Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 1/15 maq. 10-15
  • Rutang Phatlalatsa le ka Ntlo le Ntlo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Rutang Phatlalatsa le ka Ntlo le Ntlo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mokhoa oa Baapostola
  • Ha ho na ho ka ho Nkelang Sebaka
  • Baholo ba Lokela ho Etella Pele
  • E Mong le e Mong ke Paki
  • Bakreste ba ʼNete ke Baboleli ba ʼMuso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ho Paka ka Ntlo le Ntlo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Ho Bolela ka Ntlo le Ntlo—Ke Hobane’ng ha ho le Bohlokoa Hona Joale?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Na U Ananela Tšebeletso ea Phatlalatsa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 1/15 maq. 10-15

Rutang Phatlalatsa le ka Ntlo le Ntlo

“Ha kea ka ka ikhula . . . hore nka le ruta phatlalatsa le ka ntlo le ntlo.”—LIKETSO 20:20, “Byington.”

1. Moprista e mong oa K’hatholike o buile joang ka katleho ea tšebeletso ea ntlo le ntlo e etsoang ke Lipaki tsa Jehova?

“MAK’HATHOLIKE a Tsamaisa Kosepele ho Tloha Monyakong o Mong ho ea ho o Mong.” Sehlooho se seng se neng se hlahile ho The Providence Sunday Journal ea October 4, 1987, se ne se baleha joalo. Koranta eo e ile ea tlaleha hore sepheo se seholo sa mosebetsi ona e ne e le ho “susumelletsa litho tse ling tsa ’ona tsa kereke tse neng li se li se mafolo-folo hore li khutlele bophelong bo mafolo-folo ba kereke.” Moprista John Allard, motsamaisi oa Ofisi ea Boboleli ba Evangeli Taolong ea Kereke e Tsamaisoang ke Molimo, o ile a qotsoa a re: “Ruri, ho tla ba le lipelaelo tse khōlō. Batho ba tla re, ‘Ke bao ba tsamaea, hantle feela joaloka Lipaki tsa Jehova.’ Empa Lipaki tsa Jehova lia atleha, na ha ho joalo? Ke tšepisa hore u ka ea Holong efe kapa efe ea ’Muso sebakeng [se Rhode Island, U.S.A.,] ’me u tla fumana liphutheho li tletse batho bao e kileng ea e-ba Mak’hatholike.”

2. Ho botsoa potso efe ka nepo?

2 E, Lipaki tsa Jehova li tsebahala haholo ka tšebeletso ea tsona ea ntlo le ntlo e atlehang. Empa ke hobane’ng ha li ea ka ntlo le ntlo?

Mokhoa oa Baapostola

3. (a) Jesu Kreste o ile a fa barutuoa ba hae thōmo efe? (b) Balateli ba Kreste ba pele ba ile ba phetha thōmo ea bona ka tsela efe e ka sehloohong?

3 Jesu Kreste o ile a fa balateli ba hae thōmo ena e nang le morero: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse lebitsong la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona. ’Me, bonang! ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela bofelong ba tsamaiso ea lintho.” (Mattheu 28:19, 20, NW) Tsela e ka sehloohong eo mosebetsi oo o neng o ka phethoa ka eona e ile ea totobala hang-hang ka mor’a letsatsi la Pentekonta 33 C.E. “Ba ile ba tsoela pele ba sa phetse ho ruta le ho bolela litaba tse molemo ka Kreste, Jesu, letsatsi le leng le le leng, ka tempeleng le ka ntlo le ntlo.” (Liketso 5:42, NW) Lilemo tse ka bang 20 hamorao, moapostola Pauluse o ne a kopanela tšebeletsong ea ntlo le ntlo, kaha o ile a hopotsa baholo ba Bakreste tjena a le motseng oa Efese: “Ha kea ka ka tsila-tsila ho le bolella eng kapa eng ea lintho tse neng li le molemo leha e le ho le ruta phatlalatsa le ka ntlo le ntlo.”—Liketso 20:20, NW.

4. Ke hobane’ng ha re ka bolela hore Liketso 5:42, (NW) le Liketso 20:20, (NW) li bolela hore boboleli ba balateli ba Jesu bo ne bo abjoa ka ntlo le ntlo?

4 Ho Liketso 5:42, (NW) mantsoe a reng “ka ntlo le ntlo” a fetoletsoe ho tloha ho kat’ oiʹkon. Mona ka·taʹ e sebelisitsoe ka kutloisiso ea “ho aba.” Ka hona, boboleli ba barutuoa bo ne bo abjoa ho tloha ntlong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe. Ha Randolph O. Yeager a hlalosa Liketso 20:20, o ngotse hore Pauluse o ne a ruta “lipokanong tsa phatlalatsa [de·mo·siʹa] le ka ntlo le ntlo (lentsoe le bolelang ho aba [ka·taʹ] hammoho le lentsoe le amanang ka ho toba le seo ho buuoang ka sona). Pauluse o ne a qetile lilemo tse tharo a le Efese. O ne a etela ntlo e ’ngoe le e ’ngoe, kapa bonyane o ne a pakela batho bohle (temana ea 26). Ke kamoo mangolo a tšehetsang ka teng ho boleloa ha evangeli ka ntlo le ntlo le ho etsoang libokeng tsa phatlalatsa.”

5. Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a sa bue feela ka maeto a botsoalle a baholo kapa maeto a bolisa ho Liketso 20:20 (NW)?

5 Tšebeliso e tšoanang ea ka·taʹ e hlaha ho Luka 8:1, (NW) e buang ka hore Jesu o ne a bolela “ho tloha motseng o mong ho ea ho o mong le ho tloha motsaneng o mong ho ea ho o mong.” Pauluse o ile a sebelisa sebōpeho se ka bongateng sa kat’ oiʹkous ho Liketso 20:20. (NW) Mona liphetolelo tse ling tsa Bibele li baleha tjena, “ka malapeng a lōna.” Empa moapostola o ne a sa bue feela ka maeto a botsoalle malapeng a baholo kapa maeto a bolisa malapeng a balumeli-’moho. Mantsoe a hae a latelang a bontša hore o ne a bua ka tšebeletso ea ntlo le ntlo har’a ba sa lumelang, hobane o itse: “Empa ke behile bopaki ka ho phethahetseng ho Bajode le ho Bagerike ka pako ho Molimo le tumelo ho Morena oa rōna Jesu.” (Liketso 20:21, NW) Balumeli-’moho ba ne ba se ba ntse ba bakile ba bile ba bontšitse tumelo ho Jesu. Ka hona, Liketso 5:42, (NW) le Liketso 20:20, (NW) li amana le ho bolella ba sa lumelang “ka ntlo le ntlo,” kapa ho tloha monyakong o mong ho ea ho o mong.

Ha ho na ho ka ho Nkelang Sebaka

6. Ho ’nile ha thoe’ng ka boleng ba mosebetsi oa Pauluse oa ho bolela Efese?

6 Ha Abiel Abbot Livermore a bua ka mantsoe a Pauluse ho Liketso 20:20, (NW) o ile a ngola tjena ka 1844: “O ne a sa khotsofalla feela ho fana ka lipuo lipokanong tsa phatlalatsa, le ho sebelisa mekhoa e meng, empa o ile a hahamalla ka cheseho mosebetsi oa hae o moholo ho batho ka bomong, ka ntlo le ntlo, ’me a hla a isa ’nete ea leholimo hae malapeng le lipelong tsa Baefese.” Haufinyane, ho ile ha hlokomeloa: “Ho hasa kosepele ka ntlo le ntlo ho ne ho khetholla Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ho tloha qalong (bapisa le Liketso 2:46, NW; 5:42, NW). . . . [Pauluse] o ne a phethile boikarabelo ba hae ka ho phethahetseng ho Bajode le ho Balichaba ha a le Efese, ’me ba ne ba se na lebaka la ho ikemela haeba ba ne ba ka timela ka baka la libe tsa bona.”—The Wesleyan Bible Commentary, Moqolo 4, maqephe 642-3.

7. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore Molimo o amohela tšebeletso ea ntlo le ntlo ea Lipaki tsa Jehova?

7 Le hoja ho bua phatlalatsa ho na le sebaka sa hona ha ho boleloa litaba tse molemo, ha ho nke sebaka sa ho buisana le motho ka boeena lapeng. Ntlheng ena, setsebi Joseph Addison Alexander se itse: “Kereke ha e-s’o qape letho le nkang sebaka kapa le ka hlōlisanang le tšusumetso ea kereke le ho bolela malapeng.” Ho joalokaha setsebi O. A. Hills se boletse: “Ho ruta phatlalatsa le ho ruta ka ntlo le ntlo ho tlameha ho tsamaea hammoho.” Lipaki tsa Jehova li fana ka thupelo ka lipuo Libokeng tsa tsona tsa beke le beke tsa Phatlalatsa. Li boetse li na le bopaki bo hlakileng ba hore mokhoa oa baapostola oa ho hasa ’nete ea Bibele ka ntlo le ntlo oa atleha. ’Me ka sebele Jehova o amohela sena, hobane ka baka la tšebeletso e joalo, o etsa hore ba likete-kete ba phallele borapeling ba hae bo phahameng selemo ka seng.—Esaia 2:1-4; 60:8, 22.

8. (a) Ho ’nile ha thoe’ng ka lebaka leo ho bolela ka ntlo le ntlo ho atlehang ka lona? (b) Lipaki tsa Jehova li ka bapisoa joang le Pauluse ka ho bolela malapeng le bopaking bo bong?

8 Taba e qotsitsoeng bukeng e ’ngoe e itse: “Batho ba fumana ho le bonolo haholoanyane ho hopola thuto ha ho buuoa le bona lapeng ho feta ha ho buuoa le bona kerekeng.” Pauluse o ne a etela batho malapeng ka mehla, a fana ka mohlala o motle joaloka mosebeletsi. Seithuti sa Bibele Edwin W. Rice se ngotse: “O ne a sa khotsofalla ho ruta le ho fana ka lipuo synagogeng le ’marakeng. Ka mehla o ne a ‘ruta’ ‘ka ntlo le ntlo’ ka khothalo. Ntoa eo a neng a e loana Efese, e neng e loana le bobe, le ho hapa batho hore ba tle ho Kreste, e ne e le ea ntlo le ntlo, ba tšoarane ka matsoho, lifahleho li talimane.” Lipaki tsa Jehova li hlokomela hore lipuisano tse fapanyetsanoang pakeng tsa batho malapeng lia atleha. Ho feta moo, li etsa maeto a ho boela ’me li thabela ho buisana le bahanyetsi haeba ba lumela hore ho be le lipuisano tse loketseng. Li tšoana le Pauluse hakaakang! F. N. Peloubet o ngotse tjena ka eena: “Mosebetsi oa Pauluse o ne o sa etsoe libokeng feela. Ntle ho pelaelo o ne a etela batho ba bangata ka boeena malapeng a bona hohle moo a neng a hlokomela hore ho na le e mong ea batlang boitsebiso, kapa a thahasella haholo kapa a hanyetsa haholo hoo a neng a ikemiselitse ho buisana le e mong ka bolumeli.”

Baholo ba Lokela ho Etella Pele

9. Pauluse o ile a behela baholo ba habo mohlala ofe?

9 Pauluse o ile a behela baholo ba habo mohlala ofe? O ile a bontša hore e lokela ho ba baboleli ba ka ntlo le ntlo ba litaba tse molemo ba sebete le ba sa khathaleng. J. Glentworth Butler o ile a ngola tjena ka 1879: “[Baholo ba Efese] ba ne ba tseba hore boboleling ba hae, [Pauluse] o ne a sa ameha ho hang ka kotsi e neng e ka mo hlahela kapa botumo; le hore o ne a sa pata letho la ’nete e hlokahalang, le hore o ne a sa lebisa tlhokomelo e khōlō litšobotsing tse khethehileng kapa tse khahlang tsa ’nete ka khethollo e eang ka tšobotsi, empa hore o ne a khothallelitse ho neng ho le molemo feela le hohle ho neng ho le molemo ‘bakeng sa ho sebelisetsoa ho ntlafatsa boitšoaro,’ kapa ho bo haha: keletso eohle ea Molimo ka tlhoeko le ka botlalo ba eona! ’Me ‘boitšoaro’ bona bo tšepahalang, ‘thuto’ ena ea ’nete e bontšang boikutlo bo tebileng e ne e le mokhoa oa hae, eseng feela sekolong sa Tyrannus le libakeng tse ling tsa pokano tsa barutuoa, empa lelapeng le leng le le leng leo a neng a ka fihla ho lona. Ka ntlo le ntlo, le ho tloha sephefumolohing se seng ho ea ho sephefumolohi se seng, letsatsi le letsatsi o ne a hasa litaba tse thabisang ka takatso le ka taba-tabelo tse kang tsa Kreste. Sehlooho sa hae se le seng lihlopheng tsohle le merabeng eohle, ho Mojode ea se nang botsoalle le ho Mogerike ea tletseng ho soma—se neng se akarelletsa linnete tse ling tsohle tse pholosang ha se hlalosoa ka botlalo—e ne e le pako ho Molimo, le tumelo ho Morena oa rōna Jesu Kreste.”

10, 11. (a) Pauluse o ne a lebelletse eng ho baholo ba Efese mabapi le tšebeletso ea Bokreste? (b) Lipaki tsa Jehova, ho akarelletsa le baholo, li kopanela boboleling ba mofuta ofe joaloka Pauluse?

10 Ka hona, ha e le hantle Pauluse o ne a lebelletse eng ho baholo ba Efese? Setsebi E. S. Young se ile sa hlapolla mantsoe a moapostola ka tsela ena: “Ha kea ka ka bua phatlalatsa feela, empa ke ile ka sebetsa ka ntlo le ntlo, lihlopheng tsohle, ho Bajode le ho Balichaba. Sehlooho sa tšebeletso ea ka lihlopheng tsohle e ne e le ‘pako ho Molimo le tumelo ho Morena oa rōna Jesu Kreste.’” Ha W. B. Riley a beha mantsoe a Pauluse ka tsela e ’ngoe o ngotse tjena: “Moelelo o hlakileng e ne e le hore: ‘Ke lebelletse hore le ntšetse pele seo ke se qalileng, ho se etsa le ho se ruta ’me ke lebelletse hore le hanele ntho joalokaha ke ile ka e hanela; ho ruta batho ka bomong le ho ruta phatlalatsa joalokaha ke ile ka etsa literateng le ka ntlo le ntlo, ho tiisa pako ho Molimo le tumelo ho Morena oa rōna Jesu Kreste ka ho tšoanang ho Bajode le ho Bagerike, hobane tsena ke lintho tsa motheo!’”

11 Ka ho hlakileng, ho Liketso khaolo ea 20, Pauluse o ne a bontša baholo ba habo hore ho ne ho lebelletsoe hore e be lipaki tsa Jehova tse eang ka ntlo le ntlo. Ntlheng ena, baholo ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba lokela ho etella pele, ba behele litho tse ling tsa phutheho mohlala o nepahetseng. (Bapisa le Ba-Heberu 13:17, NW.) Ka hona, joaloka Pauluse Lipaki tsa Jehova li bolela ka ntlo le ntlo, li bolella batho ba lichaba tsohle ka ’Muso oa Molimo, pako ho Oona, le tumelo ho Jesu Kreste. (Mareka 13:10; Luka 24:45-48) ’Me mosebetsing o joalo oa ho ea ka ntlo le ntlo, ho lebelletsoe hore baholo ba khethiloeng har’a Lipaki tsa kajeno ba etelle pele.—Liketso 20:28.

12. Baholo ba bang ba pele ba ile ba hana ho etsa’ng, empa baholo ba etella pele ho eng kajeno?

12 Ka 1879, Charles Taze Russell o ile a qala ho hatisa Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence, eo hona joale e bitsoang Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova. Russell le Liithuti tse ling tsa Bibele ba ne ba bolela molaetsa oa ’Muso ba latela mokhoa oa baapostola. Leha ho le joalo, lilemong tse latelang baholo ba bang ba phutheho ha baa ka ba phelela boikarabelo ba bona ba ho paka. Ka mohlala, Paki e ’ngoe e ngotse tjena: “Lintho li ne li ntse li tsamaea hantle ho fihlela ha ho etsoa tsebiso ea hore bohle ba nke karolo ho pakeng ka ntlo le ntlo ba sebelisa lingoliloeng ’me ka ho khetheha mosebetsing oa ntlo le ntlo ka Sontaha—ka 1927. Baholo ba rōna ba khethiloeng ba ile ba hanyetsa ’me ba leka ho nyahamisa sehlopha sohle hore se se ke sa nka karolo kapa ho kopanela karolong efe kapa efe ea mosebetsi o joalo.” Ka mor’a nako, banna ba neng ba sa kopanele boboleling ba ntlo le ntlo ha baa ka ba hlola ba e-ba le tokelo ea ho sebeletsa e le baholo. Le kajeno, ho lebelletsoe hore ba sebeletsang e le baholo le bahlanka ba sebeletsang ba etelle pele ho pakeng ka ntlo le ntlo le mefuteng e meng ea tšebeletso ea Bokreste.

E Mong le e Mong ke Paki

13. (a) Re lokela ho etsa’ng esita leha batho ba sa mamele molaetsa oa ’Muso? (b) Pauluse o ’nile a bapisoa joang le Ezekiele?

13 Ka thuso ea Jehova, Bakreste ba lokela ho bolela molaetsa oa ’Muso ka ntlo le ntlo, le haeba o sa amoheloe ka kananelo. Ezekiele e le seboholi sa Molimo, o ne a lokela ho lemosa batho ho sa tsotellehe hore na ba ne ba mamela kapa che. (Ezekiele 2:5-7; 3:11, 27; 33:1-6) Ha E. M. Blaiklock a bontša ho tšoana ho pakeng tsa Ezekiele le Pauluse, o ile a ngola: “[Puong ea Pauluse e ho Liketso khaolo ea 20] ho hlaha setšoantšo se hlakileng sa tšebeletso Efese. Hlokomela se latelang: Ntlha ea pele, botšepehi ba Pauluse bo phehellang. O ne a sa lelekise botumo kapa ho amoheleha sechabeng. Kaha o ne a fuoe mosebetsi oa ho ba seboholi joaloka Ezekiele, o ile a phetha tlamo ea hae ka cheseho le ka botšepehi bo sa thekeseleng ho tšehetsa puo ea hae. Ntlha ea bobeli, kutloelo-bohloko ea hae e lerato. E ne e se monna ea bolelang mantsoe a kahlolo ntle ho boikutlo. Ntlha ea boraro, ho bolela ha hae evangeli a sa khathale. O ne a ruta kosepele phatlalatsa le ka ntlo le ntlo, motseng le ho pholletsa le setereke sohle.”

14. Ke hobane’ng ha ho paka e le boikarabelo ba e mong le e mong ea etsang boinehelo ho Jehova Molimo ka thapelo ka Jesu Kreste?

14 Tlhohonolofatso ea Molimo e enneng holim’a bahlanka ba oona ba kajeno ha e siee pelaelo ea hore o khahlisoa ke hore ba jere lebitso la Lipaki tsa Jehova. (Esaia 43:10-12) Ho feta moo, e boetse ke lipaki tsa Kreste, hobane Jesu o ile a bolella balateli ba hae tjena: “Le tla amohela matla ha moea o halalelang o fihla holim’a lōna, ’me le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema le Judea eohle le Samaria le ho isa karolong e hōle ka ho fetisisa ea lefatše.” (Liketso 1:8, NW) Kahoo ho paka ke boikarabelo ba e mong le e mong ea etsang boinehelo ho Jehova Molimo ka thapelo ka Jesu Kreste.

15. Ho ’nile ha thoe’ng ka mosebetsi oa ho paka oa Bakreste ba pele?

15 Ho ’nile ha boleloa tjena ka ho paka: “Ho ne ho ama kereke eohle. Mosebetsi oa boromuoa oa kereke ea pele e ne e se boikarabelo ba Mokhatlo oa Basali oa Boromuoa kapa Boto ea Boromuoa Libakeng Lisele. Mosebetsi oa ho paka le oona o ne o sa tlohelloa ho litsebi tse kang baholo, badiakone, kapa esita le baapostola. . . . Mehleng eo ea pele kereke e ne e le mosebetsi oa boromuoa. Lenaneo la baromuoa la kereke ea pele le ne le theiloe likhopolong tse peli: (1) Mosebetsi o ka sehloohong oa kereke ke ho bolela evangeli lefatšeng. (2) Boikarabelo ba ho phetha mosebetsi ona ke ba batho bohle bao e leng Bakreste.”—J. Herbert Kane.

16. Esita le bangoli ba Bokreste-’mōtoana ba lumela eng mabapi le Bakreste le ho paka?

16 Le hoja bangoli ba kajeno ba Bokreste-’mōtoana ba sa lumellane le molaetsa oa ’Muso, ba bang ba hlile baa lumela hore Bakreste ba na le tlameho ea ho paka. Ka mohlala, bukeng ea Everyone a Minister, Oscar E. Feucht oa hlokomela: “Ha ho moruti ea ka phethahatsang tšebeletso eo Molimo o e fileng molumeli e mong le e mong. Ka bomalimabe makholo a lilemo a monahano o fosahetseng ka kerekeng a entse hore mesebetsi ea litho tsa kereke tse 500 e be mosebetsi oa moruti a le mong. Ho ne ho se joalo kerekeng ea pele. Ba neng ba lumela ba ne ba ea hohle ba bolela Lentsoe.”

17. Ho ka thoe’ng ka sebaka seo ho paka ho neng ho e-na le sona bophelong ba Bakreste ba pele?

17 Ho paka e ne e le ntho e ka sehloohong bophelong ba Bakreste ba pele, feela joalokaha ho le joalo har’a batho ba Jehova kajeno. Edward Caldwell Moore oa Univesithi ea Harvard o ngotse: “Ha re bua ka ho toba, makholo a mararo a lilemo a pele a mosebetsi oa Bokreste a ne a khetholloa ka mafolo-folo a maholo ho haseng tumelo. Cheseho ea Mokreste e ne e le ho bolela evangeli, ho bolela molaetsa oa topollo. . . . Leha ho le joalo, ho saballa ha tšusumetso le lithuto tsa Jesu nakong ea pele-pele ho ne ho tlisitsoe ke banna bao re lokelang ho ba bitsa baromuoa le hoja e ne e le ka karolo e nyenyane. Ho ne ho finyelletsoe ke banna ba etsang mosebetsi o mong le o mong oa matsoho le mesebetsi e meng le ba tsoang maemong ’ohle sechabeng. [Ba] ile ba isa sephiri seo sa bophelo bo ka hare meeling e hōle ka ho fetisisa ea ’muso oa [Roma], boikutlo boo bo bocha ka lefatše, boo ho ba le bona ho neng ho laola bophelo ba bona. . . . [Bokreste ba pele] bo ne bo kholisehile ka matla ka bofelo bo atamelang ba taolo ea lefatše e neng e le teng. Bo ne bo lumela ho tlisoeng ha kapele le ha mohlolo ha taolo ea lefatše e ncha.”

18. Tšepo e hlollang e fetang hōle litoro tsa baeta-pele ba lipolotiki ke efe?

18 Ha Lipaki tsa Jehova li paka ka ntlo le ntlo le mefuteng e meng ea tšebeletso ea tsona, ka thabo li lebisa ba li utloang lefatšeng le lecha leo Molimo o le tšepisitseng. Mahlohonolo a lona a boletsoeng esale pele a bophelo bo sa feleng a feta hōle litoro tse monate tsa batho ba kajeno ba neng ba tla hlahisa taolo ea lefatše le lecha. (2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:1-4) Le hoja ho ne ho ka bonahala eka e mong le e mong a ka rata ho phela lefatšeng le lecha le hlollang la Molimo, ha ho joalo. Leha ho le joalo, joale a re hlahlobeng litsela tse ling tse atlehang tseo bahlanka ba Jehova ba ka rutang ba batlang bophelo bo sa feleng ka tsona.

U ne U Tla Arabela Joang?

◻ Ke hobane’ng ha re ka bolela hore Liketso 5:42, (NW) le Liketso 20:20, (NW) li bolela hore balateli ba Jesu ba lokela ho bolela ka ntlo le ntlo?

◻ Re tseba joang hore Molimo o amohela tšebeletso ea ntlo le ntlo ea Lipaki tsa Jehova?

◻ Ho hlokahala eng ho baholo le ho bahlanka ba sebeletsang mabapi le tšebeletso?

◻ Ho paka ho lokela ho ba le sebaka sefe bophelong ba Mokreste?

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Ka 33 C.E., barutuoa ba Jesu ba ile ba paka ka ntlo le ntlo ba sa phetse

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Pauluse o ne a ruta “ka ntlo le ntlo.” Tšebeletso ea mofuta ona e ntšetsoa pele ke Lipaki tsa Jehova kajeno

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela