Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 3/15 maq. 22-26
  • Ho Haha ka Thepa e sa Cheng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Haha ka Thepa e sa Cheng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Haha Mang?
  • Rala Motheo o Nepahetseng
  • Thepa e sa Cheng
  • Na Ba Tla Mamella “Mollo”?
  • Na Mosebetsi oa Hao o Tla Ema o Tiile Khahlanong le Mollo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Ho Haha Botho ba Bokreste ka ho Bana ba Rōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ho Thusa Batho Hore ba Atamele Haufi le Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Ha U Ruta, Fihla Pelong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 3/15 maq. 22-26

Ho Haha ka Thepa e sa Cheng

“Ba bang ba tla sebelisa gauda kapa silevera kapa majoe a bohlokoa ha ba haha holim’a motheo; ba bang ba tla sebelisa mahong kapa joang kapa litlhokoa.”—1 BA-KORINTHE 3:12, Today’s English Version.

1, 2. (a) Ke eng e ka bang bohloko ho feta ho bona ntlo ea motho e e-cha lore? (b) Ke masoabi afe a kang ao, ao basebeletsi ba Bakreste ba eeng ba kopane le oona ka linako tse ling?

RURI hoa hlomola ho bona ntlo e ntle e e-cha lore. Ho ka ba bohloko haholo hakaakang haeba u e hahile! Ruri ho ka ba bohloko ho bona nako ea hao le boiteko li kubella mosing. ’Me, leha ho le joalo, bohloko bona hase letho ha bo bapisoa le bohloko boo motsoali oa Mokreste a bo utloang ha mora kapa morali a lahla ’nete ka lebaka la lintho tsa lefatše. Ha ho letho le ka bang bohloko ho feta ho bona ngoana oa motho a senyeha joalo moeeng.

2 Maikutlo a lipelong tsa batsoali ba joalo mohlomong a batla a tšoana le masoabi ao u a utloileng u le mosebeletsi oa Mokreste. Mohlomong u qalile thuto ea Bibele le motho e mong, ua qeta likhoeli kapa mohlomong lilemo u mo thusa hore a tsebe ’nete. U mo bona a tla libokeng a bile a qalisa ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. Empa joale, ka tšohanyetso, o fokola moeeng ’me o fetoha ea botsoa, mohlomong a bile a khutlela mekhoeng e mebe. Ke masoabi a kaakang!

3. Ha re talimane le maemo a joalo, ka tlhaho re botsa lipotso life, ’me likarabelo li itšetlehile ka eng?

3 Ka masoabi, hona ho etsahala nako le nako. Ka hona ke ka tlhaho ho botsa: Ke hobane’ng ha ho etsahala? Na ho na le hoo re ka ho etsang? Le hoja boemo ba pelo ea motho e ka ’na ea e-ba lebaka, likarabelo tsa lipotso tsena li boetse li itšetlehile hape ka karabelo ea potso e ’ngoe: Ha u ruta ba bang, na u haha motheong o nepahetseng ka thepa e sa cheng? Haeba re utloisisa ka ho hlakileng hore na hona ho bolela eng le hore na re ka ho etsa joang, hono e tla ba senotlolo sa ho thusa bao re ba rutang—liithuti tsa rōna tsa Bibele le bana ba rōna—ho ema ba tiile ’neteng.

Ho Haha Mang?

4. Ho 1 Ba-Korinthe 3:10, 11, Pauluse o tšoantša mosebeletsi oa Mokreste le eng, hona joang?

4 Ho arabela potso ena, re phetla Ba-Korinthe ba Pele khaolo ea boraro, moo Pauluse a tšoantšang mosebeletsi oa Mokreste le sehahi. Rea bala: “Ha e le ’na, ka mohau oa Molimo oo ke o filoeng, ke theile motheo joale ka sehahi se bohlale, ’me e mong o haha ka holim’a oona; e mong le e mong a mpe a iponele kamoo a hahang kateng holim’a oona. Hobane ha ho motho ea ka theang motheo osele ho o setseng o theiloe, e leng Jesu Kreste.”—1 Corinthians chapter 3 Litemana 10, 11.

5. (a) Ka se potolohileng taba, Pauluse o bua ka mosebetsi oa ho haha oa mofuta ofe? (b) Mosebeletsi oa Mokreste o ‘haha batho’ ka kutloisiso efe?

5 Pauluse o bua ka mosebetsi oa mofuta ofe oa ho haha? Ak’u hlokomele se fuperoeng ke litemana tse potolohileng ena: “Lōna, . . . le mohaho oa Molimo.” “Le tempele ea Molimo.” (1 Ba-Korinthe 3:9, 16) Ka hona ke mosebetsi oa tšoantšetso oa ho haha, o amang ‘batho.’ Ke ho re, mosebeletsi oa Mokreste o ‘haha batho’ ka kutloisiso ea hore o leka ho haha botho ba Bokreste ka ho batho ba thahasellang, a ba etsa barutuoa.—Mattheu 28:19, 20.

6, 7. (a) Mantsoe a Pauluse ho 1 Ba-Korinthe 3:9-15 a toba boikarabelo ba mang? (b) Leha ho le joalo, ho ameha mosebetsi o kopanetsoeng oa ho haha joang? (c) Ho nahana mantsoe a Pauluse ho ea pele ho tla re thusa ho bona eng?

6 Na hona ho fana ka maikutlo a hore moruti oa Mokreste o ikarabella a le mong ka hore na seithuti se tsoela pele joang? Che. Taba ea pele, re ‘sebetsa le Molimo.’ Leha mantsoe a Pauluse ho 1 Ba-Korinthe 3:9-15 a lebisitse haholo boikarabelong ba ea hahang, kapa ea rutang, ruri ke mosebetsi o kopanetsoeng oo ho oona seithuti le sona se amehang. Re ka ’na ra o tšoantša le lesole le lokisetsoang ntoa. Ba bang ba ka ’na ba le koetlisa le ho le hlomella, empa ha le se le le ntoeng lesole le tlameha ho loana, le sebelisa seo le ithutileng sona. Bophelo ba lona bo itšetlehile ka hona! Ka ho tšoanang, ea rutang o leka ho haha Mokreste oa ’nete, ea tla tseba ho hanela likhatello le liteko tsa lefatše lena. Le teng, leha ho le joalo, seithuti se na le boikarabelo; se tlameha ho sebelisa lintho tseo se ithutang tsona bophelong ba sona.—Mattheu 7:24-27; Ba-Filippi 2:12, 13.

7 Leha ho le joalo, ’nete e-ea sala hore ea rutang o na le boikarabelo bo boima. Ha re nahana mantsoe a Pauluse ho ea pele, re tla bona bohlokoa ba ho ruta Lentsoe la Molimo ka mokhoa o sebetsang e le hore re hahe ka ho ba bang kananelo bakeng sa Ntate oa rōna oa leholimo.

Rala Motheo o Nepahetseng

8. Mosebetsing ona oa tšoantšetso oa ho haha, motheo ke eng?

8 Pele u emisa mohaho, u tlameha ho rala motheo pele. Joale motheo ke eng mosebetsing oa ho haha oa ho etsa barutuoa? Pauluse o-oa arabela: “Ha ho motho ea ka theang motheo osele ho o setseng o theiloe, e leng Jesu Kreste.” (1 Ba-Korinthe 3:11) E, motheo o nepahetseng oo re ka hahang holim’a oona ke Jesu Kreste.—Bapisa Ba-Efese 2:20-22 le 1 Petrose 2:4-6.

9. (a) Ho ruteng ba bang, ho ameha eng ka ho rala Kreste e le motheo? (b) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa bakeng sa liithuti tsa rōna tsa Bibele ho utloisisa ’nete eohle e buang ka Jesu?

9 Re ka rala Kreste e le motheo joang ha re ruta ba bang? Taba ea pele, re tlameha ho ruta ’nete ka Jesu le ho thusa ba bang ho haha bophelo ba bona ’neteng eo. Hoo ho akarelletsa ho ba thusa ho lumela ho Jesu e le Mothusi oa rōna le Eo ka eena Jehova a lokiselitseng topollo. (Mattheu 20:28; 1 Johanne 2:1, 2) Empa hoo hase phetho. Jesu Kreste o khethetsoe ho ba hlooho ea phutheho ea Bokreste. (Ba-Kolosse 1:18) Hape ke Morena ea loketseng oa lefatše, ’me ka boemo boo ‘o tla hlōla’ haufinyane ka Harmagedone. (Tšenolo 6:1, 2) Ho hlakile, he, hore ho rala Kreste e le motheo ho ama ho ruta ’nete eohle e buang ka eena, ho thusa ba bang ho utloisisa karolo ea Jesu ho sebetsahaleng ha morero oa Molimo. Ke hobane’ng ha hona e le habohlokoa hakaale? Haeba liithuti tsa rōna li lumela ho Jesu hore ke Morena ea busang oa Molimo, li ke ke tsa nyahama habonolo ke maemo a lefatše le mathata a bophelo ba letsatsi le letsatsi.—Esaia 28:16; 1 Petrose 2:6-8.

10. (a) Ho eaka Ba-Efese 3:17-19, ho ameha eng hape ho raleng Kreste e le motheo? (b) Re lumella Kreste ‘a ahe lipelong tsa rōna’ joang?

10 Leha ho le joalo, ho rala Kreste e le motheo ho hloka ho fetang moo. Re lokela ho ba le sepheo se tšoanang le sa moapostola Pauluse. O ile a rapella Baefese hore “Kreste a tle a ahe lipelong tsa lōna ka tumelo; e le hore, ha le se le meletse leratong, le theiloe ka ho lona, le be ba ka utloisisang le bahalaleli bohle bophara ba lona, le bolelele ba lona, le botebo ba lona, le ho phahama ha lona; ’me le tsebe lerato la Kreste, le fetisang tsebo eohle, le tle le tlale botlalo bohle ba Molimo.” (Ba-Efese 3:17-19) Hlokomela hore ‘ho melela le ho theoa’ ho ama hore Kreste a ‘ahe lipelong tsa rōna.’ Hona ho bolela eng? Kreste o ‘aha lipelong tsa rōna’ ha re lumella hore mohlala oa hae le lithuto li ame boikutlo ba rōna le liketso tsa rōna.

11, 12. (a) Re ka thusa ba bang hore Kreste ‘a ahe lipelong tsa bona’ joang? (b) Ntle ho ho ithuta ka Jesu, ho ameha eng hape?

11 Re ka thusa bao re ba rutang joang hore Kreste a ‘ahe lipelong tsa bona’? Ho ba nea tsebo ke habohlokoa, hobane ba lokela ‘utloisisa’ ‘bophara, bolelele, botebo le ho phahama’ ha ’nete ea Lentsoe la Molimo, haholo kamoo e amanang le bophelo le lithuto tsa Jesu Kreste. Re batla ha liithuti tsa rōna li fumana “khopolo ea Kreste,” ho mo tseba hantle e le motho ea phelang ea ikutloang. (1 Ba-Korinthe 2:16) Hona ho tla ama lipelo tsa bona.

12 Empa hlokomela hore Pauluse o boetse a re: “Le tsebe [Segerike, gnonaiʹ, ho tseba “ka ketso, ka phihlelo”] lerato la Kreste, le fetisang tsebo eohle.” Re ka tseba “lerato” la Kreste ka ho ithuta seo Bibele e re bolellang sona ka tsela eo a neng a phela ka eona le tsela eo a neng a sebelisana le ba bang ka eona. Leha ho le joalo, ke ka ho etsisa botho ba Jesu moo re ka ananelang ka ’nete maikutlo a hae. Ka tsela ena, ka ketso re tseba “lerato la Kreste, le fetisang tsebo eohle.”

13, 14. (a) Re ka thusa liithuti tsa rōna ho etsisa litšoaneleho tsa Jesu joang? (b) Ke hobane’ng ha ho leka ho tšoana le Jesu ho tla thusa liithuti tsa rōna ho hōlisa kamano e ntle le Jehova? (c) Ntle ho motheo o nepahetseng, re tlameha ho hlokomela eng hape?

13 Ka hona ha u rala motheo, ela hloko litšoaneleho tsa Jesu, tse ling tsa tsona ke—lerato la hae (Johanne 15:13, 14), mofuthu le boikutlo (Mattheu 11:28-30), boikokobetso (Johanne 13:1-15) le qenehelo (Mareka 6:30-34). Khothalletsa seithuti sa hao ho etsisa litšoaneleho tsena ka tsela eo se phelang ka eona. Hona ho tla rala motheo o motle oa ho haha litšoaneleho tse ling tsa bohlokoa. Ka linako tse ling, ha ho buuoa ka litlaleho tsa Bibele tse buang ka Jesu, ho ka ’na ha hlokahala hore u ke u re khefu ’me u botse: ‘U bona Jesu a bontša tšoaneleho efe? U ka bontša tšoaneleho ee ka botlalo joang bophelong ba hao?’ Hlalosa hore ho etsisa botho ba Jesu ho tla thusa seithuti sa Bibele ho hōlisa kamano e matla le e haufi le Jehova. Joang? Kahobane Jesu o ne a etsisa ka botlalo botho ba Ntate oa hae hoo ha re leka ho etsisa Jesu re hlileng re etsisang Jehova!—Johanne 14:9.

14 Ke habohlokoa ho ba le motheo o nepahetseng, empa na ho lekane? Pauluse o-oa arabela: “E mong le e mong a mpe a iponele kamoo a hahang kateng holim’a oona.” E, ho thoe’ng ka thepa eo re e sebelisang ho haha mehaho e tla ema holim’a motheo?

Thepa e sa Cheng

15, 16. (a) Ho 1 Ba-Korinthe 3:12, Pauluse o etsa phapang ea eng ka ho hlakileng? (b) Ho sebelisoa papiso ea Pauluse, ho botsoa potso efe?

15 Hona ho re tlisa temaneng ea 12 ea 1 Ba-Korinthe khaolo ea 3, moo Pauluse a buang ka thepa e sa tšoaneng ea ho haha: “Ekare ha e mong a haha holim’a motheo oo ka gauda, kapa ka silevera, leha e le ka majoe a bohlokoa, le mahong, le joang le lihlokoa.” Eo ke thepa e ngata e sa tšoaneng! Na Pauluse o etsa tlhahiso ea hore re ngoathe hanyenyane thepeng ka ’ngoe ho haha liithuti tsa rōna? Ha ho bonahale joalo. Hlokomela hore na liphetolelo tse ling li e ngola joang: “Ba bang ba tla sebelisa gauda kapa silevera kapa majoe a bohlokoa ha ba haha holim’a motheo; ba bang ba tla sebelisa mahong kapa joang kapa litlhokoa.” (TEV) “Motheong ona, u ka haha ka gauda, silevera le mahakoe kapa mahong, joang le litlhokoa.” (The Jerusalem Bible) Ka hona Pauluse o bapisa mehaho ea mefuta e ’meli. Ka lehlakoreng le leng, ho na le ntlo e ntle ea boemo e khabisitsoeng ka gauda, silevera le majoe a bohlokoa. Ha ho bapisoa, ho na le mokhoro o entsoeng ka lipatsi kapa lipalo tse tšehelitseng mabota a joang bo omeletseng bo kopantsoeng ka seretse le ho ruleloa ka joang.

16 Ha ho sebelisoa papiso ea Pauluse, ho hlaha potso: Ha u ruta ba bang, na u haha “matlo a boemo” kapa “mekhoro”? Lebaka leo ka lona bacha ba bang le ba bang ba qalang ho kopanela ba oang ka lona mohlomong ke hobane bohle ba hahuoe ka thepa e tšoanang. Boemo ba phutheho ea boholo-holo ea Korinthe bo bontša phapang pakeng tsa ho haha ka thepa e sa cheng le e chang.

17, 18. (a) Ke bothata bofe bo tebileng bo neng bo le teng phuthehong ea boholo-holo ea Korinthe, ’me Pauluse a bo lokisa joang? (b) Kahoo ntlha e khōlō ka ho lekanyetsa hore na re haha ka “gauda” kapa ka ‘litlhokoa’ ke efe?

17 Pauluse o ne a phethile karolo ea hae ho raleng motheo o nepahetseng, empa ho bonahala eka ba bang Korinthe ba ne ba haha holim’a oona ka ‘mahong, joang le litlhokoa’—thepa e fokolang e emelang litšoaneleho tse sa tieang. (1 Ba-Korinthe 3:12) Kahoo, Pauluse a tlameha ho ngolla baena ba moo: “Likhang li teng har’a lōna, . . . kahobane e mong le e mong ho lōna o re: ’Na, ke oa Pauluse! ’na, ke oa Apollose! ’na, ke oa Kefase!—’na, he ke oa Kreste! Na Kreste o khaohane na?” (1 Ba-Korinthe 1:11-13) Ka hona litho tsa phutheho li ne li arohane ka mekha. Hobane’ng? Hobane li ne li nka banna ba itseng e le ba bohlokoa haholo. Pauluse a ba kenya tseleng, a hlalosa: “Pauluse ke mang na? Le Apollose ke mang na? Ke bahlanka bao le lumetseng ka bona, . . . ’Na, ke hlomile, Apollose eena o noselitse, empa Molimo ke oona o melisitseng.”—1 Ba-Korinthe 3:5-7.

18 Ka bokhutšoaane, bothata e ne e le hore: Kaha ba ne ba amehile haholo ka ho latela batho, ba bang phuthehong ea Korinthe ba ne ba se na kamano e matla le e haufi le Jehova. Ena ke ntlha ea bohlokoa eo re ka lekanyetsang ka eona hore na re haha ka “gauda” kapa ‘litlhokoa,’ hore na re haha “matlo a boemo” kapa “mekhoro.”

19. (a) Ea rutang ka ho se hlokomele a ka ’na a ikhulela tlhokomelo e ngata kapa a lebisa tlhokomelo ho motho e mong joang? (b) Haeba re batla ho haha ka ‘gauda, silevera le majoe a bohlokoa,’ re tlameha ho leka ho etsa joang?

19 Mono re ka ithuta ntho ea bohlokoa. Ba bang ba ka ’na ba re, ‘Empa ha ke rute ba bang hore ba latele motho leha e le ofe!’ Leha ho le joalo, hona ho ka etsahala habonolo le hoja re sa ho rera. Ka mohlala, haeba ha seithuti se botsa potso, nako le nako re ntse re re, ‘Moena ’Nyeo (kapa, Khaitseli ’Nyeo) o re, . . . ,’ na rea bona hore ka ho se hlokomele re ka ’na ra lebisa tlhokomelo e ngata haholo ho monna kapa mosali ea sa phethahalang? Kapa haeba, ha ho botsoa lipotso, re re, ‘Ha ke tiise, empa ’na nka re,’ na rea bona hore re sa ho elelloa re ka ikhutlela tlhokomelo e ngata? Hopola, ho bonolo hore seithuti se be le maikutlo a phahameng ka moruti oa sona. (Bapisa Liketso 10:25, 26 le Tšenolo 19:10.) Haeba re batla ho haha “matlo a boemo,” ho hlokahala hore re hlokomele hore ha re hahe balateli ba batho. Ho e-na le hoo, re tlameha ho thusa liithuti tsa rōna ho hōlisa kamano e haufi le Jehova. Ho finyella seo re tlameha ho haha ka ‘gauda, silevera le majoe a bohlokoa.’ Tsee li emela’ng?

20. ‘Gauda, silevera le majoe a bohlokoa’ li emela eng? (Liproverbia 3:13-15)

20 Ho bapisa mangolo a kang Pesaleme ea 19:7-11; Liproverbia 2:1-6 le 1 Petrose 1:6, 7 ho bontša hore gauda, silevera le majoe a bohlokoa ka linako tse ling li sebelisoa ka tšoantšetso ho emela litšoaneleho, tse kang tumelo e matla, bohlale ba bomolimo, masene a moea, botšepehi, kananelo e lerato bakeng sa Jehova le melao ea hae. Litšoaneleho tse joalo ke tsa bohlokoa bakeng sa hore motho a be le kamano e haufi le e matla le Jehova Molimo. Litšoaneleho tsena li etsa botho boo re tlamehang ho leka ho bo haha ho bao re ba rutang. Na u haha ka tsela ee?

Na Ba Tla Mamella “Mollo”?

21. (a) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re hahe litšoaneleho tse tiisetsang ho bao re ba rutang? (b) “Mollo” o emela eng?

21 Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hakaale hore re hahe litšoaneleho tse tiisetsang joalo ho bao re ba rutang? Moapostola Pauluse o tsoela pele ho hlalosa: “Mosebetsi oa e mong le e mong o tla bonahala; hobane o tla hlahisoa pontšeng ke letsatsi, etsoe o tla bonahatsoa ke mollo, ’me mollo o tla leka mosebetsi oa e mong le e mong hoba o joang.” (1 Ba-Korinthe 3:13) Ka hona “mollo” o tla ‘bonahatsa’ hore na re haha ka tsela e joang. Mona “mollo” o emela eng? Na o emela mahloriso a mabe ’meleng? Ha ho bonahale ho joalo. Hobane hlokomela hore “mosebetsi oa e mong le e mong” o tla fetisoa ‘mollong.’ Hase Bakreste bohle ba hlorisoang ka mabifi. Ka hona “mollo” o emela likhatello kapa liteko life kapa life tse ka ’nang tsa senya boemo ba motho ba moea.

22. Liteko tse ling tse chesang tseo ba bang ba ka ’nang ba feta ho tsona ke life?

22 Ho ba bang “mollo” o ka ’na oa tla e le khang ea ho se jele pate. Ka mohlala, ba bang ba ka ’na ba hatelloa hore ba kopanele liketsong tsa bopolotiki kapa ba talimane le litlamo. (Johanne 15:19) Ka linako tse ling, “mollo” o ka ’na oa e-ba bolotsana haholo. Mohlomong ke teko ea ho shebella libaesekopo kapa mananeo a TV a bontšang likamano tsa botona le botšehali le pefo. Ho bacha ba Bakreste “mollo” o ka ’na oa tla e le ho phetlehela tšusumetso ea botona kapa botšehali, ho memeloa ho sebelisa lithethefatsi kapa khatello ea ho kopanela boithabisong bo theohileng ba lefatše. Takatso ea tlhaho ea ho amoheloa ke ba bang e ka ’na ea hatella bacha ba Bakreste ka matla hore ba lumele.—1 Johanne 2:16.

23. (a) Mabapi le ho talimana le liteko tse joalo, ho botsoa lipotso life, ’me likarabelo li itšetlehile ka eng? (b) Ho tla buisanoa ka eng sehloohong se latelang?

23 Bakreste ba bangata ba ’nete ba ile ba mamella liteko tse chesang joalo ka katleho. Ka masoabi, leha ho le joalo, ha hoa ba joalo ka ba bang. Kahoo, ho hlokahala re ipotse: Ha bao re ba rutileng ba tobana le “mollo,” ba tla tsoella joang? Na ba tla tšoana le ntlo ela e ntle ea boemo e khabisitsoeng ka gauda, silevera le majoe a bohlokoa, ba eme ba tiile? Kapa na ba tla tšoana le mokhoro ola oa mahong, joang le litlhokoa, e be baa cha? Ha e le hantle, ho hongata ho itšetlehile ka morutuoa ka boeena. Le teng, leha ho le joalo, ho hoholo haholo ho itšetlehile ka rōna re le baruti le hore na re hahile joang. Joale ho sala potso ena: U haha joang litšoaneleho tse tiisetsang joalo ho bao u ba rutang? Hona re tla ho bua sehloohong se latelang.

Na u ka Hlalosa:

◻ Hore na mosebetsi o kopanetsoeng o ameha joang ho ruteng ba bang?

◻ Hore na u rala Kreste e le “motheo” joang?

◻ Hore na ho ka ithutoa eng ka se etsahalletseng phutheho ea Korinthe ea boholo-holo?

◻ Hore na “mollo” ke eng le hore na hona ho hatisa bohlokoa ba ho haha litšoaneleho tse tiisetsang ho ba bang joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Ha u ruta ba bang, na u haha ka thepa e sa cheng kapa ka e chang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela