Ka ho le letšehali: Morekisi oa libuka o etsa mosebetsi oa boboleli Korea ka 1931
Ka ho le letona: Ho etsa mosebetsi oa boboleli ka puo ea matsoho Korea kajeno
KAROLO EA BOBELI
Ho Bolela ka ’Muso—Ho Phatlalatsa Litaba Tse Molemo Lefatšeng Lohle
U ITOKISETSA ho ea tšimong ka letsatsi leo u sa eeng mosebetsing ka lona. Ua qeaqea ka motsotsoana hobane u ikutloa u khathetse. Ekare u ka phomola hanyenyane hoseng hona! Empa u rapella taba ena ’me u etsa qeto ea ho tsamaea. U sebetsa le morali’abo rōna ea holileng ’me u angoa ke mamello le mosa oa hae. Ha u ntse u e-ea ka ntlo le ntlo, u bua ka molaetsa oa ’nete, ua hlokomela hore bara le baralib’abo rōna lefatšeng ka bophara ba bolella batho molaetsa o tšoanang, ba sebelisa libuka tse tšoanang, kaofela le koetlisoa ka tsela e tšoanang. Ha u fihla lapeng, u ikutloa u le mafolofolo. U ikutloa u thabile hore ebe ha ua lofa tšimo!
Hona joale, tšebeletso ea Bokreste ke mosebetsi o ka sehloohong o amanang le ’Muso oa Molimo. Jesu o ile a bolela esale pele hore mosebetsi oa boboleli o ne o tla etsoa lefatšeng lohle matsatsing a ho qetela. (Mat. 24:14) Boprofeta boo bo ile ba phethahala joang? Karolong ena, re tla hlahloba batho, mekhoa, le lintho tsa bohlokoa tse ’nileng tsa sebelisoa tšebeletsong ea Bokreste, tse thusang batho ba limilione lefatšeng lohle ho hlokomela hore ’Muso oa Molimo ke oa sebele.