Video e Susumetsang Motho ho Nahana ka Matla
“Video ena e hlile e etsa hore motho a nahane!”
“E ile ea ama pelo ea ka!”
“Ke ile ka ikutloa ke amehile maikutlo!”
1 Na ke tsela eo u ileng ua ikutloa ka eona ka lekhetlo la pele ha u shebella video ea Young People Ask—How Can I Make Real Friends? Lilemong tse ’maloa tse fetileng, mor’abo rōna e mong e mocha o ne a e-na le mathata bophelong, ka lebaka la metsoalle eo a neng a e khethile. E ile ea etsa hore a se thahaselle ’nete ’me kamano ea hae le Jehova ea senyeha. Eaba ho lokolloa video ea Real Friends. O ile a ngola tjena: “Likeleli li ne li keleketla marameng a ka ha ke ntse ke shebella video ena ka makhetlo-khetlo. Ke ile ka leboha Jehova ka ho nthusa ka nako e tšoanetseng.” Video ena e ile ea mo susumelletsa ho fetola bophelo ba hae le ho fumana metsoalle e nepahetseng. O ile a phaella ka ho re: “Ho hlakile hore le tseba lintho tsa morao tjena tse amang bacha.” Batsoali le bacha, ke hobane’ng ha le sa shebelle video ee hape nakong e tlang ha le e-na le thuto ea lelapa? E emiseng ka nakoana ka mor’a karolo e ’ngoe le e ’ngoe, ’me ka bolokolohi le ka botšepehi le tšohle lipotso tse lirapeng tse latelang le le hammoho.
2 Selelekela: Motsoalle oa sebele ke ea joang?—Liprov. 18:24.
3 Litšitiso Tsa Botsoalle: U ka etsa joang e le hore u se ke ua ikutloa eka batho baa u khetholla? (Bafil. 2:4) Ke hobane’ng ha u lokela ho ikemisetsa ho ntlafatsa botho ba hao, hona ke mang ea ka u thusang ho etsa joalo? Ke eng e tla u fa monyetla oa ho ba le metsoalle e eketsehileng, hona u ka e fumana hokae?—2 Bakor. 6:13.
4 Botsoalle le Molimo: U ka etsa joang e le hore u be le kamano e haufi-ufi le Jehova, hona ke hobane’ng ha ho loketse hore motho a etse boiteko bo joalo? (Pes. 34:8) Ke mang ea ka u thusang haholo hore u tiise botsoalle ba hao le Molimo?
5 Metsoalle e Mebe: Metsoalle e mebe ke bo-mang? (1 Bakor. 15:33) Metsoalle e mebe e ka liha motho moeeng joang? Pale ea Bibele e mabapi le Dina e u ruta eng?—Gen. 34:1, 2, 7, 19.
6 Tšoantšiso ea Mehleng Ena: Ho hlora ho ile ha ama Tara joang? O ile a ipehela lebaka lefe la ho tloaelana ha hae le bacha ba lefatše? E ile ea mo beha maemong afe a kotsi? Ke hobane’ng ha batsoali ba hae ba sa ka ba bona hore o kotsing, empa ba ile ba fetola boikutlo ba bona joang e le hore ba ka mo thusa hore a hlaphoheloe moeeng? Morali’abo rōna e mong oa pula-maliboho o ile a bontša joang hore ke motsoalle oa sebele oa Tara? Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho ela hloko Liproverbia 13:20 le Jeremia 17:9? Tara o ile a ithuta thuto efe ea bohlokoa?
7 Qetello: U ithutile lithuto life videong ee? U ka e sebelisa joang e le hore u thuse ba bang?—Pes. 71:17.