Khaolo ea 9
Re Lokela ho Hanela Liteko
NA MOTHO e mong o kile a u kōpa hore u etse ntho e itseng e fosahetseng?— Na o ile a u phehella hore u e etse? Kapa na o ile a re ho tla ba monate le hore ha ho bile ha ho phoso ho etsa seo?— Ha motho e mong a etsa sena, oa re leka.
Re lokela ho etsa’ng ha re lekoa? Na re lokela ho lumela, ebe re etsa se fosahetseng?— Seo ha se na ho thabisa Jehova Molimo. Empa na ua tseba hore na se tla thabisa mang?— E, se tla thabisa Satane Diabolose.
Satane ke sera sa Molimo ebile ke sera sa rōna. Re sitoa ho ’mona kaha ke motho oa moea. Empa eena o khona ho re bona. Ka letsatsi le leng, Diabolose o ile a bua le Jesu, Mosuoe e Moholo, ’me a mo leka. E-re re bone hore na Jesu o ile a etsa’ng. Ka hona re tla tseba ntho e nepahetseng eo re lokelang ho e etsa ha re lekoa.
Jesu o ne a batla ho etsa thato ea Molimo ka linako tsohle. O ile a bontša sena phatlalatsa ka ho kolobetsoa Nōkeng ea Jordane. Ha Jesu a qeta ho kolobetsoa, Satane o ile a Mo leka. Bibele e re Jesu ‘o ile a buleloa maholimo.’ (Matheu 3:16) Sena se ka ’na sa bolela hore Jesu o ile a qala ho hopola lintho tsohle ka bophelo ba hae ba nakong e fetileng ha a le leholimong le Molimo.
Ha Jesu a se a kolobelitsoe o ile a ea lefeelleng ho ea nahana ka lintho tseo a neng a sa tsoa li hopola. Ho ile ha feta matsatsi a 40 le masiu a 40 a le lefeelleng. Jesu ha aa ka a ja letho ka matsatsi ao ’ohle, kahoo o ne a lapile haholo. Ke nakong ena moo Satane a ileng a leka Jesu.
Diabolose o ile a re: “Haeba u mora oa Molimo, bolella majoe ana hore a fetohe mahobe.” Ho ne ho ka ba monate hakaakang ho ja bohobe! Empa na Jesu o ne a ka fetola majoe hore e be bohobe?— E, o ne a ka a fetola. Hobane’ng? Hobane Jesu, Mora oa Molimo, o ne a e-na le matla a khethehileng.
Na ha e ne e le uena u ne u tla fetola majoe hore e be bohobe ha Diabolose a ne a ka u kōpa?— Jesu o ne a lapile. Na e ne e tla ba phoso hore a fetole majoe bohobe hanngoe feela?— Jesu o ne a tseba hore ho fosahetse hore a sebelise matla a hae ka tsela eo. Jehova o ne a mo file matla ao hore a hulele batho ho Molimo, eseng hore a itšebelisetse ’ona.
Ho e-na le hoo, Jesu o ile a bolella Satane hore ka Bibeleng ho ngoliloe ho thoe: “Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.” Jesu o ne a tseba hore ho etsa se khahlisang Jehova ho molemo ho feta lijo.
Empa Diabolose o ile a mo leka hape. O ile a isa Jesu Jerusalema, a mo emisa karolong e ka holimo ea tempele. Eaba Satane o re: ‘Haeba u mora oa Molimo, itihele fatše mola. Etsoe ho ngoliloe ho thoe mangeloi a Molimo a tla u sireletsa hore u se ke ua tsoa kotsi.’
Ke hobane’ng ha Satane a ne a bua joalo?— O ne a batla ho leka Jesu hore a etse ketso e booatla. Empa le mona Jesu ha aa ka a mamela Satane. O ile a re ho Satane: “Ho ngoliloe, ‘U se ke ua leka Jehova Molimo oa hao.’” Jesu o ne a tseba hore ho fosahetse ho leka Jehova ka ho beha bophelo ba hae kotsing.
Leha ho le joalo, Satane ha aa ka a tela. Ka mor’a moo o ile a isa Jesu thabeng e telele haholo. Ha a le moo a mo bontša mebuso eohle ea lefatše le khanya ea eona. Eaba Satane o re ho Jesu: “Lintho tsena tsohle ke tla u fa tsona haeba u ka itihela fatše ’me ua nketsetsa ketso ea borapeli.”
Ak’u nahane ka seo Diabolose a neng a re a ka fana ka sona. Na e ne e le ’nete hore mebuso eohle ea batho ke ea Satane?— Jesu ha aa ka a hana hore ke ea Satane. A ka be a hanyelitse seo haeba e ne e se ea Satane. E, ka sebele Satane ke eena ea busang lichaba tsohle tsa lefatše. Bibele e re ke “’musi oa lefatše lena.”—Johanne 12:31.
U ka etsa’ng ha Diabolose a ka u tšepisa hore o tla u fa ntho e itseng ha u ka mo rapela?— Jesu o ne a tseba hore ho fosahetse ho rapela Diabolose ho sa tsotellehe hore na o Mo fa eng. Kahoo Jesu o ile a re: ‘Tloha, Satane! Etsoe Bibele e re ke Jehova Molimo oa hao feela eo u lokelang ho mo rapela le eo u lokelang ho mo sebeletsa.’—Matheu 4:1-10; Luka 4:1-13.
Le rōna re tobana le liteko. Na u tseba tse ling tsa tsona?— E-re re etse mohlala. ’Mè oa hao a ka ’na a pheha lijo tse lutlisang mathe kapa kuku e monate. A ka ’na a re u se ke be ua ngoatha lijo tseo ho fihlela ho jeoa. Empa u lapile haholo, u utloa u batla ho li ngoatha. Na u tla mamela ’mè oa hao?— Satane o batla hore u se ke ua mo mamela.
Hopola seo Jesu a ileng a se etsa. Le eena o ne a lapile haholo. Empa o ne a tseba hore ho khahlisa Molimo ke habohlokoa ho feta ho ja. Le uena u tla be u tšoana le Jesu ha u etsa seo ’mè oa hao a reng u se etse.
Bana ba bang ba ka ’na ba re u noe lipilisi tse itseng. Ba ka ’na ba re li tla etsa hore u ikutloe u thabile. Empa e ka ’na eaba lipilisi tseo ke lithethefatsi. Li ka ’na tsa u kulisa esita le ho u bolaea. Kapa motho e mong a ka ’na a u fa sakerete, eo le eona e nang le lithethefatsi, ’me a u phehella hore u e tsube. U tla etsa’ng?—
Hopola seo Jesu a ileng a se etsa. Satane o ile a leka Jesu a batla hore a behe bophelo ba hae kotsing ka ho itihela fatše a le holim’a tempele. Empa Jesu o ile a hana ho etsa seo. U tla etsa’ng haeba motho e mong a u phehella hore u etse ntho e kotsi?— Jesu ha aa ka a mamela Satane. Le uena ha ua lokela ho mamela motho ea lekang ho u khothalletsa hore u etse lintho tse fosahetseng.
Ka letsatsi le leng u ka ’na ua kōpuoa ho etsetsa setšoantšo ketso e itseng ea borapeli, e leng seo Bibele e reng ha rea lokela ho se etsa. (Exoda 20:4, 5) E ka ’na eaba ke karolo ea mokete oa sekolo. U ka ’na ua bolelloa hore ha u hana ho etsa seo u ke ke ua hlola u tla sekolong. U tla etsa’ng?—
Ho bonolo ho etsa se nepahetseng ha ba bang bohle ba etsa se nepahetseng. Empa ho ka ba thata haholo ho etsa se nepahetseng ha batho ba bang ba leka ho re khothalletsa ho etsa se fosahetseng. Ba ka ’na ba re seo ba se etsang ha se hlile ha se sebe hakaalo. Empa potso ea bohlokoa ke hore, Molimo o re’ng ka sona? O tseba ho re feta.
Kahoo ho sa tsotellehe hore na ba bang ba reng, le ka mohla ha rea lokela ho etsa lintho tseo Molimo a reng li fosahetse. Ka tsela eo re tla thabisa Molimo kamehla, ’me ha ho mohla re tla thabisa Diabolose.
Ho ka fumanoa boitsebiso bo eketsehileng tabeng ea ho hanela teko ea ho etsa se fosahetseng ho Pesaleme ea 1:1, 2; Liproverbia 1:10, 11; Matheu 26:41; le 2 Timothea 2:22.
[Setšoantšo se leqepheng la 52]
E ka ’na eaba Jesu o ile a qala ho hopola eng ha a kolobetsoa?
[Setšoantšo se leqepheng la 53]
Diabolose o ile a sebelisa majoe joang ho leka Jesu?
[Setšoantšo se leqepheng la 55]
Ke hobane’ng ha Satane a ile a re a ka fa Jesu mebuso ee eohle?
[Litšoantšo tse leqepheng la 55]
U tla etsa’ng haeba u lekoa?
[Setšoantšo se leqepheng la 56]
Ke hobane’ng ha ho fosahetse ho sebelisa litšoantšo borapeling?