Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 5/15 leq. 19
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Ea Tsosa Litaba tse Khōlō’
  • Thuto “E Phahameng”
  • Karohano ka ho Ntša Limpa
  • Ho Ntša Mpa—Lefatše le Arohane
    Tsoha!—1987
  • Ho Ntša Mpa—Hase Tharollo e se Nang Mathata
    Tsoha!—2009
  • Ho Nyarela ka Litabeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Ho Ntša Mpa—Na ke Tharollo?
    Tsoha!—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 5/15 leq. 19

Ho Nyarela ka Litabeng

‘Ea Tsosa Litaba tse Khōlō’

Ka la 22 Tšitoe, 1984, tlas’a borogo ba makoloi ha etsahala ntho e tšosang e ileng ea fetoha sehlooho sa likoranta Motseng oa New York. Bernhard Hugo Goetz ea lebileng mosebetsing a atameloa ke bacha ba bane, bao a boletseng hore ba ne ba batla ho mo tlatlapa. Goetz, eo pelenyana a kileng a tlatlapuoa, a ntša sethunya ’me a thunya bacha bao ba bane, e mong oa bona a mo holofatsa.

Ketsahalo ena ea ho thunya ea fetoha puisano ea sechaba tabeng ea bokebekoa le tšireletso ea sechaba. Sebui se seng lenaneong la TV se hlalositse hore, “Nyeoe ena e ile ea tsosa taba e khōlō haholo. Ho na le tsieleho e khōlō le bohale ka baka la tsamaiso ea ’muso litabeng tsa bonokoane.” TIhaloso ea mohlophisi oa litaba ho The New York Times e itse: “’Muso o sitetsoe [sechaba] boikarabelong ba ’ona bo boholo ba motheo: tšireletso ea sechaba. Ho inkela molao matsohong ho bolela ho etsa lintho ntle ho molao o fanoeng. Empa molao o ne o se matsohong a motho leha e le ofe borogong ba makoloi ka la 22 Tšitoe.”

Ho thahasella ha sechaba nyeoe ena ea Goetz ho totobalitse maikutlo a ba bangata: ho tšaba ho tlatlapuoa kapa ho amohuoa phahlo, tsieleho le bohale ka baka la hore ha ho letho le leholo le etsuoang ho tiisa tšireletso ea sechaba. Mathata a bosholu ha a macha ho hang. (Bapisa 2 Ba-Korinthe 11:26.) Taba e ncha ke boholo ba bonokoane le maemo a mang a sehlōhō a entseng hore batho ‘ba nehele moea ke tšabo le ke tebello ea tse tla tla.’ (Luka 21:26) Leha ho le joalo, tlas’a ’Muso oa Molimo tšabo e joalo e tla fela ka pele. Tsamaisong eo e ncha e tšepisitsoeng baahi bohle ba lefatše ba tla phela ka khotso le ka bonngoe, “ho se ea ba tšosang.”—Mikea 4:4.

Thuto “E Phahameng”

William J. Bennett, mongoli e mocha oa lefapha la thuto United States o itse: “Likolleche tse ngata li tšepisa ho u etsa ea molemo thutong le boitšoarong, empa ha ho bonahale li etsa joalo. Ha li phethahatse litšepiso tsa tsona.” Ho na le lebaka le leng le entseng hore a ikutloe ka ho fapaneng tjena ka boemo ba thuto likollecheng kajeno. Bennett o re: “Ho na le boikutlo ba hore ba amohetseng mangolo a kolleche ba maemong a phahameng a boprista le hore lintho tse ntle li tlela motho ha a fumane lengolo la univesithi. Haeba mora oa ka . . . a tla ho ’na ’me a re, ‘U ntšepisitse thupelo univesithing ea Harvard; ho ka ba joang haeba u ka ‘nea lidolara tse 50 000 boemong ba hoo hore ke qale khoebo e nyenyane?’ Nka nahana hore o hopotse hantle.”

Le hoja kolleche e ka tšepisa bokamoso bo khanyang, na e fana ka tiiso ea katleho? Che. Leha ho le joalo ho ba bangata, ho na le seo e ba etsetsang sona. Bakreste ba ’nete kajeno ba ka paka melemo ea thuto, ea boitšoaro, esita le ea lichelete e hlahisoang ke ho ithuta Lentsoe la Molimo le ho le sebelisa bophelong ba bona. Joalokaha ho boletse Pauluse, ba tseba hore “Lengolo lohle . . . le na le molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea . . . motho oa Molimo a tle a phethehe, a rutehele ruri mesebetsing eohle e molemo.” (2 Timothea 3:16, 17) Thupelo ea Bibele ha e na kotsi ea letho. Ho iphumanela bohlale ba Molimo ‘eo mehopolo ea hae e leng holimo ho mehopolo ea rōna’ ho hlahisa katleho ea ’nete.—Esaia 55:9.

Karohano ka ho Ntša Limpa

William V. Shannon oa The Boston Globe o boletse hore: “Lilemong tse 10 tse fetileng mobishopo oa Roma e Katholike o ile a mpolella taba ena lekunutung, ‘Ke amehile ka hore rōna re le kereke re khanna ka lehlakoreng le fosahetseng la tsela e lebileng ’nqeng e le ’ngoe ha ho tluoa tabeng ena ea ho ntšuoa ha limpa. . . . Ak’u talime Poland. Ho ka etsahala hore ke naha e nang le Makatholike a mangata Europa. . . . Empa leha ho le joalo selemong se fetileng, basali ba Poland ba 400 000 ba ile ba ntša limpa. Haeba babishopo ba Poland ba hlōleha ho felisa ho ntšuoa ha limpa Poland, e nang le Makatholike a 90 lekholong, rōna naheng ena re ka etsa eng ha palo ea rōna le eona e fokola tjena?’” Shannon o tsoela pele: “Potso ena e ne e utloahala nakong eo. Empa le hona joale e sa ntsane e utloahala haholo ha . . . lenane la ho ntšuoa ha limpa [Poland] . . . le nyolohetse ho ba 800 000 ka selemo.”

Tseko ea ho ntšuoa ha limpa e sa ntsane e khathatsa Vatican, lipolotiking le kerekeng ka boeona. Ka Mphalane 1984 phatlalatso e ngotsoeng leqepheng lohle la The New York Times e neng e saenetsoe ke baitlami ba 24 le litho tse ling tsa kereke ea Katholike tse 73, e bontšitse hore ho nyatsa ha kereke ho ntšuoa ha limpa maemong ’ohle “e ne e se boemo bo le bong feela bo loketseng ba Katholike”—polelo eo Vatican e entseng tseko ka eona. Phatlalatso ena ea qotsa tlhahlobo ea morao-rao e bontšang hore e ne e le Makatholike a 11 lekholong feela a neng a nyatsa liketso tsa ho ntšuoa ha limpa. Ho hlakile, tseko ea ho ntšuoa ha limpa e arola kereke. Empa Lentsoe la Molimo le eletsa Bakreste ba ’nete hore ba “bolele bohle taba e le ’ngoe” le hore ba be “le khopolo e le ’ngoe.”—1 Ba-Korinthe 1:10; 2 Ba-Korinthe 13:11.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela