Jesu Bophelo le Tšebeletso ea Hae
Ho Ithuta Melekong ea Jesu
HANG-HANG hoba Jesu a kolobetsoe, moea oa Molimo oa mo isa feelleng la Judea. Ho ne ho na le lintho tse ngata tseo a neng a ka nahana ka tsona, nakong eo a neng a kolobetsoa “maholimo a phetleloa eena” hore a lemohe lintho tsa leholimo. Joale Jesu o ne a hopola ka botlalo bophelo ba hae e le Mora oa moea oa Molimo, ho akarelletsa lintho tsohle tseo Molimo o ’moleletseng tsona. Ho na le litaba tse ngata tseo a neng a ka nahanisisa ka tsona!
Jesu a lula feelleng ka matsatsi a 40 le ka masiu a 40 a sa je lijo. Ha a se a lapile haholo, Diabolose a tla ho eena ho mo leka, a re: “Ha u le Mora oa Molimo, e re majoe ana a fetohe mahobe.” Jesu o ne a tseba hore ho fosahetse ho sebelisa matla a hae a mohlolo hore a khotsofatse litakatso tsa hae tsa botho. A hana moleko oo.
Empa Diabolose ha a tele. O leka mokhoa o mong. O phephetsa Jesu hore a itihele fatše tlhorong ea tempele e le hore mangeloi a Molimo a mo sireletse. Empa Jesu ha a leke ho etsa pontšo ena ea mohlolo. O qotsa Mangolo, ho ’montša hore ho fosahetse ho leka Molimo ka tsela ena.
Teko ea boraro, Diabolose o bontša Jesu mebuso eohle ea lefatše ’me ka tsela ea mohlolo o re ho eena: “Ntho tseo kaofela ke tla u nea tsona, ha u ka oa ka mangole, ua nkhumamela.” Empa Jesu o hana teko eo hore a se etse ho fosahetseng, o khetha ho lula a tšepahala ho Molimo.
Re ka ithuta ho itseng litekong tsena tsa Jesu. Ka mohlala, li bontša hore Diabolose ha se sebōpeho sa bobe, kamoo batho ba bang ba bolelang kateng, empa ke motho oa sebele ea sa bonahaleng. Teko ea Jesu e bontša hore mebuso eohle ea lefatše ke phahlo ea Diabolose. Hobane ho ne ho ka etsahala joang hore mpho ea Diabolose ea hore o tla e neha Kreste e be teko ea sebele haeba e ne e se ea hae ka sebele?
Nahana ka sena: Diabolose o boletse hore o ne a ithaopela ho putsa Jesu ka hore a mo sebeletse, esita le ka hore o tla mo nea mebuso eohle ea lefatše. Diabolose a ka re leka ka tsela e tšoanang, mohlomong ka ho beha ka pel’a rōna menyetla e thahasellisang ea ho fumana maruo, matla, kapa boemo ba lefatše. Empa re tla ipaka re le bohlale haholo hakaakang ha re etsisa mohlala oa Jesu oa ho lula re tšepahala ho Molimo ho sa tsotellehe teko e ka hlahang! Mattheu 3:16; 4:1-11; Mareka 1:12, 13; Luka 4:1-13.
◆ Ho bolela eng hore maholimo a ile a phetleloa Jesu?
◆ Diabolose o ile a leka ho eka Jesu joang?
◆ Re ithuta eng litekong tsa Jesu?
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 25]