Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • th khao. 18 leq. 21
  • Taba e Ruta Bamameli

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Taba e Ruta Bamameli
  • Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Cheseha
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • E Ruta Bamameli ba Hao
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Finyella Lipelo Tsa Bamameli
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • Hlakisa Bohlokoa ba Taba
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
Bala Tse Ling
Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
th khao. 18 leq. 21

KHAOLO 18

Taba e Ruta Bamameli

Lengolo le qotsitsoeng

1 Bakorinthe 9:19-23

NTLHA-KHOLO: Thusa bamameli ho nahana. Etsa hore ho be le taba ea bohlokoa eo ba ithutileng eona.

KE’NG SEO U LOKELANG HO SE ETSA?

  • Nahana ka lintho tseo bamameli ba seng ba ntse ba li tseba. Ba thuse hore ba nahanisise ka taba eo u buang ka eona, ho e-na le ho pheta feela lintho tseo ba seng ba ntse ba li tseba.

    Keletso

    U se ke oa ea lolololo ka lintho tseo ba seng ba ntse ba li tseba, empa u iketle ha u bua ka lintho tseo ba qalang ho li utloa.

  • Batlisisa ’me u nahanisise ka taba eo u tl’o bua ka eona. Ha u buella lintlha tsa bohlokoa, qoba ho sebelisa mantsoe a sa tloaelehang kapa ho hlalosa ntlha ea hao ka ho bua ka litaba tsa morao-rao. Nahanisisa kamoo taba eo u buang ka eona e nyallanang kateng le lintlha tseo u batlang ho e tšehetsa ka tsona.

    Keletso

    Ha u ntse u sheba taba eo u tl’o bua ka eona, ipotse lipotso tse latelang: ‘hobane’ng, neng, hokae, ho buuoa ka mang, ka eng le hore na e etsahetse joang.’ Phelisa puo ea hao ka hore u botse u be u arabe tse ling tsa lipotso tsena nakong eo u ntseng u fana ka eona.

  • Bontša kamoo taba eo u buang ka eona e ka ba tsoelang molemo kateng. Hlalosa kamoo Bibele e ka ba tsoelang molemo kateng bophelong ba letsatsi le letsatsi. Bua ka lintho tse tobileng, mekhoa le liketso tseo bamameli ba li tsebang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela