Ho Paka ka Ntlo le Ntlo
1. Ho hlaha potso efe mabapi le tšebeletso ea ntlo le ntlo, hona hobane’ng?
1 “Batho ba nang le phihlelo ea ho hasa ’Nete ka litsela tse sa tšoaneng ba tla lumela hore hona joale letšolo la ho sebetsa ka ntlo le ntlo ka MILLENNIAL DAWN, ke tsela e atlehang ka ho fetisisa ea ho bolela ’Nete.” Polelo eo ea makasine ea Zion’s Watch Tower ea July 1, 1893, e ile ea totobatsa hore tšebeletso ea ntlo le ntlo ke ea bohlokoa. Batho lefatšeng lohle ba nka mosebetsi ona e le letšoao la Lipaki Tsa Jehova. Na tsela ee e sa ntse e atleha, joalokaha linaheng tse ling ho ntse ho e-ba thata le ho feta ho fumana batho malapeng a bona?
2. Ho paka ka ntlo le ntlo ho thehiloe Mangolong afe?
2 Ho Thehiloe Mangolong Ebile Hoa Atleha: Ho paka ka ntlo le ntlo ho thehiloe Mangolong. Jesu o ile a laela barutuoa ba 70 ho ea matlong a batho ka bobeli ka bobeli. (Luka 10:5-7) Nakoana ka mor’a lefu la Jesu, Bibele e re ka barutuoa ba hae: “Letsatsi le leng le le leng ka tempeleng le ka ntlo le ntlo ba tsoela pele ba sa khaotse ho ruta le ho bolela litaba tse molemo.” (Lik. 5:42) Moapostola Pauluse le eena o ile a ruta ka ntlo le ntlo ka cheseho.—Lik. 20:20.
3. Ho paka ka ntlo le ntlo ho na le melemo efe e meng?
3 Ho paka ka ntlo le ntlo e sa ntse e le tsela e atlehang ea ho hasa litaba tse molemo kajeno. Ho re nolofalletsa hore re ‘batle’ batho ba tšoanelehang ka mokhoa o hlophisehileng. (Mat. 10:11) Hangata u fumana batho ba iketlile ha ba le malapeng a bona. Ho bua le bona re talimane mahlong—ho utloa mantsoe a bona, ho bona lifahlehong tsa bona hore na ba ikutloa joang le ho bona tikoloho eo ba phelang ho eona—ho re thusa ho lemoha lintho tseo ba li thahasellang le tseo ba amehileng ka tsona. Hangata ho re fa monyetla o motlehali oa ho bua le bona haleletsana.
4. Re ka etsa joang e le hore ho paka ka ntlo le ntlo ho behe litholoana?
4 Etsa Liphetoho: Moapostola Pauluse o ne a ikemiselitse ho etsa liphetoho “ka lebaka la litaba tse molemo.” (1 Bakor. 9:23) Mohlomong re ka fetola kemiso ea rōna e le hore re bolele nakong eo ho ka etsahalang hore batho ba bangata ba malapeng, joaloka nakong ea mantsiboea, ea mafelo-beke kapa ea matsatsi a phomolo. Ngola tlaleho ea matlo a se nang batho, ’me u leke ho khutlela teng ka letsatsi le leng la beke kapa ka nako e ’ngoe ea letsatsi.
5. Batho ba kulang ba ka kenyelletsoa joang mosebetsing oa ho paka ka ntlo le ntlo?
5 Esita le ba kulang ba ka ’na ba khona ho bolela ka ntlo le ntlo. Mohlomong re ka lokisetsa ho ea le batho ba mofuta oo matlong ao ho leng bonolo ho kena ho ’ona, re ba fe monyetla oa ho sebetsa ka lebelo le ba loketseng. Morali e mong oabo rōna ea neng a e-na le letšoea o ne a khona feela ho kena ntlong e le ’ngoe ka mor’a metsotso e meng le e meng e mashome a mararo. Empa o ile a thaba le ho khotsofala hakaakang ka mor’a ho sebetsa le sehlopha!
6. Ke hobane’ng ha re lokela ho ea kamehla tšebeletsong ea ho paka ka ntlo le ntlo?
6 Ho ntse ho fumanoa batho ba bangata ba kang linku mosebetsing oa ho paka ka ntlo le ntlo. Mohoeletsi e mong o ile a kokota monyako eaba ho thoe ho eena: “Kena. Kea u tseba. Ke ne ke ntse ke rapela Molimo hore a romele motho ho tla nthusa, eaba ke utloa motho a kokota monyako. O ile a nkutloa eaba oa u romela.” Liphello tsa mosebetsi ona li paka hore Jehova o hlohonolofatsa tsela ena ea ho bolela. (Mat. 11:19) Ikemisetse ho ea kamehla tšebeletsong ea ho paka ka ntlo le ntlo.