“Ntoa Hase ea Lōna, ke ea Molimo”
“Tšepang Jehova, . . . le tle le atlehe.”—2 LIKRONIKE 20:20.
1. Ke ka litsela life Josafate a tšoantšetsang Jesu ea beiloeng teroneng?
JOSAFATE oa Juda e ne e le morena ea lokileng. “A ’na a etsa tse lokileng pel’a mahlo a Jehova.” (2 Likronike 20:32) Lebitso la hae le bolela “Jehova Ke Moahloli.” O ile a tlotlisa lebitso la Jehova, a shebile ho tataisoa ke eena tseleng ea ho loka le bakeng sa hore Jehova a mo thuse ho ahlola batho ba Hae. O ile a hlokomela hore ba rutoa ka molao oa Jehova. Ka boeena o ile a ea har’a Bajode ho ea ba khothaletsa ho khutlela borapeling ba ’nete ba Jehova. O ile a hlophisa ’muso bakeng sa borapeli ba puso ea leholimo. Ka baka la tsena tsohle, ka ho loketseng o ne a tšoantšetsa Morena, Jesu Kreste, ea hlonngoeng bocha teroneng ea hae ea leholimo ka 1914 ’me hona joale o bokella batho ba Jehova bakeng sa ho pholoha, ha makhotla a bademona a bokella lichaba ho ea ntoeng ea ho qetela ea Harmagedone.—Mattheu 25:31-34; Tšenolo 16:13, 14, 16.
2. (a) Ke khathatso efe e khōlō e ileng ea hlahela Bajode? (b) Ke boemo bofe bo tšoanang boo Lipaki tsa Jehova li tobaneng le bona kajeno? (c) Ke lintho life tsa lefatše la Satane tse tšoanang le Ammone, Moabe le Thaba ea Seire?
2 Hoba Josafate a ele hloko ho tsosolosoa ha taolo ea puso ea leholimo Juda, ha hlaha khathatso e khōlō. Sera se matla, “sera se seholohali,” sa tla se e-tsoa libakeng tsa Ammone, Moabe, le Thabeng ea Seire, se tšosa batho ba Molimo ka ho ba timetsa. (2 Likronike 20:1, 2, 22) Boemo boa tšoana kajeno. Lipaki tsa Jehova, ‘e se karolo ea lefatše,’ li hloiloe ke lefatše la Satane ’me hangata li hlorisoa hampe ke lira tsa Molimo. (Johanne 15:19; 1 Johanne 5:19) Puso ea naha ea batho ba Jehova—Juda (e bolelang, “Thoriso”)—e ne e le tseko mehleng ea Josafate. Empa hona joale, kamor’a mohlala oa Ammone le Moabe tsa boholo-holo, mebuso ea kajeno ea lipolotiki le khoebo e khōlō (ho akarelletsa baetsi ba libetsa tsa “letsatsi la tšenyo”) li loanela puso ea lefatše. Ka ho etsa joalo, ba futuhela sebaka seo, ho tloha ka 1914, se ikarabellang ka nepo ’Musong oa Molimo oa Messia. (Tšenolo 11:15, 18) Thaba ea Seire ea boholo-holo ea fetoha ’muso oa Edomo oa bokoenehi, litloholo tsa Esau lefahla le Jakobo. Joale, ka ho loketseng, ba Thaba ea Seire ba ne ba tšoantšetsa bakoenehi ba ikhohomosang ba Bojakane kajeno.—Genese 32:3.
3. Ketso ea Josafate le Bajode e tšoana le ea Lipaki tse tšepahalang tsa kajeno joang?
3 Joale a tšositsoe ke letšoele leo le futuhang, Morena Josafate o ne a ka etsa’ng? Kamehla bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba etsa’ng ha ba tobane le likotsi, mahloriso kapa ha bophelo ba bona bo le kotsing? Josafate o ile “a hla a batla Jehova.” ’Me batho ba tsoang metseng eohle ea Juda ba tla “ho tla batla Jehova” tlung ea hae ea borapeli ba ’nete.—2 Likronike 20:3-5.
4. (a) Batho ba Jehova ba ka lebella maemo afe? (b) “Bongata bo boholo” bo ntseng bo eketseha bo talimile kae bakeng sa pholoho?
4 Ke mohlala o motle hakaakang bakeng sa batho ba Molimo kajeno! Mehla ena ea pefo e lebile tlhorong ea eona ka Harmagedone. Maemo lefatšeng la Satane a ke ke a ntlafala. (2 Timothea 3:1, 13) Hangata, bona bophelo ba batho ba Jehova bo ka ’na ba tšosoa. Re tla fumana tšireletso hokae? E tla fumanoa bonngoeng ba rōna ba borapeli. Liholong tsa rōna tsa ’Muso le litsing tse ling tsa thuto ea Bibele, re kopana ho ea fumana lijo tsa moea tse tšehetsang le ho hlophisa tšebeletso ea rōna ea phatlalatsa ea thoriso ho Jehova. Ka thabo, “bongata bo boholo” bo tsoela pele ho itlhahisa, bo tsoa lichabeng tsohle, ho tla ikopanya le batho ba Molimo ‘tšebeletsong ea bona e halalelang.’ Bana ba bacha ba phallela ‘thabeng ea ntlo ea Jehova ea borapeli.’ Le hona ho bolela poloko ea bona.—Tšenolo 7:9, 15; Esaia 2:3.
5. “Mathule a macha” a Josafate a hlahisa eng mabapi le phutheho ea Jehova kajeno?
5 Josafate o ile a ema a tiile “tlung ea Jehova, pel’a mathule a macha.” Ho bonahala lenaneo la morena la ho haha Juda le ne le kopanyellelitse ho atolosa lisebelisoa tsa borapeli tempeleng ea Jerusalema. Ka ho tšoanang kajeno, tlas’a tataiso ea Morena ea busang hona joale, Jesu Kreste, lenaneo le leholo la moea la ho haha le ’nile la tsoela pele, e le hore mathuleng a lefatšeng a tempele ea Jehova ho be le sebaka se seholo bakeng sa ba limillione ba “bongata bo boholo” boo e seng baprista. Ke ho thabisang hakaakang ho ba moo!—Pesaleme ea 27:1-5.
Ho Retelehela ho Jehova
6. (a) Ke litaba life tse ileng tsa akarelletsoa thapelong ea Josafate? (b) Re ka fumana matla joang linakong tsa teko?
6 Tlung ea Jehova, Josafate o ile a teka taba eohle ka pel’a Molimo oa hae ka thapelo. A lumela Borena ba Jehova, matla a hae le boholo ba hae, ’me a hlahloba mesebetsi ea Jehova molemong oa batho ba hae. A qotsa thapelong ea Salomone e matla nakong ea ho nehela tempele ’me ka boikokobetso a qetella ka ho re: “Ha re tsebe hore na eka khona re etse’ng . . . empa mahlo a rōna a talimile uena.” (2 Likronike 20:5-12; 6:12-14, 34, 35) Na u kile ua ba boemong bo joalo—moo ho bonahalang ho se moo u ka retelehelang? Mehleng ea baapostola hangata Pauluse o ile a ba maqakabetsing a joalo. O ile a tlameha ho itšetleha haholo ka Jehova. Empa kamehla o ne a ka re, “Mohla ke fokolang, eba ke mohla ke nang le matla.” Hobane ha a ne a ikutloa a sa itšepe ho hang, ho itšetleha ha hae ka Jehova ka ho feletseng e bile mohloli oa matla a ke keng a hlōloa. Le uena, u ka ba matla!—2 Ba-Korinthe 12:10; Liproverbia 18:10.
7. Ke taelo efe ea Moshe eo ba-Jode bao ba neng ba e utloa?
7 Haeba u ka khona, nahana ka pono mane lepatlelong la tempele ea Jerusalema: “Ba-Juda bohle ba ema joalo pel’a Jehova, hammoho le bana ba bona ba banyenyane, le basali ba bona le bara ba bona.” (2 Likronike 20:13) Ha ho pelaelo ba ile ba hopola taeo e tobileng ea Moshe ka morero oa liboka tse joalo, joalokaha e tlalehiloe ho Deuteronoma 31:12. Sebaka se ne se lekane ho ema feela kopanong eo e khōlō ha malapa ao a letetse Jehova ka hlompho, e le malala-a-laotsoe bakeng sa ho etsa thato ea hae.
Mocha oa Jehova
8. Khetholla mocha oa Jehova oa puisano (a) mehleng ea Josafate (b) mehleng ea rōna.
8 Morena ’Musi Jehova o ne a tla arabela thapelo ea Josafate joang? Jehova o fane ka mocha oa puisano. Oona e ne e le motho Jahaziele, oa leloko la Levi. Le hoja Jahaziele e ne e se moprista, Jehova o ile a mo khetha hore a bolele o mong oa melaetsa e susumetsang haholo oa khothatso ka Mangolong ’ohle. Ntho ea bohlokoa e bile hore “moea oa Jehova oa tlela Jahaziele . . . har’a phutheho.” (2 Likronike 20:14) Na Jehova o fane ka mocha o tšoanang har’a batho ba hae kajeno? E, o ho entse! Jesu o boletse hona boprofeteng ba hae ka “ho fela ha lefatše” ka ho bua ka sehlopha se tlotsitsoeng sa “mohlanka ea khabane, ea bohlale,” seo Morena a tla se bea moalosi oa “mesebetsi” ea hae kaofela mona lefatšeng.—Mattheu 24:3, 45-47.
9. (a) Lebitso la Jahaziele le ne le loketse joang? (b) Molaetsa oa Jehova e ne e le ofe, ’me hoo ho re khothatsa joang hona joale?
9 Lebitso la Jahaziele le bolela “Molimo o-oa Bona.” Ka sebele Molimo o ne o ka bona sohle se neng se ameha boemong boo ba mahlomola. O ne a ka bona esale pele tsela eo batho ba Molimo ba lokelang ho e nka. O ne a ka bona phello ea ho qetela. Kahoo, ke molaetsa ofe oo Jehova a ileng a o fetisa ka Jahaziele? Mamela! E ne e le ona: “Mamelang, lōna, ba-Juda bohle, le lōna, baahi ba Jerusalema le uena, morena Josafate! Ho itsoe ke Jehova: Se tšabeng, ’me le se ke la tepeletsoa ke sera se seholohali seno, hobane ntoa hase ea lōna, ke ea Molimo.” (2 Likronike 20:15) Letšoele le kopaneng leo le ile la thaba hakaakang! ’Me kajeno re thabile hakaakang ho tseba hore, ho sa tsotellehe hore na Satane le mahlahana a hae ba ka ’na ba re hlekefatsa hakae—ho sa tsotellehe hore na tumelo ea rōna le botšepehi ba rōna li ka lekoa hakae—rōna, re le batho ba kopaneng, re ka itšetleha ka ho feletseng ka Jehova, re tšepile hore o tla re loanela ntoa!—Exoda 15:2, 3; Pesaleme ea 24:8; 37:3-7; Zakaria 14:3.
Ho Hlokahala Ketso e Kopaneng!
10. (a) Ba-Jode ba ile ba tlameha ho tobana le teko efe ea botšepehi? (b) Ke mosebetsi ofe o isang ‘ketsong e tsotisang’ ea Jehova?
10 Leha ho le joalo, Bajode bao ba ne ba sa lokela ho ema feela ba sa etse letho, ba emetse ho pholosoa hofe kapa hofe hoo Jehova a ka ho tlisang. Ba ne ba lokela ho etsa ho itseng! Ba tlameha ho bontša ho utloa Jehova le ho etsa lintho ka tsela ea hae haeba ba ne ba tla pholoha. Ha ho pelaelo ba bangata ho bona ba ile ba ikutloa hore litaelo tseo tse neng li tsoa ho Jehova li ne li batla li sa tloaeleha. Tsena tsa leka botšepehi ba bona. Ka tsela e tšoanang, pele Jehova a etsa “mosebetsi oa hae o makatsang,” ‘ketso ea hae e tsotisang,’ ka ho timetsa Bojakane qalehong ea ‘mahlomola a maholo,’ o hloka hore lipaki tsa hae li kopanele mosebetsing oo o ka ’nang oa bonahala o sa tloaeleha ho ba bangata. Ke tšebeletso ea tsona e halalelang ea ho ea malapeng a batho, nako le nako, ho ea ba lemosa ka timetso e haufi.—Esaia 28:21; Mattheu 24:14, 21.
11, 12. (a) Jahaziele o ile a fuoa taelo efe e sa tloaelehang, empa ba-Jode ba ile ba itšoara joang? (b) Ke joang le rōna re ka bontšang ho itšetleha ka Jehova?
11 Hona ho ne ho tšoantšetsoa ke litaelo tse fanoeng ke Jahaziele ho batho ba Juda. Ha a bua ka makhotla a sera, a re: “Hosasane, le theoheleng ho bona. . . . Le ke ke la tšoanela ho loana ntoeng ena; le mpe le hlahe, ’me le ikemele hona teng, le tle le bone poloko ea Jehova ea nang le lōna. Oho, lōna ba-Juda le ba Jerusalema, se tšabeng, le se ke la tepella. Hosasane, le tsoele ho bona, hobane Jehova o tla ba le lōna.” (2 Likronike 20:16, 17) Letšoele leo le sa hlomelang la banna, basali le bana le ile la laeloa ho ea khahlana le makhotla a kopaneng a sera!—Bapisa Pesaleme ea 148:12, 13.
12 Josafate le Bajode ba ne ba ananela ka ho teba tataiso eo Jehova a faneng ka eona ka Jahaziele. “Eaba Josafate o inamisa sefahleho, a se kobotetsa fatše, le ba-Juda le baahi ba Jerusalema ba itihela pel’a Jehova, ba khumamela Jehova.” (2 Likronike 20:18) Josafate e Moholo, Jesu Kreste, o bontšitse ho itšetleha ho ikokobelitseng joalo ho Jehova ha a sa le lefatšeng, ’me re ka tiisa hore o tla be a talimile ho Jehova bakeng sa litaelo tsa ntoa ha ‘Jehova ka letsohong la hae le letona, a thumakanya marena ka letsatsi la khalefo ea hae.’ (Pesaleme ea 110:5, 6) Ka ho tšoanang, kajeno Lipaki tsa Jehova li thabetse ho “khumamela” Molimo oo li o tšepang, ha li ntse li o sebeletsa mabaleng a oona.—Pesaleme ea 84:10-12; 122:1-4.
13. Ke bo-mang kajeno, ba rorisang Jehova “ka mantsoe a maholo, a phahameng,” ka phello efe?
13 Ho ea ka 2 Likronike 20:19, libini tsa tempele li ile tsa “ema ho boka Jehova, Molimo oa Iseraele, ka mantsoe a maholo, a phahameng.” ’Me kajeno, ke bo-mang bao tlas’a tataiso ea masala a tlotsitsoeng, ba sebelisang “mantsoe a maholo, a phahameng” ho bokeng Jehova ka pel’a lira tsa hae? Ka sebele kapele ho batho ba Jehova ke sehlopha se ntseng se eketseha ho-ea-ho-ile sa basebeletsi ba bo-pula-maliboho. Bo-pula-maliboho ba thusang le ba kamehla, bo-pula-maliboho ba khethehileng le baromuoa—ba etellang pele ho roriseng Jehova tšimong—ba thabetse keketseho ea 19 lekholong ka 1983. ‘Ho bina’ ha bona ho entse tlatsetso e kholohali ea lihora tse hlollang tse 436 720 991—keketseeho ea 13, 5 lekholong—tse nehetsoeng tšebeletsong ea Bokreste selemong se fetileng.
14. Ho latela mohlala oa ba-Jode, ba bangata hona joale ba bontša tumelo ka mesebetsi joang?
14 Morao koana Jerusalema ho ne ho se na nako ea ho otsela. Ka boikokobetso, batho “ba tsoha e sa le hosasa, ’me ba tsoela nģa lefeelleng la Tekoa.” (2 Likronike 20:20) Ba ne ba laba-labela ho bontša tumelo ea bona ka mesebetsi. (Bapisa Jakobo 2:14.) Ka ho tšoanang, basebeletsi ba Molimo kajeno hangata ho hlokahala ba tsohelle mosebetsing. Bo-pula-maliboho ba basali ba malapa le ba bang ba lokela ho tsoha hoseng ho hlokomela mesebetsi ea lelapa e le hore ba ka nehelana ka nako e tletseng ea hoseng tšebeletsong ea Jehova. Ho na le batho “ba feheloang, ba bobolang” mane lefatšeng la Satane, le ba tlamehang ho tšoaeloa ho pholoha ‘mahlomola a maholo.’ Lipaki tsa Jehova li ikemiselitse ho ba fumana.—Bapisa Ezekiele 9:4.
E-eang Ntoeng!
15. (a) Ba-Jode ba ne ba lokela ho lumela ho mang? (b) Kajeno re ka ‘ipaka re atlehile’ joang?
15 Tlaleho e tsoela pele ho 2 Likronike 20:20: “Ba re ba sa tsoa, Josafate a ema, a re: Mamelang, lōna ba-Juda le lōna baahi ba Jerusalema! Ke re: Tšepang Jehova, Molimo oa lōna, le tle le tiee; le lumele baprofeta ba hae, le tle le atlehe.” Ka ho tšoanang, hlooho ea phutheho ea Bokreste, Morena oa rōna ea busang hona joale, o khothalelitse batho ba hae haholo hore ba tšepahale. Re ho fumana mangolong a kang: Mattheu 10:27, 28; 24:9-13; Johanne 16:33. Tumelo ho Jehova, tumelo ho babuelli bao a ba sebelisang, e, tumelo phuthehong ea hae! Kajeno ha re ‘tsoela’ tšebeletsong ea Jehova, ke habohlokoa hakaakang hore e be re sebelisa tumelo e joalo! Ena ke tsela e isang katlehong ea sebele—e lokelang ho fumanoa ke Lipaki tsohle tse inehetseng, tse kolobelitsoeng tse lumelang ho Jehova le litokisetsong tsa hae. Tsena li akarelletsa tokisetso ea hae e babatsehang ea bophelo bo sa feleng, e fumanehang ka sehlabelo sa Mora oa hae.—Johanne 3:16; 17:3.
16. (a) Ke “libini” life tseo hangata li neng li etella pele tšebeletsong? (b) Bohle ba rorisa Jehova joang “ka bokhabane bo khethehileng”?
16 Ho feta moo, Josafate “a etsa morero le sechaba; eaba o bea libini tse tla binela Jehova li apere ka bokhabane bo khethehileng, li eteletse makhotla pele, li re: Bokang Jehova, hobane mohau oa hae o hlola ka ho sa feleng!” (2 Likronike 20:21) Mona libini tsa tempele li ile tsa etella pele ho ea ntoeng. Ka ho tšoanang, tlas’a tataiso ea masala a tlotsitsoeng ho na le bo-pula-maliboho, le baromuoa, balebeli ba tsamaeang le basali ba bona, hape le ba sebeletsang mahaeng a Bethele, hammoho le baholo ba liphutheho le bahlanka ba sebeletsang, bao hangata ba etellang pele ho etseng tšebeletso e halalelang, ho susumelletsa bohle ba kopanelang le phutheho ketsong. Kaofela bana ba rorisa Jehova “ka bokhabane bo khethehileng,” ho tsamaea ka taolo ea puso ea leholimo. Bokhabane ba bona ba moea bo boetse bo akarelletsa ‘botho bo bocha ba Bokreste, ho bontša ho loka ha ’nete le botšepehi ba ’nete.’ (Ba-Efese 4:24; Ba-Galata 5:22, 23) Ke tokelo e kaakang kajeno ho ba karolo ea mokhatlo oo o akaretsang, ho tlotlisa lebitso la Jehova le mohau oa hae o lerato!—Pesaleme ea 144:1, 2; 136:1-26.
17. (a) Ke hobane’ng ha batho ba Molimo ‘ba ne ba sa tšoanela ho loana’? (b) Ke “morero” ofe oa Jehova o bolelang timetso ho bolumeli ba bohata?
17 Jehova o ne a boleletse batho ba hae: “Le ke ke la tšoanela ho loana ntoeng ena.” Kahoo ha ipaka ho le joalo. “Ba re ba sa qala ho etsa lipina le lithoko,” Jehova a cheha leraba khahlanong le makhotla a futuhileng, e le hore ‘bana ba Ammone le ba-Moabe ba loantše ba ahileng thabeng ea Seire ho ba neela anathema le ho ba timetsa.’ (2 Likronike 20:17, 22, 23) Hoo ho bontša ka matla hakaakang se haufi le ho etsahala lefatšeng la Satane! Joalokaha Tšenolo 17:16, 17 e bontša, Jehova o na le “morero” ka Babylona e Moholo, eo Bojakane e leng karolo e ikarabellang haholo ea eona. O tla etsa hore lichaba tse hlometseng tseo e leng litho tsa Machaba a Kopaneng li be le “morero” ona o tšoanang, ka ho retelehela bolumeling ba bohata, ho bo senya le ho bo timetsa. Tsamaiso e khōlō e koenehileng ea Bojakane, joaloka ba-Edomo bao ba tsoang Thabeng ea Seire, e tla thuhakanngoa!
18. Baamone le ba Moabe ba kajeno ba tla felisoa joang ka Harmagedone?
18 Leha ho le joalo, hoo hase phetho! Ho sala Ammone le Moabe tsa kajeno! (Bapisa Tšenolo 18:9, 10, 15-17.) Li ntse li rera ho timetsa barorisi ba Jehova, Bajode ba kajeno. Empa ke nako ea Jehova ea ho liha kahlolo. Joalokaha Tšenolo 19:11-16 e e hlalosa, Morena, Jesu Kreste, o tla tsoa ho ea “hatisa sehatelong sa veine ea bohale le ea khalefo ea Molimo o matla ’ohle,” a timetse likarolo tse setseng tsa tsamaiso ea lefatše la Satane. Tlhorong ea ntoa eo e khōlō, masala a hlanyang a lichaba tsa bopolotiki le makhotla a oona a hlometseng ha ho pelaelo a tla thuthukana ka libetsa tsa oona tsa tšenyo. Ho bile joalo ka Ammone le Moabe, ha “ba tlatsana ho timetsana ba inotši.” Empa le kamohla Jehova a ke ke a ba lumella hore ba sebelise maraba a bona a “nuclear” ho ea ho senyeng batho ba Molimo kapa mosebetsi oa hae o tsoileng matsoho, lefatše la rōna.—Tšenolo 11:18; Esaia 45:12; 18; Pesaleme ea 115:16.
19. (a) Bajode ba kajeno ba tla itšoara joang ha ba ntse ba hlahloba lebala la ntoa? (b) Ho ne ho tšoantšetsoa eng ka ho “phuthehela Sekhutlong sa Beraka”?
19 “Eitse ha ba-Juda ba fihla phahameng, moo lefeella le ka bonoang teng, ba talima ’nģa sereng, ’me ba bona e le litopo tse rapaletseng fatše, ho se le a mong ea phonyohileng.” Ha “ba-Juda” ba kajeno, hammoho le barapeli ’moho le bona, ba hlahloba litholoana tsa ntoa ea Harmagedone, ba tla rorisa Jehova bakeng sa tlhōlo eo e khōlō. Ho ke ke ha hlokahala hore ba hle ba hape, empa ba tla thabela ho bokana “Sekhutlong sa Beraka” sa tšoantšetso—Beraka e bolelang “Tlhohonolofatso.” Ka thabo, “bongata bo boholo” boo e seng baprista bo tla kena lefatšeng le hloekisitsoeng, tlas’a puso ea ’Muso, ka tebello e khōlō ea tokelo ea bona e tlang—ho etsa lefatše serapa sa paradeise. Ka lilemo tse sekete sebaka sa borena sa Josafate e Moholo, Jesu Kreste, se ke ke sa khathatseha, ’me Molimo oa hae, Jehova, o tla tsoela pele ho fana ka phomolo ka ’nģa tsohle.—2 Likronike 20:24-30.
Ho Hlahloba 2 Likronike 20
◻ Ke bo-mang kajeno ba tšoanang le makhotla a Ammone, Moabe le a Thaba ea Seire?
◻ Ke bo-mang ba neng ba tšoantšetsoa ke Josafate, Jahaziele le ba-Jode?
◻ Ba-Jode ba kajeno ba arabetse hamolemo joang?
◻ Ke’ng se re fang tšepo ka se tla hlaha “mahlomoleng a maholo”?
[Litšoantšo tse leqepheng la 28, 29]
Joaloka Josafate, hona joale Jesu ea beiloeng teroneng o thusa batho ba Molimo hore ‘ba ipake ba atlehile’ ka ho rorisa Jehova