole ao hore a ise Pauluse Cesarea bosiung boo. Na banna bao ba ile ba bolaea Pauluse?— Che, ha baa ka ba khona ho mo hlasela.

U ithuta eng paleng ee?— Le uena u ka tšoana le mochana oa Pauluse ka hore u be sebete. Re lokela hore re be sebete ha re bua le batho ba bang ka Jehova. Na u tla tšaba ha u bua le batho ka Jehova?— Haeba u ke ke ua tšaba, u ka ’na ua pholosa bophelo ba motho e mong.

BIBELENG EA HAO BALA

  • Liketso 23:12-24

  • Matheu 24:14; 28:18-20

  • 1 Timothea 4:16

LIPOTSO:

  • Banna ba bang ba khopo ba ne ba batla ho etsa Pauluse eng?

  • Mochana oa Pauluse o ile a etsa eng? Ke hobane’ng ha seo se ne se bontša hore o sebete?

  • Ke joang u ka bontšang sebete joaloka mochana oa Pauluse?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela