Khotso e Tsoang ho Molimo Neng?
“Molimo oa khotso . . . o tla phakisa o robokele Satane ka tlas’a maoto a lōna.”—BA-ROMA 16:20.
1, 2. (a) Mohlalefi oa Mohindu o ile a re’ng ka ntoa le khotso? (b) Ke bafe ba lehlohonolo ba thabelang khotso e tsoang ho Molimo?
“HAEBA tlhōlisano ena ea bohlanya ea libetsa e tsoela pele, e tlameha ho fella ka polao eo ho seng e kileng ea tšoana le eona historing. Haeba ho tla ba le mohlōli ea salang, eona tlhōlo eo, e tla ba bophelo bo bosula bakeng sa sechaba se tsoang se hlōtse.” Boprofeta boo bo entsoeng ka 1938 ke Mohandas Gandhi bo hlile ba shebela hojana ho mehla ea hae.
2 Pele ho moo, ka 1931, Gandhi o ne a ile a re ho moemeli oa Manyesemane: “Mohla naha ea heso le ea heno li ka kopanngoang hammoho ke lithuto tse fanoeng ke Kreste Thutong ena ea Thabeng, re tla be re sa rarolla mathata a linaha tsa rōna feela, empa a lefatše lohle.” Joalokaha mohlalefi oa Mohindu a bontšitse, thuto ea Jesu e supa tsela e isang khotsong ea kamehla. Thutong eo Kreste o itse: “Ho lehlohonolo [“thabile,” NW] ba etsang khahiso; hobane ba tla reoa bana ba Molimo.” (Mattheu 5:9) Hona joale “bana” ba bangata ba thabela khotso e tsoang ho Molimo. Ka nako ea teng, bohle ba bonolo ba lefatše ba tla fumana ho ‘iketla khotsong e kholo.’ (Pesaleme ea 37:11) Empa na re ka kholiseha hore ho tla ba joalo?
3. Ke hobane’ng ha ho se khotso ea sebele lefatšeng kajeno?
3 Kajeno, letsoalo la hore lefatše le tla felisoa le aparetse batho. Phuputso ea haufi e itse: “Booatla ba ho qetela ke [R7,5-10 000 000 000 000 (liranta tse litriollione tse 7,5-10) tse sentsoeng ho tloha Ntoeng ea II ea Lefatše ho thea pokello ea lihlomo tsa nuclear tseo haeba li ka sebelisoa, ho tlang ho bolela ho ipolaea hoa lefatše. . . . Matla a ho qhoma a pokellong ea lefatše ea lihlomo tsa nuclear a lekane ho bolaea batho ba libillione tse fetang 58, kapa ho bolaea motho e mong le e mong ea phelang hona joale ka makhetlo a 12.”a Empa leha ho le joalo tlhōlisano ena ea bohlanya e ntse e phahama ho ea pele. Maikutlo a thekeselang ao mebuso e meholo e tsitsisang khotso-’mōtoana ea oona ka ho loketseng a bitsa MAD ka Senyesemane, kaha litlhaku tseo li emela Mutually Assured Destruction (Timetsano e Tiisitsoeng). Hona ka sebele hase khotso e tsoang ho Molimo.
4. (a) Ke ponahalo efe e makatsang eo lefatše le nang le eona kajeno? (b) Leha ho le joalo, ke tšepo efe e matla eo barapeli ba Jehova ba nang le eona?
4 Lintlheng tsohle, lefatše lena le fana ka ponahalo e soabisang. Ha ho mohla mokhatlo oa batho o kileng oa lokela ho mamella tšilafalo e fetang ena ea lipolotiki, pefo e fetang ena ea bonokoane, matšoenyeho a fetang ana a moruo, kapa ho hloka bomolimo ho fetang hona le pherekano ea bolumeli ho feta mehleng ena. Ha ho mohla e kileng ea e-ba ’nete ho feta hona joale ho batho hore “tse bōpiloeng tsohle li ntse li feheloa, li bile li tsietsing hammoho.” Leha ho le joalo, Molimo o tšepisa hore libopuoa tsa hae tse batho “li tla holloa bohlankeng ba tšenyeho, li tle li be tokollong ea khanya ea bana ba Molimo.” (Ba-Roma 8:21, 22) Barati bao ba khotso ba rapelang Molimo oa Bibele, Morena ’Musi Jehova, ba tiisetsoa hore ba tla kena tokolohong eo. E tla ba tokoloho e theiloeng ka tieo khotsong ea ’nete, khotso e sa feleng. (Ezekiele 37:26-28) Empa khotso eo e tla tla neng hona joang?
Pono ea Molimo ka ‘Mehla le Linako’
5. Ho phahama potso efe mabapi le 1 Ba-Thessalonika 5:1?
5 Moapostola Pauluse o ne a ile a tšelisa Bakreste ba Thessalonika ka ho ba hlalosetsa hore na tsoho e amana kae le “ho tla ha Morena” Jesu. Joale o re: “Ha e le tsa mehla le tsa linako, banab’eso, ha le tšoanele ho li ngolloa.”—1 Ba-Thessalonika 4:15; 5:1.
6. Re tseba joang hore ‘mehla le linako’ ke tsa bohlokoa ho Molimo?
6 Na mantsoe a moapostola a bontša hore ‘mehla le linako’ hase tsa bohlokoa ho Molimo? Le hanyenyane! (Moeklesia 3:1) Ebile “nako ha li phethehile,” bofelong ba libeke tse 69 tsa lilemo, moo ‘Molimo o romileng Mora oa oona.’ ’Me tšebeletso ea Jesu e bile ea lilemo tse tharo le halofo—ho tloha ka 29 C.E. ho ea ho 33 C.E.—joalokaha ho ne ho profetiloe. (Ba-Galata 4:4; Daniele 9:24-27) Ebile hantle bofelong ba “mehla ea lichaba” ka 1914 ha Jesu a beoa e le Morena “Jerusalema oa leholimo.” (Luka 21:24; Ba-Heberu 12:22; Ezekiele 21:27; Daniele 4:31, 32) ‘Mahlomola a maholo’ le oona a tla tla ka “letsatsi leo le hora” tse laetsoeng ke Jehova. “E ke ke ea lieha.”—Mattheu 24:21, 36; Habakuke 2:3, NW.
7. Ke hobane’ng ha ho ne ho sa hlokahale hore Pauluse a ngolle Bathessalonika ka ‘mehla le linako’?
7 Leha ho le joalo, ntlheng ena ho ne ho sa hlokahale hore Pauluse a ngole ka “mehla le linako.” Bakreste bao ba Bathessalonika ba ne ba se ba kholisehile hore e ne e le ‘nako’ ea bofelo ba tsamaiso ea Sejode ea lintho, e neng e tla felella lilemo tse ka bang 20 hamorao, ka 70 C.E. Cheseho ea bona le “thabo ea moea o halalelang” tsa khanya e le mohlala. (1 Ba-Thessalonika 1:4-7) Ka ho tšoanang, kajeno Lipaki tsa Jehova li hlokomela ka botlalo hore lintoa tsa lefatše le liketsahalo tse ling tse tepeletsang ho tloha ka 1914 ke “pontšo” ea boteng ba Jesu bo sa bonahaleng matleng a ’Muso le khanyeng ea ’Muso.—Mattheu 24:3-8; 25:31.
8. Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re falimehile, re le mafolo-folo?
8 Ho latelang, moapostola o tiisetsa Bakreste bahabo, a re: “Le tsoe le tseba hantle-ntle le lōna hoba letsatsi la Morena le tla hlaha joale ka lesholu la bosiu.” (1 Ba-Thesalonika 5:2) Le hoja re sa nepisise nako, letsatsi leo la ho phethahatsa kahlolo, le ntse le atamela nako le nako. Le tla chaba ka tšohanyetso, ka ho panya hoa leihlo, ka hora e khethiloeng ke Molimo. Ka baka leo, re tlameha ho falimeha le ho ba mafolo-folo.—Luka 21:34-36.
Mohoo o Phahameng oa Khotso
9. (a) Ho hlaha mohoo ofe, ’me ke hobane’ng ha Bakreste ba ’nete ba sa kopanele ho oona? (b) Ke bo-mang ba hooang, hona ba bapisoa joang le babusi ba mehleng ea Jeremia?
9 “Khotso le tšireletseho!” Mona Pauluse o re falimehisetsa polelo e tla utloahala tlhorong ea ‘boteng’ ba Kreste. (1 Ba-Thessalonika 5:3, NW) Na re tla tloha re utloa mohoo oo? Mohoo o joalo oa khotso ea lefatše le tšireletseho ea lefatše o tla qaleha kae? Ka ho totobetseng o ke ke oa tsoa ho balateli ba Kreste, hobane Jesu o boletse hore bona kapa ’Muso oa hae hase ‘karolo ea lefatše.’ (Johanne 15:19, NW; 17:14, 16; 18:36) Ka lebaka leo mohoo ona o tlameha ho tsoa ho ba lefatše ba hanyetsang ’Muso o tlang oa Molimo. Ke karolo ea lefatše le ‘rapaletseng ka tlase ho e mobe,’ Satane Diabolose. (1 Johanne 5:19) Joaloka baeta-pele ba lipolotiki le ba bolumeli ba mehleng ea Jeremia, bana ba tla bua “Tšenolo ea lipelo tsa bona,” ba re “Khotso e tla ba teng ho lōna,” ka phoso ba fihlela qeto ea hore khotso e joalo e tsoa ho Molimo. Polelo ea bona e tla ipaka e le ea bohata hakaakang!—Jeremia 23:16, 17, 19, 20.
10. Ke letoto lefe la liketsahalo le tsoetseng boemo ba hona joale ba lefatše?
10 Letoto la liketsahalo le khannela mohoong ona oa “khotso le tšireletseho!” Ke ka 1920 ha ho theoa Selekane sa Lichaba kamorao ho Ntoa e Khōlō, eo hona joale e tsejoang e le Ntoa ea I ea Lefatše. Morero oa Selekane sena e ne e le ho felisa ntoa ka ho sa feleng lefatšeng. Empa Ntoa ea II ea Lefatše ea hohlometsa Selekane seo ka sekoting. Ka la 24 Mphalane, 1945, sehlopha sena sa tsosoa, se itlhohlora marōle ka lebitso le lecha, Machaba a Kopaneng. (Bapisa Tšenolo 17:8.) Sepheo-pheo sa sona ke ho boloka “khotso le tšireletseho tsa lefatše.” Bathehi ba sona ba boletse boikemisetso ba “ho boloka meloko e tlang tlokotsing ea ntoa.” Na Machaba a Kopaneng a atlehile ho tiisetsa batho khotso le tšireletseho tse joalo?
11. Tlokotsi e talimaneng le lefatše e tebile hakae?
11 Ho sa tsotellehe hore na ba bang ba bathehi ba Machaba a Kopaneng ba ne ba tiile hakae, sehlopha seo, joaloka Selekane se tlileng pele ho sona, se hlōlehile ho phethahatsa morero oa sona oa motheo. Hona joale lefatše le lutse kotsing ea ho qhoma hoa lihlomo tsa nuclear. Kotsi ea Chernobyl, U.S.S.R., ka ’Mesa 1986, e felletseng ka ho lutla hoa litanka tsa moea o chefu holim’a boholo ba Europe, e bontša hore matla a nuclear leha a sebelisetsoa merero ea khotso, ke a tšabehang. Lichaba tse ling Pacific Boroa li leka ho boloka libaka tsa tsona li se na nuclear ho hang. Empa haeba ntoa e akaretsang ea nuclear e ka qhoma, ha ho moo ho tla ba le baphonyohi.
Na “Khotso le Tšireletseho” li ka ba Teng?
12. Machaba a Kopaneng a phatlalalitse eng bakeng sa 1986, hona e le ka karabelo efe har’a lichaba?
12 Machaba a Kopaneng a boletse 1986 e le Selemo sa Machaba sa Khotso a hlokometse hantle tlokotsi e ntseng e teba. Hona lichaba li ho amohetse ka pherekano. Boholo ba tsona li tšehelitse Selemo sena sa Khotso ea Machaba a Kopaneng ka tsela ena kapa eane, empa li supa ntoa ea nuclear e le tšokelo e sitisang khotso. Khabareng, lintoa tse nyenyane li ntse li loanoa ho pota lefatše, tse ka bang 150 ho tloha Ntoeng ea II ea Lefatše, ka palo e akaretsang ea ba shoeleng e fetang ba 30 000 000. Na ho ka boleloa hore ho na le sechaba leha e le sefe se seng se qalisitse ho sebetsa ka mantsoe a tummeng a ho Esaia 2:4 a ngotsoeng ka mokhoa o khanyang leboteng la lebala la Machaba a Kopaneng?
13. Baeta-pele ba bolumeli ba tsehelitse joang?
13 Malumeli a lefatše ha a emella morao ho tšehetseng Selemo sa Khotso sa Machaba a Kopaneng. Mopapa Johanne Pauluse II o ile a phatlalatsa la 1 Pherekhong e le Letsatsi la Lefatše la Khotso ’me a phehella babusi hore ba etelle pele hantle bakeng sa ho hloma motheo oa khotso ea bokahohle. o boetse a ipiletsa ho litumelo tsa lefatše hore li kopane bakeng sa thapelo Assisi, Italy, Selemong sa Machaba sa Khotso. Mobishopo e Moholo oa Canterbury, hlooho ea Kereke ea Chache, le lihlopha tsa Bobuddha tsa amohela memo ena ka mofuthu. Lekhotla la Lefatše la Likereke la phatlalatsa polelo e buang ka Selemo sa Khotso sa Machaba, le phehella hore ho qalisoe hang-hang ho lahla lihlomo tsa nuclear.
14. Morero oa khotso o ka atleha joang feela?
14 Leha ho le joalo, tabeng ena ea ho hloma “khotso le tšireletseho,” thato ea “Molimo oa khotso” ke efe? Na Lentsoe la Molimo la boprofeta le bontša hore batho ba sa phethahalang le lichaba ba ka tlisa khotso le tšireletseho lefatšeng lee? Le hanyenyane! ‘Ho sebetsa se ratoang’ morerong leha e le ofe ho tla itšetleha ka hore Jehova o sebetsa litaba tumellanong le ho loka hoa hae le thorisong ea hae.—Esaia 55:11; 61:11.
“Timetso ea Tšohanyetso” e Haufi
15. Ke polelo efe e sisinyang maikutlo eo joale Pauluse a e bolelang?
15 Moapostola Pauluse o re bolella se tla tloha se etsahala. O re: “Neng le neng ha ba re: ‘Khotso le tšireletseho!’ ke moo hang timetso ea tšohanyetso e tla ba oela holimo joalokaha bohloko ba tsieleho bo oela mosali oa moimana; ’me ho hang ba ke ke ba phonyoha.”—1 Ba-Thessalonika 5:3, NW.
16. Ke hobane’ng ha litsela tsa lichaba e se litsela tsa Molimo?
16 Ha u qala ho a bala, mantsoe ao a ka ’na a utloahala a sisimosa. Empa Bibele e hlakisa litaba. Litsela tsa lichaba kajeno hase litsela tsa Molimo. (Esaia 55:8, 9) Lebaka la oona la ho lumella puso e fapa-fapaneng ea motho hore e tsoele pele ke ho arabela tseko eo Noha e mano, Satane Diabolose, e e hlahisitseng lilemong tse fetileng tse ka bang 6 000. Ha Satane a phehella batsoali ba rona ba pele hore ba ikhethele ho lokoloha ho Molimo, o ile a etsa khang ea hore na e be batho ba hlile ba hloka puso ea Molimo kapa che.—Genese 3:4, 5.
17. Puso ea motho e entse tlaleho efe, ’me hoo ho paka eng?
17 Ka lilemo tse likete tse ileng tsa latela, Molimo o lumelletse batho hore ba leke puso ea motho ea mefuta-futa eo ba ka e nahanang. E-bang e ile ea tšoarella ka lilengoana tse seng kae kapa ka makholo a lilemo, mofuta o mong le o mong oa puso ea motho o hlōlehile habohlasoa ho tlisa khotso ea ’nete le tšireletseho. Ntoa, bonokoane, tšoso le lefu li ’nile tsa hlokofatsa batho tlas’a mofuta o mong le o mong oa puso ea motho. Historing eohle, ‘batho ba rena holim’a ba bang ho ba etsa hampe.’ (Moeklesia 8:9) Ha ho’a fapana kajeno. Joale mang le mang ea seli ka tseko ena a ka re, joaloka moprofeta oa Molimo: “Oho! Jehova, kea tseba hobane tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.”—Jeremia 10:23.
18. Ke hobane’ng ha ho hooa hoa lichaba “khotso le tšireletseho!” ho sa thuse letho?
18 Joale nako e se e atametse hore ho lokisoe tseko ka ho feletseng. Ke puso ea Molimo feela e ka tlisetsang batho khotso le tšireletseho tsa ’nete. Leha ho le joalo, hase puso ea Molimo eo lichaba li e tlotlang ha li hooa “Khotso le tšireletseho!” li batla ho ntšetsa puso pele ho latela likhopolo tsa tsona tsa boikhohomoso. Empa nako e felile! Lichaba lia utloa hore ho tlameha ho etsoe ho hong ho matla. Ho seng joalo, hohle ho tla lahleha koluoeng e ’ngoe e itseng ea nuclear. Ka hona li tla etsa seo Jeremia a se profetileng: “Ba oka leqeba la morali oa sechaba sa ka ka bobebe, ka ho re: Khotso! khotso! kanthe ha ho khotso.” Empa ho ke ke ha thusa letho!—Jeremia 6:14; 8:11, 15.
Bofelo bo Profetiloeng
19. ‘Letsatsi la Jehova’ le tla chaba joang?
19 Moapostola Pauluse o re, ‘timetso ea tšohanyetso hang-hang.’ Moprofeta oa Molimo Esaia o’a eketsa: “Bonang, bahale ba bona ba bokolla kantle; manģosa a khotso a lla habohloko.” (Esaia 33:7) Libakeng tse ngata, Bibele e bontša hore ho phethahatsa hoa Jehova kahlolo holim’a lichaba tse khopo le batho ho tla tla ka potlako, ho sa lebelloa, ka ’nete joaloka “lesholu la bosiu.” (1 Ba-Thessalonika 5:2, 3; Jeremia 25:32, 33; Sofonia 1:14-18; 2 Petrose 3:10) Ka nako ea ha lefatše le ahlamisitse melomo ho bolela hore le fihlile sehlohlolong se itseng sa khotso le tšireletseho, ‘letsatsi la Jehova’ le tla chaba ka ho tsometsa ho tšosang. Batho ba Molimo ba tla be ba ile ba hlokomela mohoo oo oa “khotso le tšireletseho!” bakeng sa seo o leng sona ’me ba tla be ba sireletsehile setšabelong se lokiselitsoeng ke Jehova.—Pesaleme ea 37:39, 40; 46:1, 2; Joele 3:16.
20. (a) Machaba a Kopaneng ke “sebata” sa mofuta ofe? (b) Jehova o talima bolumeli ba bohata joang, hona hobane’ng?
20 Lentsoeng la Molimo, tsela e nkiloeng ke Selekane sa Lichaba le mohlahlami oa sona, Machaba a Kopaneng, e tšoantšoa le ea “sebata se ’mala oa sekarelata” se nang le lihlooho tse supileng (tse emelang mebuso ea lefatše eo se tsoang ho eona) le linaka tse leshome (tse emelang mebuso e se tšehetsang hona joale). Bibele e bontša hore ke “sebata” sa bopolotiki se tšoanang le “tau” ea Manyesemane le “bere” ea Marussia. Mokokotlong oa sona ho palame mosali, “Babylona e moholo, ’m’a liotsoa le a manyala a lefatše.” (Tšenolo 17:3-8) Hona ho hlalosa hantle pono ea Molimo ka bolumeli ba bohata, bo sa mo emeleng le ’Muso oa oona oa ho loka. Se feba moeeng ka ho ameha lipolotiking. Ho itsoakanya hoa bolumeli le Machaba a Kopaneng letšolong la lefatše bakeng sa khotso le tšireletseho ke mohlala oa sena. Hape se lakatsa ho ba le khotso le tšireletseho molaetseng oa kahlolo o tsoang ho Molimo o boleloang ke Lipaki tsa Jehova. Ntlheng ena, se susumelitse mebuso e meng hore e thibele tšebetso ea Bokreste ea Lipaki.—Pesaleme ea 2:1-3.
21. (a) Ke bohato bofe bo tšoaeang qaleho ea ‘letsatsi la Jehova’? (b) Joale “letsatsi” le fetela pheletsong efe?
21 Letsatsi la Jehova’ le tla chaba joang? Ka hora ena e lefifi ea histori ea batho, ka sebele le tla tla “joaloka lesholu”! Hoo e tla ba ha Molimo o tsamaisa lichaba tsa sebata sa Machaba a Kopaneng hore li hlasele bolumeli ba bohata ka tšohanyetso. Ha li bontša lehloeo la tsona leo li ntseng li le patile bakeng sa Babilona e moholo, li tla e senola ka seo e leng sona ’me li e senye ka ho feletseng. Kahlolo ena e tla tla ka potlako hoo linyatsi tsa nakong e fetileng tsa bopolotiki li tlang ho tsota: “Jo! jo! Babylona, motse o moholo, motse o matla, kahlolo ea hao e hlahile joang ka hora e le ’ngoe!” Empa lichaba le mabotho a tsona li tla boetse li hlasele batho ba Molimo. Joale, Morena oa marena, Jesu Kreste, o tla timetsa lira tseo tsohle ’me a koalle mohanyetsi e moholo, Satane Diabolose, ka sekoting.—Tšenolo 17:16, 17; 18:10; 19:11-21; 20:1-3; bapisa Ezekiele 38:11, 16, 18-23.
22. (a) Ke tebello efe e khōlo eo batho ba lumelang ba nang le eona kajeno? (b) U ka thabela khotso e tsoang ho Molimo joang?
22 Qetellong, khotso ea ’nete le tšireletseho li tla anafala tlas’a ’Muso oa Molimo! (Pesaleme ea 72:1, 7; Esaia 9:6, 7) Ka thabo, ba bangata kajeno ba ‘sa robalang, ba falimehileng’ ba tla phelela ho e bona. (1 Ba-Thessalonika 5:4-6) “Bongata bo boholo ba batho . . . ba lichaba tsohle,” ba lumelang tokisetsong ea Jehova ea topollo ka Kreste, ba tla bolokoa hore ba tsoe ‘mahlomoleng a maholo’ hore ba thabele khotso ea ka ho sa feleng e tsoang ho Molimo. (Tšenolo 7:9-17; 21:3, 4) E se eka u ka ba e mong oa bona!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Buka World Military and Social Expenditures 1985.
U ne u Tla Arabela Joang?
◻ Ke hobane’ng ha ‘mehla le linako’ e le tsa bohlokoa ho Molimo le ho rōna?
◻ Re lokela ho nka ho atamela hoa ‘letsatsi la Jehova’ joang?
◻ Ke bo-mang ba kopanelang mohoong oa 1 Ba-Thessalonika 5:3, hona neng?
◻ Ke liketsahalo life tsa bohlokoa tse qalisoang ke mohoo oo?