Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 2/1 maq. 8-13
  • Ke Mang ea ka Hlalohanyang “Pontšo” ka Nepo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Mang ea ka Hlalohanyang “Pontšo” ka Nepo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Pontšo” ea Mehla ea Rōna
  • Nako e Tšoailoeng ea ho Hlaha ha “Pontšo”
  • Bontša Teboho—’Muso oa Jehova oa Bomessia oa Busa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Timetso e Profetiloeng ea Lefatše e Tla Tla Neng?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 2/1 maq. 8-13

Ke Mang ea ka Hlalohanyang “Pontšo” ka Nepo?

“Baikaketsi! le tseba ho lemoha tšobotsi ea leholimo le ea lefatše, ’me nako ena ha le tsebe ke’ng ho e lemoha?”—LUKA 12:56.

1, 2. Lira tsa Jesu li ne li ka lekanyetsa eng ponahalong ea leholimo, empa li ne li ke ke tsa utloisisa eng?

BASESISI ba bohlale ba likepe ba tseba ho hlalosa ponahalo ea leholimo, ’me ba ea ka lipontšo tsa eona. Joalokaha thothokiso e tsebahalang e bea litaba tjena: “Leholimo le lefubelu bosiu, ke thabo ho basesisi ba likepe, leholimo le Lefubelu hoseng, ke temoso ho basesisi ba likepe.”

2 Morena Jesu Kreste a tiisa haholoanyane ntlha e tšoanang ha a ne a tobane le lira tsa hae. Luka, mongoli oa Molaetsa, o tlalehile sena mabapi le ketsahalo eo: “A ntoo re ho bongata: Mohla le bonang leru le nyoloha bophirimela, le ee le phakise le re: Pula e tla na. ’Me ho fele ho be joalo. Ere ha le bona ho foka moea o tsoang nģa boroa, le re: Ho tla futhumala. ’Me ho fele ho be joalo. Baikaketsi! le tseba ho lemoha tšobotsi ea leholimo le ea lefatše, ’me nako ena ha le tsebe ke’ng ho e lemoha?”—Luka 12:54-56.

3. Ke “pontšo” efe e pakang hore Jesu e ne e le Messia eo lira tsa hae li neng li sitoa ho e pata?

3 Lira tseo tse ikhohomosang li ne li ka lepa boemo ba leholimo, empa e ne e le baikaketsi haholo ’me ba sa tsebe letho moeeng hore ba ka utlosisa litaba tsa bohlokoa bo boholo. Jesu o ile a etsa lipontšo tse sa tšoaneng tse ileng tsa thusa ba pelo li tšepahalang hore ba lumele ho eena. (Johanne 2:23, NW) Leha ho le joalo, bopaki bo boholo ba “pontšo” ea hore e ne e le Messia kapa Kreste e bile lefu la hae ka Letsatsi la Paseka la 33 C.E. le tsoho ea hae ka letsatsi la boraro. (Mattheu 12:38-41; Luka 11:30, NW) Ka tlhaho, lira tsa Jesu li ile tsa leka ho pata “pontšo” eo. (Mattheu 27:62–28:20; Liketso 4:1-4, NW) Empa pele a nyolohela leholimong Bajode ba fetang 500 e bile lipaki tsa tsoho ea hae. (1 Ba-Korinthe 15:3-6) Ka ho tšoanang, kajeno ho na le “pontšo” e ke keng ea patoa. Ho e hlalohanya ke taba ea bophelo le lefu. Empa “pontšo” eo ke eng? ’Me ke mang ea ka e hlalohanyang?

“Pontšo” ea Mehla ea Rōna

4. Kajeno, ke “pontšo” efe e bonahalang, ’me litšobotsi tse ling tsa eona ke life? (Mattheu 24:3)

4 Barutuoa ba Jesu ba ne ba ile ba mo botsa: ‘Pontšo ea ho ba teng ha hao e tla ba efe le ho fela ha lefatše?’ Ha Kreste a arabela, a profeta lintoa, litlala, litšisinyeho tsa lefatše tseo ho seng tse lekanang le tsona le litšobotsi tse ling tsa “pontšo” ea “ho ba teng” ha hae matleng a ’Muso a sa bonahale. Tšobotsi e khōlō ke mosebetsi o potolohang lefatše oa ho bolela ka ’Muso oo hona joale o etsoang linaheng tse 203 ke Lipaki tsa Jehova tse fetang 2 840 000. Libuka tsa Watch Tower li ’nile tsa supa sena le bopaki bo bong boo hona joale bo phethahatsang “pontšo” ea “ho ba teng” ha Jesu.—Mattheu, likhaolo 24, 25; Mareka khaolo 13; Luka khaolo 21.

5. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a sa feteletse taba ha a bitsa Bajode ba lekholo la pele la lilemo ‘moloko o lonya, o mofebi’?

5 Ho ke ke ha latoloa ’nete ea hore esale ho qhoma Ntoa ea Lefatše ea I ka 1914 bopaki bo phethahatsang “pontšo” bo ’nile ba eketseha. Hoo ho lokela ho bolela eng ho rōna? Koana, ha re batle ho tšoana le Bajode ba makholo a lilemo a 19 a fetileng bao e neng e le balepi ba batle ba boemo ba leholimo, empa ba ile ba hlokomoloha bopaki bo pepenene ka pel’a mahlo a bona ’me ha ba ka ba rata ho etsa qeto eo ho neng ho hlakile hore na e lebisa kae. Khale pele ho moo, Molimo o ne o ile oa fa Moshe matla a ho etsa lipontšo tse tharo ho paka hore Molimo o mo file matla holim’a Baiseraele ba tujoang. (Exoda 4:1-31) Empa ka pel’a lipontšo tse ngata tse fetang boraro, Bajode ba moloko oo oa lekholo la pele la lilemo ba ne ba sa rate ho amohela Ea Moholo ho Moshe e le Messia. (Johanne 4:54; Ba-Heberu 2:2-24) Kahoo Jesu o ne a sa feteletse taba ha a ba bitsa ‘moloko o lonya, o mofebi.’—Mattheu 12:39.

6. Batho ba tsebang litaba ba re’ng hona joale ka maemo a lefatše?

6 Batho ba moloko ona oa lekholo la bo20 la lilemo ba sa lakatseng kapa ho lumela ho tleng ha Jesu Kreste la bobeli ha ba hlalohanye “pontšo” ea bofelo ba tsamaiso ena. Empa maemo a teng ha a thabise ho hang, joalokaha ho bontšitsoe ke mehlala e latelang:

“Mongoli-Kakaretso oa Machaba a Kopaneng Javier-Perez de Cuellar o hlokometse hore lefatše le fihlile boemong bo kotsi haholo phetohong ea litaba tsa machaba ’me tšusumetso e isang tokeng, khotsong le taolong e tsitsitseng ea machaba e bonahala e fokolisitsoe. . . . ‘Ho theoha ha ho tšepana har’a lichaba ho fana ka motheo o nonneng o tsoalang khatello le khohlano,’ ho buile joalo Mongoli-Kakaretso oa UN.”—Indian Express, Mphalane 22, 1983.

“Ba bangata ba rōna ka lilemo re ’nile ra bolela hore ntoa ea ‘nuclear’ e tla bolaea batho ba se nang molato ba limillione tse ngata le hore e tla hlokisa karolo e khōlō ea lefatše baahi . . . Sehlopha sa bahlalefi ba hlomphehang se fihletse qeto e tšabehang haholo—hore ntoa ea ‘nuclear,’ kapa esita le khohlano e fokolang ea lihlomo tsa ‘nuclear’ pakeng tsa linaha tse matla, e ka qalisa kotsi e khōlōhali lefatšeng ka bophara hoo e ka bolaeang libillione e seng ba limillione feela ’me ho ka etsahala hore e felise bophelo ba batho lefatšeng. Ho ile ha etsoa tlhahlobo ea lilemo tse peli bakeng sa Seboka se neng se Amehile ka Liphello tse sa Feleng tsa Ntoa ea ‘Nuclear’ Bophelong ba Lefatše Lohle. Liqeto tsa bona li ile tsa tiisoa ke litsebi tse fetang 100 . . . Carl Sagan . . . o beile liphello tsa ntoa ea ‘nuclear’ ka mantsoe a matla: ‘Ho fela ha moloko oa motho ho hlile ho tla etsahala.’”—The Express (Easton, Pa.), Pulungoana 3, 1983.

7. Barati ba bophelo lefatšeng le molemo ba tlameha ho talima hokae bakeng sa tiiso?

7 Pono eo e lerootho e fanoe ke bahlalosi ba ikarabellang le ba tšepahalang. Ho hotšo haholo-holo hobane ba ke ke ba supa tsela leha e le efe ea ho tsoa kotsing eo ba e bonang. Ka sebele, barati ba bophelo lefatšeng le molemo ba batla boitsebiso bo susumetsang tšepo. Ka thabo, ho na le tsela ea ho tsoa tsietseng e haufi ea lefatše, hobane ho bile le baphonyohi ba kotsi e tšosang joalo ea lefatše. Hobane, haeba ho sa ka ha e-ba le baphonyohi ba Moroallo oa mehleng ea Noe, hona joale lefatše le ka be le sa tlala ka baahi ba fetang 4 000 000 000! Ke buka e le ’ngoe feela—Bibele e Halalelang—e re fang tlaleho e nepahetseng ea hore na ke joang batho ba robeli feela, hammoho le mekhethoa ea bophelo ba liphoofolo, ba ileng ba phonyoha koluoa eo ea lefatše.

8. Ho fapana le ba bang, barutuoa ba Jesu ba ne ba lokela ho etsa’ng ha tsamaiso eo ea lintho e ne e le haufi le ho tlosoa?

8 Kaha eona Buka eo e tšepahalang e re fa tlhaloso ea Jesu ka maemo a lefatše ha tsamaiso ea hona joale e senyehileng e felisoa, na ha rea lokela ho leka ho hlalohanya “pontšo”? Lilemo tse mashome a mararo a metso e supileng pele Jerusalema e timetsoa ke makhotla a Roma ka 70 C.E., Jesu a fana ka lethathamo leo le lelelele la litšobotsi tsa “pontšo” e nang le likarolo tse ngata tse nyalanang e neng e tla etella pele koluoa ea lefatše e neng e tšoantšetsoa ke Moroallo. ’Me har’a lintho tse ling, o itse; “Lipontšo li tla ba teng letsatsing, le khoeling, le linaleling; le lefatšeng lichaba li tla tsieleha, li be le matsoalo, leoatle le ntse le luma le maqhubu a lona. Batho ba tla neela moea ke tšabo le ke tebello ea tse tla tla lefatšeng; hobane tse matla tsa leholimo li tla sisinyeha. Ke moo ba tla bona Mor’a motho a e-tla ka leru, ka matla le ka khanya e kholo. Etlare ha tseo li qala ho hlaha, emisang lihloho, ’me le lelale holimo, hobane topollo ea lōna e tla be e atametse.”—Luka 21:25-28.

9. Ho tloha ka 1895 ho ea ho 1931, thōmo ea koranta ena e ne e tšoantšitsoe eng sekoahelong sa eona?

9 Karolo ea boprofeta boo e ile ea hlaha sekoahelong sa litokollo tsa Watch Tower tsa January 1, 1895, ho ea ho October 1, 1931. Ka holim’a mantsoe ao a qotsitsoeng Bibeleng ho ne ho tšoantšitsoe tora e ntšang mahlaseli, ha leoatle le halefileng le ntse le otla motheo oa lefika leo tora e emitsoeng ho lona. Kahoo koranta ena ea litaba e ile ea bontša thōmo ea eona ho moloko, oo litho tsa oona li ntseng li phela ’me li bala eona tokollo ena.

10. Re ka qoba ho tšoha ho utluoang ke baeta-pele ba batho kajeno joang?

10 Kajeno, banna ba litaba, bao lipelo tsa bona li tepellang ke tšabo, ba fana ka tlhaloso eo ba iketselitseng eona mabapi le litšobotsi tsa “pontšo” ena e nang le likarolo tse ngata tse nyalanang. Empa mohlalosi ea molemohali oa rōna ke Jesu Kreste, ’me haeba re amahanya tlhaloso ea “pontšo” le eo a fanang ka eona, re ke ke ra ba le tšabo e atileng ho baeta-pele ba tsielehileng moluba-lubeng oa lefatše. Ho e-na le hoo, re tla thaba hobane topollo ea rōna tsamaisong ena e khopo e-ea atamela.

Nako e Tšoailoeng ea ho Hlaha ha “Pontšo”

11. Jesu o bontšitse joang hore liketsahalo tsa lefatše tse bontšang bofelo li ne li tla hlaha ka nako e nepahetseng?

11 Liketsahalo tsa lefatše li etsahala hantle ka nako. Joang? Pele Jesu a fana ka boprofeta bo tlalehiloeng ho Luka 21:25-28, o ile a profeta timetso ea bobeli ea Jerusalema. Ke ’nete ho ea ka mantsoe a hae, e etsahetse ka 70 C.E. Ha e le ka Bajode ba pholohang, Jesu a re: “Ba tla oa ka bohale ba sabole, ba isoe kholehong lichabeng tsohle; ’me Jerusalema e tla hatakeloa ke lichaba, ho be ho phethoe mehla ea lichaba.” Lichaba tseno e ne e se Bajode, empa Balichaba. Kahoo, mabakeng a mangata nako ena ea ho hatakeloa e bitsoa “mehla ea lichaba.” (Luka 21:24) E felile neng? Koana, ho ameha ho fetang se etsahalletseng Jerusalema oa lefatšeng. Kahoo letsatsi leo Baiseraele ba ileng ba hapa motse oa khale oa Jerusalema o neng o sirelelitsoe ka marako, kapa ’nete ea hore ke motse-moholo oa sechaba sa Iseraele se ipusang kajeno, hase oona mabaka a ahlolang. Empa nako ea Molimo ea ho sebetsa lintho ke eona e ahlolang litaba!

12. Mehla ea Lichaba e qalile neng, e bile melelele hakae, hona e felile neng?

12 Balichaba ba Baroma ba qalile ho hatakela Jerusalema ka 63 B.C.E. Empa pele ho bona Balichaba ba Bagerike, Bapersia, le Bababylona ba ile ba hataka ‘motse oo oa morena e moholo’ Jehova. (Mattheu 5:34, 35) Bababylona ba ile ba o timetsa le tempele ea oona ka 607 B.C.E. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, Lichaba tsa qala ho hatakela ho neng ho emela ’Muso oa Molimo, ’me ho ne ho hlile ho qalile Mehla ea Lichaba. Mehla eo ea Lichaba e ne e lokela ho ba supa, ’me mohla o mong le o mong oa eona e le matsatsi a 360 ka bolelele ho lumellana le selemo sa boprofeta sa Bibele. Motheong oa hore ‘letsatsi le emela selemo,’ ‘mehla e supileng” ka kakaretso e ne e tla ba lilemo tse 2 520. (Daniele, khaolo 4; Numere 14:34; Ezekiele 4:6) Ho qala ka thipitlo ea Jerusalema ka 607 B.C.E, e ne e tla fela ka 1914.

13. Liithuti tsa Bibele li tsebile letsatsi la ho fela ha Mehla ea Lichaba ho tloha neng?

13 Khale ka 1880, makasine oa Watch Tower o boletse hore Mehla ea Lichaba e ne e tla atolohela selemong sa 1914 C.E. ’Me ka ho lokolloa ha buka The Time Is at Hand ka 1889, liithuti tsa Bibele lefatšeng ka bophara li ile tsa lemosoa hape ’nete ea hore Mehla ea Lichaba e ne e tla fela hoetla (ka leboea ho lefatše) ka 1914.

14. Ho sa tsotellehe se etsahalletseng Jerusalema ka 1948, ke hobane’ng ha re ka re Mehla ea Lichaba e felile ka 1914?

14 Kahoo, na ka selemo seo, Jerusalema ea khale e ile ea khaotsa ho hatakeloa ke lichaba tseo e seng Bajode, kapa Balichaba? Che, hobane ka 1914 motse oo o tsejoang haholo o ne o ntse o le matsohong a ’Muso oa Turkey, motsoalle oa ’muso oa bohatelli oa Jeremane. Ka la 9 Tšitoe, 1917, o ile oa nkoa ho ma-Turkey ke mabotho a Brithani tlas’a Molaoli Allenby. Jerusalema ea tsoela pele tlas’a puso ea Brithani ka taelo ea Selekane sa Lichaba ho fihlela ka 1948. Joale Bajode ba ema ’me ba hapa karolo e ka bophirima ea Jerusalema ea kajeno e ka ntle ho motse oa khale o sirelelitsoeng ka marako. Motse o sirelelitsoeng ka marako oa nkoa ke Bamuhamede. Joale, re ka bolela joang hore Mehla ea Lichaba e felile ka 1914? Hobane ka sona selemo seo ’muso oa Morena e moholo Jehova o ne o tsoetsoe leholimong.

15, 16. (a) Jerusalema ea khale e khaolitse neng ho ba “motse oa morena e moholo” Jehova, empa ke Jerusalema efe e phahamisitsoeng haholo e teng? (b) Joale, ke hokae moo Jehova a neng a tla bea Jesu Kreste e le Morena?

15 Ha Jesu a le lefatšeng, tempele ea Molimo e ne e eme Jerusalema, ’me Jesu o ne a rapela moo. Kahoo ka nako eo Jerusalema e ne e ka bitsoa “motse oa morena e moholo” Jehova. (Mattheu 5:34, 35) Empa ka ho haholoa ha lesira la tempele lefung la Jesu ka Letsatsi la Paseka ea 33 C.E., Jerusalema ea khaotsa ho ba motse oa borena oa Jehova. Ho timetsoa ha Jerusalema le tempele ea eona ke Balichaba ba Baroma ka 70 C.E. ha tiisa ’nete eo. Taba e ileng ea thabisa Bakreste ba Bajode ka nako eo, le Bakreste bohle ho tloha ka nako eo ke hore, ho na le Jerusalema e ’ngoe, e phahamisitsoeng haholo, “Jerusalema oa leholimo.”—Ba-Heberu 12:22.

16 Tumellanong le ’nete ena, boprofeta ba Jesu bo tlalehiloeng ho Luka 21:24 bo qalile bo sebetsa ho Jerusalema oa lefatšeng empa bo tlameha ho fella ka “Jerusalema oa leholimo.” E, hobane “Jerusalema oa leholimo” o nketse Jerusalema oa lefatšeng sebaka e le “motse oa morena e moholo” Jehova Molimo. Moo, ‘motseng’ oo o khanyang, e ne e le sebaka sa hore “morena e moholo” Jehova a bee teroneng Mor’a hae ea tlotlisitsoeng, Jesu Kreste bofelong ba Mehla ea Lichaba ka 1914.

17. Qetellong ea Mehla ea Lichaba, ke taelo efe ea Molimo eo Jesu Kreste, Morena ea beiloeng teroneng, a ileng a e fuoa, ’me ke bo-mang ba ithaopetseng ka ho rata bakeng sa tšebeletso ea hae?

17 E ne e le nako e khethiloeng ke Jehova ea ho nea Mora oa hae ea beiloeng teroneng Jesu Kreste taelo e fumanoang mantsoeng a Pesaleme ea 110:2, 3: “Jehova o ea otlolla Sione molamu oa matla a hao; hloma ’muso oa hao har’a lira tsa hao. Sechaba sa hao e tla ba se mafolo-folo ka letsatsi la ho futuha ha hao; ka bokhabane bo khethehileng, ba bacha ba hao ba ea tsoa pel’a hao joale ka phoka e tsoang popelong ea mafube.” Ke ’nete ho ea ka boprofeta bona, “sechaba” se ineetseng se latetseng mehato ea Jesu ’me se hlokometse bofelo ba Mehla ea Lichaba ka 1914 sa ithaopa ka ho rata ho sebeletsa e le baphatlalatsi ba puso e qalileng bocha Sione oa Leholimong ea Jehova Molimo ka Morena Jesu Kreste. Empa lichaba tse bitsoang tsa Bokreste ha lia ka tsa rata ho ikokobeletsa Morena oa Jehova ea tsoa beoa teroneng. Ha e le hantle, li ipakile e le “lira” tsa hae, hobane li ile tsa tšoareha ntoeng ea pele ea lefatše ea pale ea motho ho tseka bobusi ba lefatše. Hape lichaba tsa khathatsana le ho phatlalatsoa ha ’Muso oa Molimo lefatšeng ka bophara.

18. Ka 1918, ke bopaki bofe ba bora bo neng bo le teng khahlanong le ’Muso oa Molimo?

18 Bora khahlanong le ’Muso oa Molimo ba totobala haholo ka 1918. Ka la 8 Motšehanong, 1918, mongoli oa makasine oa Watch Tower le ba ’maloa ba basebetsi ’moho le eena ba tšoaroa har’a letsoso la ntoa. Hamorao, ka la 21 Phuptjane, ba ahloleloa lilemo tse ngata teronkong ea naha ea Atlanta, Georgia, U.S.A. Ke feela hoba ntoa e lale ’me ba qetile likhoeli tse robong teronkong basebeletsi bana ba ’Muso oa Molimo ba ileng ba lumelloa ho ntša chelete e sireletsang ho lokolloa ha bona e le batšoaruoa. Ha nako e ntse e-ea, ba lokolloa likahlolong tsohle tsa bohata tseo ba neng ba qosoa ka tsona.

19. Kamor’a Ntoa ea Lefatše ea I, Lekhotla le Ipusang la Likereke tsa Amerika le ile la nka boemo bofe mabapi le Selekane sa Lichaba?

19 Ntoa ea Lefatše ea I ea lala ka la 11 Pulungoana, 1918, ’me ka khoeli e latelang Lekhotla le Ipusang la Likereke tsa Kreste Amerika la ipolela phatlalatsa hore le tšehetsa tšisinyo ea nakong ea ho etsoa ha Selekane sa Lichaba. Sehlopha seo sa bolumeli sa bolela Selekane e le “pontšo ea bopolotiki ea ’Muso oa Molimo lefatšeng.” Ka ho hlokomoloha thoriso eo ea bolumeli, ka mabaka a bopolotiki Linaha tse Kopaneng tsa Amerika tsa hana ho kena Selekane seo, tsa kena feela Lekhotleng la Lefatše. Empa Selekane sa qala ho sebetsa mathoasong a 1920, ’me litho tsa Lekhotla le Ipusang la Likereke tsa se hlohonolofatsa le ho se tšehetsa.

20. Batho ba Jehova ba ile ba nka boemo bofe mabapi le Selekane, hona ba ile ba qala ho tsebahatsa eng?

20 Ka lehlakoreng le leng, makasine oa Watch Tower le batho ba Jehova ba o tsamaisang ba ile ba hana ho hlokomela Selekane sa Lichaba e le motšoareli oa lipolotiki bakeng sa ’muso oa Molimo. Ha ho mohla ba kileng ba se hlokomela e le phethahatso ea thapelo ea mohlala joalokaha e rutiloe ke Jesu Kreste: “Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.” (Mattheu 6:9, 10) Ha ba ka ba ithaopela ho sebeletsa motšoareli eo ea entsoeng ke motho, ea thetsang! Ho e-na le hoo, ba tšepahala ’Musong oa sebele oa Molimo matsohong a Jesu Kreste, “Jerusalema oa leholimo.” Ka thuso ea Molimo, ba hlalohanya “pontšo” ea “ho ba teng” ha Jesu le ea “ho fela ha lefatše.” Kahoo ba ikemisetsa ho tsebahatsa ’Muso lefatšeng ka bophara.

Karabelo Ea Hao Ke Efe?

◻ Ke “pontšo” efe e bonahalang kajeno, ’me litšobotsi tse ling tsa eona ke life?

◻ Hona joale re ka qoba tšabo e utluoang ke baeta-pele ba batho joang?

◻ Mehla ea Lichaba e qalile neng hona ea fela neng?

◻ Ke ho “Jerusalema” efe Jehova a beileng Jesu Kreste e le Morena?

◻ Batho ba Jehova ba talimile Selekane sa Lichaba joang?

[Chate e leqepheng la 11]

Mphalane, 607 B.C.E.—Mphalane, 1 B.C.E. = Lilemo tse 606

Mphalane, 1 B.C.E.—Mphalane, 1914 C.E. = Lilemo tse 1 914

MEHLA E SUPILENG EA LICHABA = Lilemo tse 2 520

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Ba hlalohanyang “pontšo” ba ka pholoha bofelo ba tsamaiso ena, joalokaha batho ba robeli ba ile ba pholoha Moroallo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela