Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • th khao. 15 leq. 18
  • Ho Bua ka Kholiseho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Bua ka Kholiseho
  • Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • E Fanoe ka Kholiseho
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Cheseha
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • U ka Qoqa le Batho Joang?
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • Taba e Ruta Bamameli
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
Bala Tse Ling
Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
th khao. 15 leq. 18

KHAOLO 15

Ho Bua ka Kholiseho

Lengolo le qotsitsoeng

1 Bathesalonika 1:5

NTLHA-KHOLO: Bontša hore u kholisehile hore seo u se buang ke ’nete le hore ke sa bohlokoa.

KE’NG SEO U LOKELANG HO SE ETSA?

  • Lokisetsa hantle. Bala taba ho fihlela u utloisisa hore na Mangolo a e tšehetsa joang. Leka ho ba mokhutšoanyane u be u tobe taba ha u buella lintlha tsa sehlooho. Ameha kamoo lintlha tseo li tla tsoela bamameli molemo kateng. Rapella moea o halalelang.

    Keletso

    Ha u lokisetsa, bua ka lentsoe le phahameng e le hore u tloaelane le taba eo u tl’o bua ka eona.

  • Bua ka kholiseho. Ho e-na le ho bala se ngotsoeng fatše, bua taba ka mantsoe a hao. Bua ka tsela e bontšang hore u kholisehile ka seo u buang ka sona.

  • Bua ho tsoa pelong. Etsa hore molumo oa lentsoe la hao e be o lekaneng bamameli ba hao. Haeba ho loketse, sheba bamameli ha u ntse u bua.

    Keletso

    Ho bua ka kholiseho ha ho bolele ho phasoloha feela, kapa ho tsitlella maikutlong a hao. Bua ka tsela e mosa le e lerato le hoja u ntse u kholisehile ka seo u se buang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela