Ho Bolela ka Ntlo le Ntlo—Ke Hobane’ng ha ho le Bohlokoa Hona Joale?
“Letsatsi le leng le le leng ka tempeleng le ka ntlo le ntlo ba tsoela pele ba sa khaotse ho ruta le ho bolela litaba tse molemo mabapi le Kreste, Jesu.”—LIK. 5:42.
1, 2. (a) Lipaki Tsa Jehova li tsejoa ka mokhoa ofe oa ho bolela? (b) Re tla tšohla eng sehloohong see?
HOO e ka bang sechabeng se seng le se seng lefatšeng, ho tloaelehile ho bona batho ba babeli ba apereng ka makhethe, ba e-ea lelapeng le itseng ’me ba leka ho bolella mong’a ntlo molaetsa o mokhutšoanyane oa Bibele o buang ka ’Muso oa Molimo. Haeba mong’a ntlo a bontša hore o thahasella molaetsa oo, ba ka ’na ba mo bontša sengoliloeng se thehiloeng Bibeleng ba ba ba etsa tlhahiso ea ho mo khannela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng. Ka mor’a moo ba fetela ntlong e latelang. Haeba u etsa mosebetsi ona, mohlomong ua hlokomela hore batho ba atisa ho elelloa hore u e mong oa Lipaki Tsa Jehova le pele u qala ho bua. Ka sebele, Lipaki Tsa Jehova li tsejoa ka ho bolela ka ntlo le ntlo.
2 Re sebelisa mekhoa e sa tšoaneng ho phethahatsa thōmo eo Jesu a re fileng eona ea ho bolela le ho etsa barutuoa. (Mat. 28:19, 20) Re paka limmarakeng, likoung tsa literata le libakeng tse ling tsa sechaba. (Lik. 17:17) Re bua le batho ba bangata ka thelefono le ka mangolo. Bao re kopanang le bona mesebetsing ea rōna ea letsatsi le letsatsi, re ba bolella linnete tsa Bibele. Re bile re na le Web site ea rōna ea molao e fanang ka boitsebiso bo thehiloeng Bibeleng ka lipuo tse fetang 300.a Mekhoa ena kaofela e hlahisa litholoana tse molemo. Leha ho le joalo, libakeng tse ngata, tsela e khōlō eo re jalang litaba tse molemo ka eona ke ka ho bolela ka ntlo le ntlo. Mokhoa oo oa ho bolela o thehiloe hokae? Ho tlile joang hore batho ba Molimo ba o sebelise ka tsela e pharaletseng hakaale mehleng ea kajeno? Hona ke hobane’ng ha e le oa bohlokoa hona joale?
Mokhoa o Neng o Sebelisoa ke Baapostola
3. Jesu o ile a fa baapostola litaelo life tsa ho bolela litaba tse molemo, ’me see se bontša’ng mabapi le kamoo ba neng ba lokela ho bolela kateng?
3 Mokhoa oa ho bolela ka ntlo le ntlo o thehiloe Mangolong. Ha Jesu a ne a roma baapostola hore ba e’o bolela, o ile a ba fa taelo ena: “Ha le kena motseng kapa motsaneng ofe kapa ofe, le batle hore na ke mang ho oona ea tšoanelehang.” Ba ne ba lokela ho batla ba tšoanelehang joang? Jesu o ile a ba bolella hore ba ee malapeng a batho, a re: “Ha le kena ka tlung, le lumelise ba ntlo eo; ’me haeba ntlo eo e tšoaneleha, khotso ea lōna eo le e lakaletsang eona e ke e be ho eona.” Na ba ne ba lokela ho ea ba sa mengoa? Hlokomela mantsoe a tsoelang pele a Jesu: “Kae kapa kae moo mang kapa mang a sa le amoheleng kapa a sa mameleng mantsoe a lōna, ha le tsoa ntlong eo kapa motseng oo le hlohlore lerōle maotong a lōna.” (Mat. 10:11-14) Litaelo tsena li hlakisa hore ha baapostola ba ntse “ba pholletsa le sebaka seo ho tloha motsaneng o mong ho ea ho o mong, ba bolela litaba tse molemo,” ba ne ba lokela ho ithaopela ho etela batho malapeng a bona.—Luka 9:6.
4. Ke hokae moo ho bolela ka ntlo le ntlo ho boleloang ka ho toba ka Bibeleng?
4 Bibele e bolela ka ho toba hore baapostola ba ne ba bolela ka ntlo le ntlo. Ka mohlala, Liketso 5:42 e re ka bona: “Letsatsi le leng le le leng ka tempeleng le ka ntlo le ntlo ba tsoela pele ba sa khaotse ho ruta le ho bolela litaba tse molemo mabapi le Kreste, Jesu.” Hoo e ka bang lilemo tse 20 hamorao, moapostola Pauluse o ile a hopotsa baholo ba phutheho ea Efese: “Ke ne ke sa tlohele ho le bolella leha e le efe ea lintho tse neng li le molemo kapa ho le ruta phatlalatsa le ka ntlo le ntlo.” Na Pauluse o ile a etela baholo bao pele e e-ba balumeli? Ho hlakile hore ho joalo, hobane har’a tse ling, o ile a ba ruta “mabapi le pako ho Molimo le tumelo ho Morena oa rōna Jesu.” (Lik. 20:20, 21) Word Pictures in the New Testament ea Robertson ha e hlalosa Liketso 20:20 e re: “Ke habohlokoa hore ebe ’moleli enoa e moholo ka ho fetisisa o ne a bolela ka ntlo le ntlo.”
Lebotho la Kajeno la Tsie
5. Mosebetsi oa ho bolela o tšoantšitsoe le eng boprofeteng ba Joele?
5 Mosebetsi oa ho paka o ileng oa etsoa lekholong la pele la lilemo e ne e le selelekela sa mosebetsi o moholo o neng o tla etsoa mehleng ea rōna. Moprofeta Joele o ile a tšoantša mosebetsi oa boboleli oa Bakreste ba tlotsitsoeng le seoa sa likokoanyana, tse akarelletsang tsie. (Joele 1:4) Tsie eo e tla joaloka lebotho la ntoa, e hlōla litšitiso, e kena ka matlung, ’me e ja ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tseleng ea eona. (Bala Joele 2:2, 7-9.) Ke tšoantšetso e hlakileng hakaakang e bontšang kamoo mehleng ee batho ba Molimo ba etsang mosebetsi oa ho paka ka mamello le ka botlalo kateng! Mokhoa oa bohlokoa ka ho fetisisa oo Bakreste ba tlotsitsoeng le metsoalle ea bona ea “linku tse ling” ba phethahatsang tšoantšetso ena ea boprofeta ka oona ke ka ho bolela ka ntlo le ntlo. (Joh. 10:16) Ho ile ha tla joang hore rōna, Lipaki Tsa Jehova, re latele mokhoa oo oa ho bolela o neng o sebelisoa ke baapostola?
6. Ka 1922, ho ile ha fanoa ka khothatso efe ea ho paka ka ntlo le ntlo, empa ba bang ba ile ba etsa’ng?
6 Ho tloha ka 1919, ho ile ha buelloa haholo taba ea hore Mokreste e mong le e mong o na le boikarabelo ba ho kopanela mosebetsing oa ho paka. Ka mohlala, sehlooho se neng se re “Service Essential [Tšebeletso e Bohlokoa]” Molula-Qhooeng oa Senyesemane oa August 15, 1922, se ile sa hopotsa Bakreste ba tlotsitsoeng bohlokoa ba hore ba be “mafolofolo ho isetsa batho molaetsa o hatisitsoeng le ho bua le bona ka matlung a bona, ba ba pakela hore ’muso oa leholimo o haufi.” Ho ile ha ngoloa linehelano tse qaqileng koranteng ea Bulletin (eo hona joale e leng Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso). Leha ho le joalo, palo ea ba neng ba hlile ba bolela ka ntlo le ntlo e ne e le nyenyane qalong. Ba bang ba ile ba khaotsa ho bolela. Ba ile ba tsosa likhanyetso tsa mefuta-futa, empa bothata bo ka sehloohong e ne e le hore ba bang ba ne ba nahana hore ho bolela ka ntlo le ntlo ho ba theola seriti. Ha ho ntse ho buelloa haholo taba ea tšebeletso ea tšimo, ba bangata ba neng ba e-na le bothata ba ile ba ikhula butle-butle mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova.
7. Ka bo-1950, ke eng eo ho ileng ha hlaka hore ea hlokahala?
7 Lilemo tse mashome hamorao, ba bangata ba ile ba kopanela mosebetsing oa ho bolela. Leha ho le joalo, ho ile ha hlaka hore ho ne ho hlokahala hore motho ka mong a koetlisetsoe ho bolela ka ntlo le ntlo. Mohlala oa sena ke boemo bo ileng ba hlaha United States. Mathoasong a bo-1950, Lipaki tse etsang karolo ea 28 lekholong naheng eo, li ne li etsa mosebetsi oa boboleli feela ka ho aba limemo kapa ka ho ema literateng li nkile limakasine. Tse fetang karolo ea 40 lekholong, li ne li sa etse mosebetsi oa boboleli kamehla, ho ne ho feta likhoeli li sa pake ho hang. Ebe ho ne ho ka etsoa’ng ho thusa Bakreste bohle ba inehetseng hore ba bolele ka ntlo le ntlo?
8, 9. Ke lenaneo lefe la koetliso le ileng la thakholoa ka 1953, ’me litholoana tsa lona ke life?
8 Kopanong ea machaba e neng e tšoaretsoe New York City ka 1953, ho ile ha buuoa ka ho khetheha ka taba ea ho bolela ka ntlo le ntlo. Mor’abo rōna Nathan H. Knorr o ile a bolela hore mosebetsi o ka sehloohong oa balebeli bohle ba Bakreste e lokela ho ba ho thusa Paki e ’ngoe le e ’ngoe hore e be ’moleli oa kamehla oa ntlo le ntlo. O ile a re: “E mong le e mong o lokela ho khona ho bolela litaba tse molemo ka ntlo le ntlo.” Ho ile ha thakholoa lenaneo la lefatše lohle la koetliso e le hore ho finyelloe pakane ena. Ba neng ba e-s’o bolele ka ntlo le ntlo ba ile ba koetlisetsoa hore ba ee ho batho malapeng a bona, ba behelane mabaka le bona ka Bibele ba be ba arabe lipotso tsa bona.
9 Litholoana tsa lenaneo lena la koetliso li ile tsa e-ba ntle haholo. Ka lilemo tse leshome feela, palo ea bahoeletsi lefatšeng ka bophara e ile ea eketseha ka karolo ea 100 lekholong, palo ea maeto a ho boela ka 126 lekholong le palo ea lithuto tsa Bibele ka 150 lekholong. Kajeno, bahoeletsi ba ’Muso ba bolelang litaba tse molemo lefatšeng lohle ba ka ba limilione tse supileng. Keketseho ena e hlollang ke bopaki bo bong ba hore Jehova o hlohonolofatsa boiteko ba batho ba hae ba ho bolela ka ntlo le ntlo.—Esa. 60:22.
Ho Tšoaea Batho e le Hore ba Tle ba Pholohe
10, 11. (a) Ezekiele o ile a bontšoa pono efe, joalokaha ho tlalehiloe ho Ezekiele khaolo ea 9? (b) Pono eo e phethahatsoa joang mehleng ea rōna?
10 Bohlokoa ba ho bolela ka ntlo le ntlo bo ka bonoa ponong e ileng ea bontšoa moprofeta Ezekiele. Ponong eo, Ezekiele o bona banna ba tšeletseng ba nkileng libetsa hammoho le monna oa bosupa ea apereng line ea nang le lenaka la mongoli thekeng. Monna enoa oa bosupa o bolelloa hore a ‘pholletse har’a motse’ ’me ‘a tšoaee liphatla tsa batho ba feheloang le ba bobolang ka lebaka la lintho tsohle tse manyala tse ntseng li etsoa har’a oona.’ Ka mor’a mosebetsi oo oa ho tšoaea, banna ba tšeletseng ba nkileng libetsa tse bolaeang ba laeloa hore ba bolaee bohle ba se nang letšoao.—Bala Ezekiele 9:1-6.
11 Re utloisisa hore phethahatsong ea boprofeta bona, monna “ea apereng line” o tšoantšetsa masala a Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea. Ka mosebetsi oa ho bolela le ho etsa barutuoa, sehlopha sa batlotsuoa se beha letšoao la tšoantšetso ho ba fetohang “linku tse ling” tsa Kreste. (Joh. 10:16) Letšoao lee ke eng? Ke bopaki, boo e kang bo pepesitsoe liphatleng tsa tsona, ba hore linku tseo ke barutuoa ba inehetseng le ba kolobelitsoeng ba Jesu Kreste le hore ba apere botho bo bocha bo tšoanang le ba Kreste. (Baef. 4:20-24) Batho bana ba kang linku e ba mohlape o le mong le Bakreste ba tlotsitsoeng ’me ba ba thusa mosebetsing oa bona oa bohlokoa oa ho tšoaea ba bang hape.—Tšen. 22:17.
12. Pono ea Ezekiele e mabapi le ho tšoaea liphatla e totobatsa bohlokoa ba mosebetsi oa rōna o sa khaotseng oa ho batla batho ba kang linku joang?
12 Pono ea Ezekiele e totobatsa lebaka le leng la hore na ke hobane’ng ha mosebetsi oa rōna o sa khaotseng oa ho batla batho “ba feheloang le ba bobolang” o potlakile hakana. Bophelo ba batho bo itšetlehile ka oona. Haufinyane, makhotla a Jehova a leholimo a timetsang, a tšoantšetsoang ke banna ba tšeletseng ba nkileng libetsa, a tla timetsa ba se nang letšoao la tšoantšetso. Mabapi le kahlolo eo e tlang, moapostola Pauluse o ile a ngola hore Morena Jesu, a e-na le “mangeloi a hae a matla,” o tla tlisa “phetetso holim’a ba sa tsebeng Molimo le ba sa mameleng litaba tse molemo tse mabapi le Morena oa rōna Jesu.” (2 Bathes. 1:7, 8) Hlokomela hore batho ba tla ahloloa ho ea ka hore na ba etsa’ng ha ba bolelloa litaba tse molemo. Kahoo, ho phatlalatsoa ha molaetsa oa Molimo ho lokela ho tsoela pele ka sekhahla ho fihlela qetellong. (Tšen. 14:6, 7) Sena se jarisa bahlanka bohle ba inehetseng ba Jehova boikarabelo bo boima.—Bala Ezekiele 3:17-19.
13. (a) Moapostola Pauluse o ile a ikutloa a e-na le boikarabelo bofe, hona hobane’ng? (b) U ikutloa u e-na le boikarabelo bofe ka batho ba tšimong ea lōna?
13 Moapostola Pauluse o ile a ikutloa hore o na le boikarabelo ba ho bolella ba bang litaba tse molemo. O ile a ngola a re: “Ke na le molato ho Bagerike le ho Babarebare, ho ba bohlale le ho ba se nang kelello: kahoo ke na le tabatabelo ea ho bolela litaba tse molemo le ho lōna moo Roma.” (Bar. 1:14, 15) A ananela mohau oo a ileng a o bontšoa, Pauluse o ile a ikutloa a tlamehile ho leka ho thusa ba bang hore ba rue molemo moseng o sa tšoanelang oa Molimo joalokaha le eena a ne a ruile molemo ho oona. (1 Tim. 1:12-16) Ho ne ho le joalokaha eka o na le molato ho motho e mong le e mong eo a neng a kopana le eena, e leng molato oo a neng a ka o lefa feela ka hore a bolelle motho eo litaba tse molemo. Na u ikutloa u e-na le molato o joalo ho batho ba tšimong ea lōna?—Bala Liketso 20:26, 27.
14. Lebaka la rōna le ka sehloohong la ho bolela phatlalatsa le ka ntlo le ntlo ke lefe?
14 Le hoja ho pholosa bophelo ba motho e le habohlokoa, ho na le lebaka la bohlokoa ka ho fetisisa la hore re bolele ka ntlo le ntlo. Boprofeteng bo tlalehiloeng ho Malakia 1:11, Jehova o re: “Ho tloha bochaba-tsatsi esita le ho isa bophirima-tsatsi lebitso la ka le tla ba leholo har’a lichaba, ’me . . . lebitso la ka le tla etsetsoa nyehelo, esita le mpho e hloekileng; hobane lebitso la ka le tla ba leholo har’a lichaba.” Phethahatsong ea boprofeta bona, bahlanka ba inehetseng ba Jehova ba rorisa lebitso la hae phatlalatsa lefatšeng lohle ha ba ntse ba tsoela pele ka boikokobetso mosebetsing oa bona oa ho bolela. (Pes. 109:30; Mat. 24:14) Ho etsetsa Jehova “sehlabelo sa thoriso” ke lebaka la rōna le ka sehloohong la ho bolela phatlalatsa le ka ntlo le ntlo.—Baheb. 13:15.
Ho Tla Liketsahalo Tsa Bohlokoahali
15. (a) Baiseraele ba ile ba matlafatsa seo ba neng ba se etsa joang nakong eo ba neng ba pota lerako la Jeriko letsatsing la bosupa? (b) See se bontša’ng ka mosebetsi oa ho bolela?
15 Ke liphetoho life tseo e leng hona li tla ba teng mosebetsing oa ho bolela? Ho thibelloa ha Jeriko, ho tlalehiloeng bukeng ea Joshua, ho fana ka mohlala. Hopola hore nakoana pele Molimo a timetsa Jeriko, Baiseraele ba ile ba laeloa hore ba pote motse hang ka letsatsi ka matsatsi a tšeletseng. Empa ka letsatsi la bosupa, ba ne ba lokela ho matlafatsa haholo seo ba neng ba se etsa. Jehova o ile a re ho Joshua: “Le lokela ho pota motse ka makhetlo a supileng ’me baprista ba lokela ho letsa manaka. Etlare ha ba letsa lenaka la pheleu, . . . sechaba sohle se lokela ho etsa mohoo o moholo oa ntoa; ’me lerako la motse le tla oa putla!” (Josh. 6:2-5) Ho ka etsahala hore ebe mosebetsi oa rōna oa ho bolela o tla eketseha ka tsela e tšoanang. Ha ho pelaelo hore nakong eo ho timetsoang tsamaiso ea hona joale ea lintho, re tla be re bone ha lebitso la Molimo le ’Muso oa hae li pakeloa ka matla ka ho fetisisa historing ea lefatše lena.
16, 17. (a) Ke sefe se tla finyelloa pele ‘matšoenyeho a maholo’ a fela? (b) Re tla tšohla eng sehloohong se latelang?
16 Ho ka ’na ha tla nako eo ka eona molaetsa oo re o bolelang o tla ba joaloka “mohoo o moholo oa ntoa.” Bukeng ea Tšenolo, melaetsa e matla ea kahlolo e tšoantšoa le “sefako se seholo seo lejoe le leng le le leng la sona le ka bang boima ba talenta.”b ’Me Tšenolo 16:21 e re: “Kotlo ea sona e ne e le khōlō ka ho sa tloaelehang.” Ha re e-s’o tsebe hore na ho bolela ka ntlo le ntlo ho tla phetha karolo efe ho phatlalatsoeng ha melaetsa eo ea ho qetela ea kahlolo. Empa re ka kholiseha hore pele ‘matšoenyeho a maholo’ a fela, lebitso la Jehova le tla be le tsebahalitsoe ho feta leha e le neng pele historing ea batho.—Tšen. 7:14; Ezek. 38:23.
17 Ha re ntse re letetse liketsahalo tsa bohlokoa tseo e leng hona li tla etsahala, e se eka re ka tsoela pele ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ka mafolofolo. Ha re ntse re etsa mosebetsi oo, ke mathata afe ao re tobanang le ’ona ha re bolela ka ntlo le ntlo, hona mathata ao re ka a hlōla joang? Lipotso tsena li tla tšohloa sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Aterese ea Web site ke www.watchtower.org.
b Haeba mona ho buuoa ka talenta ea Segerike, lejoe le leng le le leng la sefako le ne le tla be le le boima ba lik’hilograma tse 20.
U ka Araba Joang?
• Mosebetsi oa ho bolela ka ntlo le ntlo o na le motheo ofe ka Mangolong?
• Mosebetsi oa ho bolela ka ntlo le ntlo o ile oa buelloa haholo joang mehleng ea kajeno?
• Ke hobane’ng ha bahlanka ba inehetseng ba Jehova ba e-na le boikarabelo ba ho bolela litaba tse molemo?
• Ke liketsahalo life tsa bohlokoa tseo e leng hona li tla etsahala?
[Litšoantšo tse leqepheng la 4]
Na joaloka moapostola Pauluse u ikutloa u e-na le boikarabelo ba ho bolella ba bang litaba tse molemo?
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Mor’abo rōna Knorr ka 1953