Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Na U Ananela Tšebeletso ea Phatlalatsa?
TŠEBELETSO ea ntlo le ntlo e tšehetsoa ke Mangolo ’me Lipaki tsa Jehova li tsejoa lefatšeng ka bophara ka tšobotsi ena ea tsona ea phatlalatsa. (Liketso 20:20, 31) Jesu o boleletse balateli ba hae: “Le tla fuoa matla mohla Moea o Halalelang o tlang ho lōna, ’me le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema, le naheng eohle ea Judea, le ea Samaria, le ho isa pheletsong ea lefatše.” (Liketso 1:8) Liketso 5:42 (TLP) e bontša hore Bakreste bao ba pele ba ne ba sa phetse ho ea “malapeng ka bonngoe.”
Haiti ho bile le khohlano e amang tšebeletso ea ntlo le ntlo ea Lipaki tsa Jehova. Sena se hlahisitsoe ke ha pula-maliboho e khethehileng e kopana le mosali ea matla oa Moprostanta. Moqoqong oa bona moena, o ile a bontša hore ke Lipaki tsa Jehova feela tse bolelang ka ntlo le ntlo joalokaha Bibele e bontša. Mosali eo a araba ka ho re litho tsa kereke ea habo li ne li ka ea ka ntlo le ntlo ’me li ’nile tsa etsa joalo ka nako tse ling. Feela joalokaha ho ka lebelloa, Moqebelo o latelang, Paki eo ea kopana le sehlopha se eang ka ntlo le ntlo se laoloa ke mosali enoa. Ho ne ho le teng ba ka bang lekholo sehlopheng seo. A le motlōtlō ka sena seo a se finyelletseng, mosali eo a bitsa moena eo ho tla ipontša ketsahalo ena ea bohlokoa.
Beke hamorao, mosali eena enoa a etella pele sehlopha se seng ’me a thabela ho bontša moena sena. Leha ho le joalo [moena] a bolela hore ho ne ho le teng feela hoo e ka bang halofo e neng e le teng beke pele ho moo. Ho ella Moqebelong oa bone sehlopha seo se ne se se se fokotsehetse ho ba 20 ’me Moqebelong oa bohlano mosali eo o ne a le mong. Ka boikokobetso a tla ho moena ’me a amohela: “Ke Lipaki tsa Jehova feela tse nang le ’nete, kaha ke tsona feela tse khonang ho tsoela pele mosebetsing oa bopaki beke e ’ngoe le e ’ngoe.”
Pula-maliboho eo e khethehileng ea re e ka thusa mosali eo ka thuto ea Bibele e tla ’montša lebaka leo Lipaki li ka tsoelang pele li bolela ka ntlo le ntlo le lebaka leo ba bang ba sitoang. Mosali eo a amohela. Eena le monna oa hae ba qala ho ithuta ’me ba hatela pele ka mokhoa o babatsehang. Hona joale ka bobeli ba kopanela le Lipaki tsa Jehova e le baboleli ba bolelang ’Muso ka mafolo-folo libakeng tsohle le ka ntlo le ntlo!
Tšebeletso ea ho ea ka ntlo le ntlo le mekhoa e meng ea phatlalatsa ke e hlollang le e lerato eo Jehova a e lokiselitseng ho batla bao ba pelo li tšepehang le ho ba thusa ho ithuta ka seo a se hlokang bakeng sa bophelo. Tumellanong le seo, Lipaki tsa Jehova ka thabo li kopanela ho sena le litšobotsing tse ling tsa tšebeletso ea tsona e halalelang ho Molimo. Boikutlo ba tsona bo tšoana le ba moapostola Pauluse, ea itseng: “Ke boka Morena oa rōna Jesu Kreste, ea ntiisitseng, kahobane o lekantse hoba ke tšepehile, ha a mpea mohlanka oa hae.”—1 Timothea 1:12.