Molula-Qhooa o nka Bohato Ba ho Hatisoa ka Nako e le ’Ngoe
Ka Phupu 1879 tokollo ea pele ea makasine ona ea re: “Joalokaha lebitso la oona le supa, o rerile ho ba qhooa eo ho eona litaba tse khahlisang le tse molemo li ka tsebisoang ‘mohlatsoana.’ Kajeno, Molula-Qhooa o fana ka lijo tsa moea le ho “bongata bo boholo” ba batho ba tšepahalang ba lebeletseng pele ho fumana bophelo bo sa feleng hona mona lefatšeng.—Luka 12:32; Tšenolo 7:9-17.
Ha khatiso ea Molula-Qhooa e eketseha ha eketseha le palo ea lipuo tseo o ngoloang ka tsona. Kajeno, lipuo tsena li 102. Litlaleho li bontša hore lipeeletso tse ncha tsa Molula-Qhooa le molekane oa ’ona Tsoha! li eketsehile haholo lilemong tse 70 tse fetileng. Le kabo ea makasine ka mong tšimong e eketsehile. Lipalo tse ling tse teng ke tsena:
Selemo Lipeeletso tse Ncha Limakasine tse Tsamaisitsoeng
1914 2 746 95 973
1944 292 258 9 293 913
1964 1 551 436 127 055 165
1984 1 812 221 287 358 064
Hona joale re finyelletse tsoelo-pele e ’ngoe e khōlō historing ea lilemo tse 105 ea Molula-Qhooa—ho hatisoa ha ’ona ka nako e le ’ngoe ka lipuo tse 20 le ho feta. Ke tsoelo-pele e thabisang ka sebele! E se e ka Jehova a ka tsoela pele a sebelisa makasine ena ka matla ho tsebahetseng ’Muso oa hae ka Kreste Jesu!
[Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]
Se-Swedishe
Sedenishe
Se-Norway
Sefinishe
Sepotoketsi
Sejeremane
Sepedi
Sesotho
Se-Tsonga
Se-Zulu
Sedache
Sefora
Sepanishe
Setaliana
Afrikaans
Sejapane
Setswana
Se-Venda
Se-Xhosa
Se-Cibemba