Jehova O-oa Tšabeha empa o Lerato
JEHOVA MOLIMO a botsa, “Le tla ntekanya le mang hore ke tšoane le eena”? Le puo e bokheleke ka ho fetisisa e ne e ke ke ea hlalosa ka botlalo matla le khanya tse ikhethang tsa Molimo. Ke eena ea re memang ho nahana ka boholo ba maholimo, a re: “Lelalang holimo, le talime! Ea entseng ntho tseo ke mang? O tsamaisa makhotla a tsona ka lenaneo, o li thonya kaofela ka mabitso a tsona ka matla a hae a maholo, matla a hae a sa sitoeng ke letho; ha ho le e ’ngoe ho tsona e hlokahalang.”—Esaia 40:25, 26.
Linaleli tse likete-kete tse bonahalang mahlong a rōna ke lethebanyana feela la linaleli tse libillione tse ka bang 100 tse Molaleng oa rōna! Empa Jehova o reile linaleli tsohle tse bokahohleng mabitso ’me o tseba le palo ea tsona! Hape, nahana ka matla a maholo a koaletsoeng linaleling tsena kaofela. Letsatsi la rōna, le na le mocheso oa likhato tse limillione tse 15 tsa “Celsius.” Ke ‘matla a maholo’ hakaakang ao Jehova a tlamehang e be o na le oona hore e be o hlotse libōpi tsee tsa “nuclear” tse libillione!
Ho utloisisa Jehova ka botlalo ruri ho phahametse matla a rōna a manyenyane. Elihu o itse: “Re ke ke ra finyella ho Ea matla ’ohle; o phahame le ka matla . . . Ka baka leo, batho ba tšoanetse ho hlonepha [“tšaba,” NW] Molimo.” (Jobo 37:23, 24) Leha ho le joalo, Jehova o re batla ho fetang tšabo kapa tšoho. Bibele e-ea laela, “Rata Jehova, Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle, le ka moea oa hao oohle, le ka matla a hao ’ohle.” (Deuteronoma 6:5) Empa na re ka rata motho eo re sa mo utloisiseng ka botlalo? E, hobane le hoja Jehova a lula holimo maholimong, o sebetsana ka lerato le batho ba sa phethahalang ’me o ba lumella ho mo utloisisa leha e le ka mokhoa o sa fellang.—Bapisa Pesaleme ea 113:5-9.
“Mahlo,” “Litsebe,” le “Sefahleho” Tsa Hae
Tsela e ’ngoe eo ka eona Jehova a re thusang hore re mo utloisise ke ka ho lumella hore a hlalosoe ka mantsoe a batho. Moapostola Petrose o itse: “Mahlo a Morena a talima ba lokileng, ’me litsebe tsa hae li mamela thapelo ea bona; empa sefahleho sa Morena se bohale ho ba etsang hampe.”—1 Petrose 3:12; bapisa Exoda 15:6; Ezekiele 20:33; Luka 11:20.
Koana, mantsoe ana a hlalosang a ke ke a nkoa ka ho toba, joalokaha ho ke ke ha e-ba joalo ha Mangolo a bitsa Molimo “letsatsi,” “thebe,” kapa “Lefika.” (Pesaleme ea 84:11; Deuteronoma 32:4, 31) Ba bang ba bea lebaka la hore, ‘Empa na Bibele ha e re re entsoe ka “setšoantšo” sa Molimo?’ (Genese 1:26, 27) E, empa ho tseka hore Molimo o na le molomo, nko le litsebe tsa sebele ho baka mathata a tebileng. Ka mohlala, na kutlo ea Molimo o Matla ’ohle, e ka hla ea lekanyetsoa ka seo maqhubu a molumo a ka se tlisetsang tsebe ea sebele? Che, hobane Bibele e bontša hore Molimo o ka “utloa” le lipolelo tse etsoang ka pelong ea motho. (Genese 24:42-45) Leha e le hore matla a hae a ho “bona” a itšetlehile ka maqhubu a leseli.—Pesaleme ea 139:1, 7-12; Ba-Heberu 4:13.
Ka hona motho ea phethahetseng o ne a bonahatsa litšoaneleho tsa Molimo tse kang lerato le toka, e seng litšobotsi tse bonahalang tsa oona. Bakreste ke bona ba bonahatsang litšoaneleho tse joalo ha ba ela hloko keletso ea moapostola Pauluse, ea ileng a phehella: “Le apare motho e mocha, ea nchafallang tsebong ka setšoantšo sa ea ’mōpileng.”—Ba-Kolosse 3:10.
Lipono tsa Khanya
Mehleng ea boholo-holo, bahlanka ba bang ba Jehova ba bile le tokelo ea ho fumana lipono tse bululetsoeng tsa khanya ea Jehova ea leholimo. Ezekiele ke e mong oa bona. (Ezekiele 1:1) Seo a se boneng ponong se haelloa ke tlhaloso! Ezekiele a ba a sebelisa mantsoe a hlalosang le litšoantšetso, hangata a bolela hore o bone ‘ho hong ho kang’ ntho e tloaelehileng. Ka mohlala, moprofeta o itse:
“Ho no ho le ntho e kang lehakoe la safire, e nang le sebopeho sa terone; ’me sebopehong sa terone, ho no ho le ntho e kang sebopeho sa motho ea lutseng ho eona, ’nģa holimo. ’Me ka bona ho kang koporo e hlenneng, hoo e kang ke mollo o mo etselitseng bolulo ka ’nģa tsohle; ho tloha ho hoo e kang ke letheka la hae, ’nģa holimo, le ho tloha ho hoo e kang ke letheka la hae, ’nģa tlase, ka bona eka ke mollo le khanya e mo teelang hare. Joale ka ponahalo ea mookoli ha o bonahala lerung mohl’a pula, ponahalo ea khanya eo ka ’nģa tsohle e ne e le joalo. E ne e ka ponahalo ea khanya ea Jehova.”—Ezekiele 1:26-28.
Ezekiele o hlalositse khanya e kaakang! Moapostola Johanne o bile le pono e tšoanang ea Jehova, ’me a ngola: “Bonang, terone e ne e beiloe leholimong, ’me e mong o na a lutse teroneng eo. Ea lutseng ho eona, ha ke ’mona, o na a tšoana le lejoe la jaspe le la sardone, ’me terone e ne e teetsoe hare ke mookoli o kang emerauda, ha ho talingoa.” (Tšenolo 4:1-3) Le hoja Jehova a emeloa ka bokhabane bo bokaalo, ha a tšoantšetsoe e le Molimo o sehlōhō. Ho e-na le hoo, ke ponahalo ea khotso, e nang le khutso joaloka mookoli.—Bapisa Genese 9:12-16.
’Nete ea hore Molimo o lumelletse le lipono tse lekanyelitsoeng joalo tsa bokhabane ba hae ba leholimo e bontša hore merero ea hae maloka le batho ke ea khotso. Ka sebele, ba ratang Molimo ba ka mo atamela ka tšepo e le ea molemo “ea utloang merapelo.”—Pesaleme ea 65:2.
Monna Jobo a re ka Molimo: “Bonang, tseo ke bokantle ba litsela tsa oona; ka litsebe tsa rōna re utloa oeoetso e nyenyane ea tsona.” (Jobo 26:13, 14) Ka sebele, ho na le ho hongata ho ka ithutoang ka Jehova Molimo, ea hlohonolofalitseng bahlanka ba hae ka tebello ea ho phela ka ho sa feleng. (Johanne 17:3) Empa ‘le nako e sa feleng’ e ke ke ea lekana hore re fumane “mesebetsi e entsoeng ke Molimo, ho qala qalong ea eona ho isa qetellong ea eona.”—Moeklesia 3:11.
Leha ho le joalo, seo ba lipelo li tšepahalang ba se tsebang kapa ba ithutang sona, se ka ba susumelletsa ho rata le ho utloa Jehova. (1 Johanne 5:3) Na u e mong oa batho ba joalo? Ho utloa Molimo ha ho bonolo kamehla. Empa ha u se u tseba Jehova Molimo le litsela tsa hae tse lokileng ka ’nete, ha ho boiteko bo bonahalang bo le boholo haholo. Ka baka leo, na u ikemiselitse ho tseba ka botlalo Molimo ona o tšabehang empa o le lerato?
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Banna ba kang Ezekiele le Johanne ba bile le lipono tse re neang mohopolo o tšabehang oa khanya ea Jehova
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ho hlola linaleli le ho li rea mabitso ha Molimo ho re nea leseli la matla a sa lekanyetsoang a oona