THUTO EA 75
Diabolose o Leka Jesu
Ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe, moea o halalelang o ile oa mo isa lefeelleng. O ile a qeta matsatsi a 40 a sa je, kahoo a lapa haholo. Eaba Diabolose o re ho eena: ‘Haeba ke ’nete hore u Mora oa Molimo, e-re majoe ana a fetohe bohobe.’ Jesu a mo araba ka ho bua seo Mangolo a se buang, a re: ‘Mangolo a re motho a ke ke a phela ka lijo feela. Empa o lokela ho mamela litaelo tsohle tsa Jehova.’
Diabolose a boela a leka Jesu a re: ‘Haeba u Mora oa Molimo e le kannete, itihele fatše u le mona holim’a tempele. Etsoe Mangolo a re Molimo o tla roma mangeloi a hae hore a u kape.’ Jesu a boela a mo araba ka ho bua seo Mangolo a se buang, a re: ‘Mangolo a re u se ke oa leka Jehova.’
Ka mor’a moo, Satane a bontša Jesu mebuso eohle ea lefatše eaba o re: ‘Haeba u ka nthapela hanngoe feela, ke tla u fa mebuso ena eohle eo u e bonang.’ Empa Jesu a re ho eena: ‘Tloha Satane! Hobane mangolo a re u lokela ho rapela Jehova feela.’
Eaba Diabolose oa tloha ’me mangeloi a tlisetsa Jesu lijo. Ka mor’a moo, Jesu a qala ho ruta batho ka ’Muso oa Molimo. Ke oona mosebetsi oo Jehova a neng a mo rometse hore a tl’o o etsa lefatšeng. Batho ba bangata ba ne ba rata lintho tseo Jesu a ba rutang tsona, kahoo ba mo sala morao hohle moo a eang teng.
“[Diabolose] o bua leshano hobane ke mokhoa oa hae, o leshano ebile ke ntate oa leshano.”—Johanne 8:44