Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 8/1 maq. 10-15
  • Bakreste ba ʼNete ke Baboleli ba ʼMuso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bakreste ba ʼNete ke Baboleli ba ʼMuso
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Taelo ea ho Bolela
  • Tataiso ea Molimo
  • “Ka Ntlo le Ntlo”
  • Rutang Phatlalatsa le ka Ntlo le Ntlo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • ‘Evangeli e Lokela ho Boleloa Pele’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Ho Bolela ka Ntlo le Ntlo—Ke Hobane’ng ha ho le Bohlokoa Hona Joale?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • “E-eang ’me le Etse Batho ba Lichaba Tsohle Barutuoa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 8/1 maq. 10-15

Bakreste ba ʼNete ke Baboleli ba ʼMuso

“Litaba tsena tse molemo tsa ʼmuso li tla boleloa lefatšeng lohle le ahiloeng e be bopaki ho lichaba tsohle; ʼme e tla ba hona bofelo bo hlahang.”—MATTHEU 24:14, NW.

1, 2. (a) Ke ka baka la’ng ha molaetsa oa ʼMuso o lokela ho boleloa lefatšeng lohle hona joale? (b) Paki e ʼngoe le e ʼngoe ea Jehova e ka ipotsa lipotso life?

O TSEBAHATSA ʼMUSO OA JEHOVA. Ka lilemo tse ngata ʼona ebile morero o moholo oa makasine ona. Ke karolo ea litokelo tsa ʼona tsa molao bakeng sa khatiso le phatlalatso. ʼMe ke habohlokoa hore hona joale molaetsa oa ʼMuso o boleloe lefatšeng lohle. Lebaka? Ka lebaka la mantsoe ao Jesu Kreste a a boletseng kamor’a hore a fane ka letoto la likarolo tse sa tšoaneng, empa li amana tsa “pontšo” ea “ho ba teng ha hae” ho sa bonahaleng le ea ho fela ha tsamaiso ena. Jesu o itse: “Litaba tsena tse Molemo tsa muso li tla boleloa hohle lefatšeng e le bopaki ho lichaba tsohle. ʼMe kamor’a moo bofelo bo tla tla.”—Mattheu 24:3, 14, The Jerusalem Bible.

2 Kajeno lena, “bofelo” bo haufi haholo. Ka baka la sena, paki e ʼngoe le e ʼngoe e inehetseng ho Jehova ke hantle haeba e ka ipotsa: Ke ikutloa joang ka mosebetsi oa ho bolela ka ʼMuso? Na ke kopanela ho ʼona kamehla? Na ke etsa mosebetsi oa ka ka mokhoa o bontšang phihlelo e atlehang le cheseho?

Taelo ea ho Bolela

3. Mantsoe a Jesu a tlalehuoeng ho Mattheu 5:14-16 a bontša eng ka balateli ba hae?

3 Ha ho Mokreste oa ʼmakhonthe eo ka lebaka le letle a ka hanang tokelo ea ho bolella ba bang “litaba tse molemo.” Jesu o bolelletse barutuoa ba hae, a re: “Le leseli la lefatše. Motse o beiloeng holim’a thaba, ha o na ho patoa. Lebone le lona ha le hoteletsoe ho kenngoa ka tlas’a morula, empa e le ho hlongoa kandelareng, le tle le bonesetse bohle ba leng tlung. Leseli la lōna le ke le khanyetse batho joalo, ba tle ba bone mesebetsi ea lōna e molemo, ʼme ba rorise Ntat’a lōna ea maholimong.” (Mattheu 5:14-16) Mantsoe ao a bontša hore barutuoa ba Jesu ba ne ba tla fetoha baboleli ba ʼMuso.

4. Ho boletsoe eng ka ʼmoleli oa ʼMuso ea ka sehloohong?

4 Ho boletsoe mantsoe ana ka ʼmoleli e moholo oa ʼMuso: “Ha Morena oa rōna a bolela ka ʼMuso . . . A lokisa le ho hlophisa Tšebeletso ea oona . . . A qalisa tšebeletso ea boprofeta . . . ʼme A etsa hore ba Leshome le Metso e ʼMeli le ba Mashome a Supileng ba etse ho tšoanang. A bolela ka ʼMuso o tlang le ho etsa ‘lipontšo,’ A ba roma ka pele ho eena ka molaetsa o tšoanang le ka matla a tšoanang. Ke mohlala o babatsehang oa thuto e qaqileng, . . . A ba koetlisetsa maemo a phahameng ao hamorao ba neng ba tla a neoa.”—A Church History, ka Milo Mahan.

5. Jesu o entse eng mabapi le ho bolela ka ʼMuso?

5 Jesu a fana ka thuto e ntle ho baapostola le barutuoa ba hae ba 70 bao a ileng a ba roma. (Luka 6:12-16; 10:1-22) Ho feta moo, e le Mohlala oa rōna, “a ʼna a ea le metse le metsana, a ntse a ruta, a bolela evangeli ea ʼmuso oa Molimo.” O ne a e-na le baapostola le basali ba bang ‘ba neng ba ba thusa ka tseo ba nang le tsona.’ (Luka 8:1-3, Phetolelo e Ncha ea Sesotho) E, Jesu e ne e le ʼmoleli ea chesehang oa litaba tse molemo ʼme a nka mehato ea ho qalisa mokhatlo o hlophisitsoeng oa ho bolela ka ʼMuso.

6. Pele Jesu a nyolohela leholimong, o laetse balateli ba hae eng?

6 Kamor’a lilemo tse tharo le sekheeqe tsa tšebeletso, Jesu a qeta tsela ea hae ea lefatšeng. Empa pele a nyolohela leholimong, a laela balateli ba hae sena: “E-eang . . . le etse batho barutuoa lichabeng tsohle, le ba kolobetse lebitsong la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tseo ke le laetseng tsona. ʼMe, bonang! Ke na le lōna kamehla eohle ho fihla bofelong ba tsamaiso ea lintho.” (Mattheu 28:19, 20, NW) E ne e tla ba baboleli ba ʼMuso.

7. Le hoja qalehong barutuoa ba Jesu ba ne ba haella tsebo e nepahetseng ka ʼMuso, ke ka baka la’ng ha ba ne ba tla atleha e le lipaki tsa hae?

7 Ha Jesu a se a tla tloha lefatšeng, barutuoa ba hae ba ʼmotsa: “Morena, na u re, e se e le joale u tla tsosa ʼmuso oa Iseraele na?” A ba araba: “Ha hoa le lokela ho tseba mehla, leha e le linako tseo Ntate a itaoletseng tsona a ʼnotši.” Le hoja nakong eo barutuoa ba ne ba haelloa ke tsebo e nepahetseng ka ʼMuso, Jesu a ba roma ho ba baboleli ba oona, kahobane ba ne ba tla amohela thuso e hlokahalang hore ba phethahatse thomo ea bona. Jesu a re: “Le tla fuoa matla mohla Moea o Halalelang o tlang ho lōna,” a eketsa, “le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema, le naheng eohle ea Judea, le ea Samaria, le ho isa pheletsong ea lefatše.” (Liketso 1:6-8) Moea o halalelang o ne o tla tataisa balateli ba Jesu hore qetellong ba utloisise hore ʼmuso oo e ne e tla ba ʼmuso oa leholimo. (Johanne 16:12, 13) ʼMe hamorao linnete tse amanang le ʼMuso oo li ne li tla boleloa “pheletsong ea lefatše.”

8. Mosebetsi oa boboleli lekholong la pele o ile oa atleha hakae?

8 Lipaki tseo tsa phetha mosebetsi oa tsona hantle haholo. Ke ʼnete hore Jehova o ne a e-na le tsona, ʼme hape li na le tšehetso ea Jesu Kreste ea halalelitsoeng. (Liketso 8:1-8; 11:19-21) Ha ho makatse ha ka nako e khutšoanyane pakeng tsa 60 le 61 C.E. moapostola Pauluse a boletse hore “litaba tse molemo” li se li ‘boleletsoe babopuoa bohle ba tlas’a leholimo’!—Ba-Kolosse 1:23.

9. Kamoo ho bontšitsoeng kateng mona, mosebetsi oa sehlooho oa phutheho ea Bokreste ke ofe?

9 Ho ngotsoe taba e latelang mabapi le mosebetsi oa ho paka: “Ho boleloa ha molaetsa o molemo . . . e ne e se feela o mong oa mesebetsi e mengata ea Kereke ea T[estamente] e N[cha], empa e ne e le mosebetsi oa eona oa motheo, oa bohlokoa. . . . Hlokomela, Jesu ha a ka a re ho Liketso 1:8, le tla paka ka ʼna, empa. Le tla ba lipaki tsa ka. Ho sebelisoa ha leetsi ‘ho ba’ mona ho bontša ho etsa ntho ka botlalo le ka botebo. Leetsi lena [Segerikeng] ha le bolele feela seo Kereke e tla se etsa, empa seo Kereke e tla ba sona. . . . Kereke ea Jesu Kreste ke . . . sehlopha se pakang.” (Pentecost and the Missionary Witness of the Church, ka Harry R. Boer, maqephe 110-14) E, ho paka ke mosebetsi o ka sehloohong oa phutheho ea Bakreste ba ʼnete.

Tataiso ea Molimo

10, 11. (a) Baboleli ba ’Muso lekholong la pele la lilemo ba ne ba hlophisitsoe joang? (b) Ho ile ha etsahala eng ha ho hlaha maemo a macha?

10 Baboleli ba ʼMuso ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba amohela tsamaiso ea sehlopha se busang. Balebeli ba etang ba ne ba sebetsa ka hare ho mokhatlo o hlophisitsoeng, ʼme mesebetsi ea phutheho e ne e hlokomeloa ke balebeli le bahlanka ba sebeletsang. (Liketso 15:1, 2, 22-36; Ba-Filippi 1:1) Empa ho ne ho etsahala’ng ha ho hlaha maemo a macha?

11 Hlokomela se etsahetseng kapelenyana kamor’a Pentekonta ea 33 C.E. Bajode ba buang Segerike ba qala ho korotla ka Bajode ba buang Seheberu “ka ho re, basali ba bahlolohali ba bona ha ba hlokomeloe phepong ea letsatsi le leng le le leng.” Baapostola ba lokisa bothata bona ka hore ba khethe ‘banna ba supileng ba tšepjoang’ hore ba hlokomele kabo ea lijo. (Liketso 6:1-8) Rea bala: “Pele, taba e le ’ngoe e neng e lokela ho hlokomeloa, kamoo re boleletsoeng, e ne e le ho abuoa hantle ha lijo tsa letsatsi le leng le le leng, le hore ho ile ha khethoa ‘ba supileng’ bakeng sa hoo, empa, hoa utloahala hore mesebetsi e meng e hlokahalang e ne e tla ekeletsoa ha e hlaha, le hoja melao ea metheo ea tumelo e ncha e ne e sa fetohe, tšebetso le mekhoa ea ho fana ka eona, e le hore e hlonngoe le ho atolosoa ka tsela e atlehang haholoanyane, e ne e tloheletsoe bohlaleng le phihlelong e sebetsang ea meloko e hlahlamang . . . Ho fetoloa le ho lokisoa ha lintho tse ling tse seng bohlokoa haholo . . . ke taba e ke keng ea beheloa thoko mokhatlong leha e le ofe o moholo o hlophisitsoeng.”—Hours With the Bible, Letoto la Testamente e Ncha, moqolo II, ka Cunningham Geikie.

12. (a) Ke eng e tlatselitseng khōlong ea Bokreste mehleng ea pele? (b) Ke hokae hona ke joang balateli ba Jesu ba ileng ba qala ho bitsoa Bakreste?

12 Ho itšetleha ha sehlopha se busang ka lithapelo ho Jehova, hammoho le “bohlale le phihlelo e sebetsang,” ha tlatsetsa khōlong ea Bokreste ba pele. Ka sebele lintho li ne li etsoa ka tataiso ea Molimo. Ka mohlala, balateli ba pele ba Jesu ba ne ba bitsoa batho ba “Tsela.” (Liketso 9:1, 2) Ho ka etsahala hore ebile kapelenyana selemong sa 44 C.E. Antioke, moo “barutuoa ba qalileng ho bitsoa Bakreste ka tataiso ea Molimo.” (Liketso 11:26, NW) Lebitso leo le ne le fanoe ke Molimo ʼme ba le amohela hang-hang.—1 Petrose 4:16.a

13. Kaha kajeno Lipaki tsa Jehova li sebelisa mekhoa ea mehleng ena ea ho phatlalatsa molaetsa, Bakreste ba pele ba ne ba sebelisa eng mosebetsing oa bona oa ho bolela ka ʼMuso?

13 Ha hlaha lintho tse ling har’a Bakreste ba pele ka tataiso ea Molimo. Ka mohlala, joalokaha mehleng ena Lipaki tsa Jehova li sebelisa mekhoa ea morao-rao ea ho phatlalatsa molaetsa, Bakreste ba pele ebile bopula-maliboho ka hore ba sebelise mangolo a boholo-holo a ngotsoeng ka letsoho a entsoeng e ka ke libuka—ebile thuso ea sebele mosebetsing oa bona o mafolo-folo oa ho bolela ka ʼMuso. Tabeng ena, C. C. McCown o ngotse: “Libuka tsa bolumeli tsa Bakreste, tsa mangolo a Testamente ea Khale le e ncha . . . a ne a sa etsetsoa ho baloa ke batho ba ruileng ka morero oa ho itlosa bolutu. Batho ba khoebo ba sebetsang ba ne ba batla ho ngola litaba tsohle tsa bona libukeng tsa mofuta ona. Batho bana hammoho le baromuoa ba Bakreste ba khothetseng ba ne ba lakatsa ho tseba ho etsa litšupiso ka potlako temaneng ena kapa eane ho sa ka ha hlokahala hore ba phutholle karolo e telele ea moqolo o ngotsoeng.—The Biblical Archaeologist Reader, leqephe la 261.

14. Baapostola ba Jesu ba ne ba phehella ho bolela le tlas’a maemo afe?

14 Ho ‘tseba ho etsa litšupiso ka potlako temaneng ena kapa eane’ e ne e le taba ea bohlokoa ka baka la mekhoa ea ho bolela ka ʼMuso e neng e sebelisoa ke Bakreste ba pele. Ka linako tse ling ba ne ba pakela batho ka mokhoa o sa hlophisoang, joalokaha Lipaki tsa Jehova kajeno li atisa ho etsa. Tabeng ena ho tlalehuoe mantsoe ana: “Tšobotsi e ’ngoe e neng e tloaelehile boboleling ba baapostola e ne e le mokhoa oa bona oa ho paka ka tsela e neng e sa reruoa. Ho ne ho se mohla moapostola a neng a ema ho fihlela a e-ba le monyetla o moholo oa ho etsa sena. Monyetla o le mong feela oa ho bua pel’a babusi ebile ha Pauluse a le pel’a Felix, e le motšoaruoa pel’a ’musi oa likobo tsa purapera me a fana ka tlaleho e mo emelang le karabo qosong ea hore o nyelisa melao. O ne a sa lule a se na menyetla, empa o ne a e fumana teronkong, mathokong a litsela, ntlong eo a neng a robala ho eona bosiu. . . . O ne a ikutloa hore molaetsa oa hae o lokela ho isoa matlung, le hoja a ne a fana ka oona har’a matšoele. O ne a ikutloa a phutholohile har’a batho bohle. O ne a sa lebala mohlala oa Kreste, . . . ea neng a bua phatlalatsa le batho litseleng tse lerōle, kapa literateng tse tletseng batho, kapa lebopong le majoe la Galilea ea Bajode . . . [Baapostola] ba ne ba sa lebala litaelo tse khethehileng tseo a ba neileng tsona qalehong mabapi le mekhoa e molemo haholo ea ho bolela lithuto tsa hae tsa bolumeli, o ne a ekelitse lithuto tsena tsa pele ka tse ling, ’me, pelenyana a nyolohela leholimong, a ba roma lefatšeng e le tšimo ea bona, le ho sebopuoa se seng le se seng se tla ba mamela.”—History of the Christian Church, ka John F. Hurst, moqolo I, leqephe 96.

“Ka Ntlo le Ntlo”

15. Matsatsi kamorao ho Pentekonta ea 33 C.E. baapostola ba ne ba etsa mosebetsi oa boboleli joang?

15 Matsatsi kamorao ho Pentekonta ea 33 C.E., balateli ba Jesu ba ne ba se ba sebelisa mokhoa o motle haholo oa ho bolela “litaba tse molemo.” Kamor’a hore baapostola ba hlorisoang ba tlontlolloe ka baka la lebitso la Jesu Kreste, ba etsa eng? “Ka letsatsi le leng le le leng ka tempeleng le ka ntlo le ntlo ba tsoela pele ba sa khaotse ho ruta le ho bolela litaba tse molemo ka Kreste, Jesu”! (Liketso 5:41, 42, NW) E, baapostola ba ne ba paka ka ntlo le ntlo.

16. Pauluse o ile a koetlisa baholo ba Efese ho etsa mosebetsi oa mofuta ofe oa ho bolela?

16 Hamorao, moapostola Pauluse a hopotsa baholo ba khethuoeng ba tsoang Efese: “Le kamoo ke sa kang ka pata taba, leha e le ’ngoe, ea tse le tšoanelang; ke sa kang ka phetsa ho le bolella le ho le ruta tsona pontšeng le ka matlung a lōna; ke ntse ke khothaletsa ba-Jode le ba-Gerike ho sokolohela ho Molimo, le ho lumela ho Jesu Kreste, Morena oa rōna.” (Liketso 20:20, 21) Pauluse o ne a sa bolele hore o ne a ruta baholo ba khethuoeng matlung a bona. Ho e-na le hoo, o ne a pakela Bajode le Bagerike ba sa lumeleng hore ba sokolohele ho Jehova Molimo le ho bontša tumelo ho Jesu Kreste. Ha ho pelaelo hore Pauluse o ile a ruta baholo bao mokhoa oa ho paka ka ntlo le ntlo.

17. Liithuti tse sa tšoaneng li boletse eng ka mosebetsi oa ntlo le ntlo oa Pauluse ho la Efese?

17 Mabapi le tšebeletso ea moapostola a le Efese ho itsoe: “Pauluse o ne a atisa ho iketsetsa mosebetsi oa hae ha letsatsi le chaba ho fihlela ka hora ea 11 hoseng (Liketso 20:34-35) nakong eo Tyrino o ne a qetile ho fana ka lithuto tsa hae sekolong; ho tloha ka hora 11 hoseng ho fihla ka hora ea bone motšehare oa mantsiboea o ne a kena holong ea sekolo a ruta, a tšoara liboka le bathusi le lipuisano tsa kathoko le liithuti, a lokisetsa lihlopha tse eketsehileng; ’me a qetelle ka maeto a boevangeli ka ntlo le ntlo ka hora ea bone motšehare oa mantsiboea ho fihlela bosiu bo boholo (Liketso 20:20-21, 31).” (A. E. Bailey) Liithuti tse ling li boletse hore: “O ne a sa khotsofale ka ho fana ka lipuo libokeng tsa phatlalatsa feela, ’me a hlokomoloha litšobotsi tse ling tsa mosebetsi, empa o ne a chesehela haholo mosebetsi oa hae oa ho ea ka ntlo le ntlo, ’me o ne a kenya nete ea leholimo lipelong tsa Baefese.” (A. A. Livermore) “O ile a bolela molaetsa o molemo libakeng tsa batho bohle le ka ntlo le ntlo, metseng le naheng eohle.” (E. M. Blaiklock) “Ke taba e hlokomelehang hore moleli enoa e moholo o ile a bolela ka ntlo le ntlo ’me ha a ka a etsa hore liketelo tsa hae e be feela tsa botsoalle.”—A. T. Robertson.

18. (a) Ke ka baka la’ng ha u ka bolela hore ho na le motheo o tiileng oa Mangolo bakeng sa tšebeletso ea ntlo le ntlo e etsoang ke Lipaki tsa Jehova? (b) Joaloka Jesu le barutuoa ba hae ba pele, ke hokae hona joang Lipaki tsa Jehova li bolelang molaetsa oa ʼMuso?

18 Baapostola ba Jesu ba ile ba paka ka ntlo le ntlo ka 33 C.E. E ne e le karolo ea tšebeletso ea Pauluse Efese le libakeng tse ling. Ka hona ho na le motheo o tiileng oa Mangolo bakeng sa tšebeletso ea ntlo le ntlo ea Lipaki tsa Jehova. Le mekhoa e meng e sa tšoaneng ea ho phatlalatsa molaetsa oa ’Muso e na le setšehetso. Ke taba e khahlisang hore Cyclopedia ea McClintock le Strong e re: “Morena oa rōna le baapostola ba hae ba ne ba bolela libakeng leha e le life tseo batho ba bokaneng ho tsona. Mesikong ea lithaba, mabopong a maoatle le a linoka, literateng tsa batho bohle, matlung, Tempeleng, synagogeng ea Bajode, le libakeng tse ling tse neng li fumaneha bakeng sa ho bolela Molaetsa o Molemo.” (Moqolo VIII, leqephe 483) Lipaki tsa Jehova li etsisa Jesu le barutuoa ba hae ba pele ka hore li bue ka molaetsa oa ’Muso “literateng tsa batho bohle, matlung . . . le libakeng tse ling.” Ka mohlala, li etsa mosebetsi oa limakasine seterateng (li tšoere makasine oona le motsoalle oa oona Tsoha!) ʼme li tsejoa ka ho khethehileng ka bopaki ba tsona ba ntlo le ntlo.

19. Liqeto tse amang mekhoa ea boboleli e sebelisoang ke Lipaki tsa Jehova kajeno li etsoa joang?

19 Mekhoa ea metheo e sebelisoang ke Lipaki tsa Jehova e ne e theoe hantle lekholong la pele la lilemo, hape, ke taba e lokileng hore Sehlopha se Busang sa mehleng ena se bōptjoang ke Bakreste ba tlotsitsoeng se etse qeto mabapi le hore ke mekhoa efe ea boboleli e loketseng nako ena. Karolo e ʼngoe ea liqeto tse joalo e theoa “bohlaleng le phihlelong e sebetsang” ea banna bana. Leha ho le joalo, ka ho khethehileng ba etsa liqeto ho etsisa sehlopha se busang sa Bakreste sa lekholong la pele la lilemo. Ka thapelo ba kōpa tsamaiso ea Molimo le tataiso ea moea oa oona o halalelang, le ho latela mehlala ea Mangolo bakeng sa liqeto tse amang mekhoa ea ho bolela e tšoanelang hantle ʼmehla ena ea qetello.’—2 Timothea 3:1; Liketso 15:23, 28.

20. (a) Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore mekhoa ea boboleli e sebelisoang ke Lipaki tsa Jehova e amoheloa ke Molimo? (b) Bahlanka bohle ba Jehova ba lokela ho ba le boikutlo bofe ka mosebetsi oa boboleli ba ʼMuso?

20 Ho hlakile hore mekhoa ea boboleli e sebelisoang ke Lipaki tsa Jehova e fanoe ka tataiso ea Molimo, kahobane Molimo o atlehisitse le ho hlohonolofatsa mekhoa ena haholo. (Liproverbia 10:22) Matšoele a amohela borapeli ba ʼnete le ho kopana le balateli ba Jesu ba tlotsitsoeng ba masala e le bona feela mokhatlo o hlophisitsoeng o hlomphang lebitso le halalelang la Jehova ʼme o bolela ka sebete litaba tse molemo tsa ʼMuso oa leholimo o hlonngoeng. E se e ka bahlanka bohle ba Jehova ba ka tsoela pele ba sebetsa ka matla mosebetsing oa ho etsa barutuoa ha tsamaiso ena e atamela bofelo ba eona. Re lokela ho etsa sena ka botšepehi, kahobane Bakreste ba ʼnete ke baboleli ba ʼMuso.

[Mongolo o botlaseng ba leqephe]

a Bona leqephe 316 la buka Aid to Bible Understanding, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

U Utloisisa Joang?

◻ Ke ka baka la’ng ha molaetsa oa ’Muso o lokela ho boleloa lefatšeng lohle hona joale?

◻ Mosebetsi oa sehlooho oa Bakreste bohle ba ’nete ke ofe?

◻ Ke ka baka la’ng ha ho ka boleloa hore har’a bahlanka ba Jehova lintho li etsoa ka tataiso ea Molimo?

◻ Mosebetsi oa ho bolela ka ntlo le ntlo oa Lipaki tsa Jehova o na le motheo ofe oa ’nete?

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Jesu a re ho balateli ba hae: ‘E-eang, le etse barutuoa.’ Na ka mafolo-folo u etsa mosebetsi ona o ka sehloohong oa Bakreste bohle ba ʼnete?

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Na u paka ka ntlo le ntlo kamehla? Baapostola ba pele ba Jesu ba entse joalo. Pauluse e ne e le ʼmoleli oa ’Muso ea mafolo-folo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela