’Nete ea Bibele e-ea Pala Har’a Neano
LILEMO tse lekholo tse fetileng, Bibele e ne e le ea bohlokoahali malapeng a mangata a Brithani. King James Version ea 1611, karolo e amohelehang ea moetlo oa sechaba oa Boprostanta, e ne e ratoa le ho hlomphuoa haholo. Ke kahoo, ha Charles T. Russell, mookameli oa pele oa Watch Tower Society, a ne a chaketse Lihlekehlekeng tsa Brithani ka lekhetlo la pele ka 1891, a ileng a khahloa ke “takatso e mofuthu ea bolumeli” ea batho. A hlalosa naha eo e le “masimo a lokileng le a emetseng ho kotuloa,” ’me a bona ho hlokahala ka potlako ho bokella batho bana ba thahasellang hammoho le ho aba libuka tsa Bibele tse eketsehileng naheng ena.
Ho khahlametsa tlhokahalo ena, Russell a bula ntlo ea libuka London, ’me ka 1898 ho ne ho e-na le liphutheho tse robong tsa Liithuti tsa Bibele (joalokaha Lipaki tsa Jehova li ne li tsebahala joalo ka nako eo) tse kopanelang Brithani. Lilemo tse peli hamorao, ka 1900, ofisi ea pele ea lekala ea Watch Tower Society ea hlophisoa London, ’me ka 1911 ea hlonngoa 34 Craven Terrace. Tabernakele e haufi ea London ea e-ba setsi sa likopano tse ngata tse tsebisahalang. Mosebetsi oa ho bolela evangeli oa hōla naheng eohle.
Leha ho le joalo, ka ho qhoma ha Ntoa ea I ea Lefatše ka 1914, pono ea fetoha. Tšehetso bakeng sa bolumeli ba moetlo ea qala ho qepha, khoholeho e tsoetse pele ho tla fihlela mehleng ea rōna. Ke bo-mang ka nako eo, ba neng ba ka nahana hore ho tla etsahala hore lilemo tse 70 hamorao Kereke ea Chache, e qoetseng neanong ka likereke tsa eona tsa boholo-holo le mehaho ea eona e meholo ea likereke, meetlo le litšebeletso, e ne e tla ba e lahleheloa ke karolo ea 75 lekholong ea litho tsa phutheho ea eona pele li fihla lilemong tse 20? Kapa hore litho tsa Kereke ea Scotland li ne li tla theoha ho ea ka tlase ho millione, kapa hoo e ka bang karolo ea 18 lekholong ea baahi? Kapa hore matlo a thapelo a mangata a Mawelsh e ne e tla qetella e le likarache, mabenkele a maholo, kapa litsi tsa boikhathollo? Empa boemo bo joalo kajeno.
Ka lehlakoreng le leng, ke mang ea neng a ka nahana hore Lipaki tsa Jehova Brithani ka 1984 e ne e tla ba baboleli ba mafolofolo ba fetang 95 000? Kapa hore liphutheho tsa tsona tse 1 170 li ne li tla be li tšoarehile lenaneong leo ho seng le le fetang la ho haha Liholo tsa ’Muso? Empa, linnete li teng bakeng sa hore bohle ba li bone. Re ka hlalosa tsoelopele ee e bonahalang e sa tloaeleha ka ho khotsofatsang joang? Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li atleha Brithani? ’Me li tobane le liphephetso life kajeno?
Matla a ’Nete ea Bibele
Joalokaha polelo e bolela, meetlo e shoa ka thata. Ho ntse ho le joalo, lerato la ’nete ea Bibele le entse hore ba bangata bao e neng e le khale ba tšehetsa kereke ka botšepehi ba khone ho lokoloha litlamong tsa lineano tse joalo. Ba bang, le bona ba lumelletse matla a ’nete ea Bibele hore a fetole bophelo ba bona. Ka sebele, liphihlelong tse latelang re ka bona ka ho hlakileng hore na ’Nete ea Bibele e pala joang har’a neano Brithani.
Mofumahali e mong ea tsofetseng eo e neng e le setho se matla sa Kereke ea “Chache” bophelo bohle ba hae o ne a tsebahala ka ho rata ha hae Bibele. Le hoja a ne a tseba le ho boha Lipaki tse ’maloa tikolohong ea hae, ha ho mohla a kileng a itumella hore a itšunya-tšunya ka ho tebileng haholo ha ho tluoa puisanong ea bolumeli le tsona. Empa ha buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng e lokisetsoa hore e baloe sehlopheng sa thuto ea Bibele se haufi, a amohela memo ea ho ba teng ’me a khahloa haholo ke seo ho neng ho buisanoa ka sona. Ho tloha sebokeng seo sa pele, a kopanela kamehla sehlopheng seo le Holong ea ’muso ea phutheho. Ha moruti a tlile ho tla ’motsa ka ho ba sieo ha hae kerekeng, a mo bolella sefahla mahlo hore a ke ke a hlola a khutlela kaha o ithutile ho hongata ka Bibele libekeng tse seng kae tse fetileng ho feta seo a ithutileng sona ka nako ea lilemo tse 86 e le setho sa kereke ea hae.
“Ho lumela molato kamor’a puisano le Lipaki” e bile sehlooho se fanoeng paleng e latelang ea The West Wales Guardian. Monna ea lilemo li 30 o ne a tšoaretsoe bosholu. A laela ’muelli oa hae oa molao hore a kenye kōpo ea hore “Ha a Molato.” Leha ho le joalo, pele ho nyeoe, a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Phello? A ngolla khotla setatemente le kōpo ea motsotso oa ho qetela ea hore o “Molato”! Ha a akaretsa nyeoe, molula-setulo oa baahloli a bolela: “Re thabile hore e be u entse qeto ea ho phela ka molao oa naha.” Mosali oa monna eo, a ananela liphetoho tse khōlō tseo monna oa hae a seng a li entse bophelong, a bolela: “Ka sebele ena ke tsela e molemohali ea bophelo!”
’Nete ea Bibele e Ruisa Bana Molemo
Ka lilemo, ho bile le khohlano ea hore ka malapeng ao e mong oa batsoali e leng eena feela Paki bana ba haellisoa ho hong, haholo-holo ha ho tluoa litšebeletsong tsa neano tsa bolumeli. Leha ho le joalo, kahlolo ea haufi ea Lekhotla le Phahameng e bea taba ena e fehlang maikutlo ka pono e fapaneng, karolo ea eona e re:
“Ha ho letho le lebe kapa le nyatsehang litumelong le mekhoeng ea [Lipaki tsa Jehova]. Ho na le kotsi e khōlō, hobane re sebetsana le mokha o sa rateheng, ha re ka feteletsa likotsi kaholim’a boiketlo ba bana bana ho ka ’na ha etsahala hore ba latele ’m’a bona ’me e be Lipaki tsa Jehova.”
Ho e-na le ho haellisoa ho hong, hangata bana ba Lipaki tsa Jehova baa babatsoa ka baka la koetliso le kholiso ea bona ea Bokreste. Ka mohlala, tichere e ’ngoe Glasgow, Scotland, e ile ea hlokomela hore ba “sebetsa hantle sekolong, e seng hobane ba le bohlale haholo, empa hobane, ho tloha ha ba sa le banyenyane, ba rutoa mokhoa oa ho lula le ho mamela le kamoo ba ka sebelisang seo ba ithutang sona.” O boetse a hlokomela hore bacha ba Lipaki ba sekamela ho ba ba leka-lekaneng ’me ka hona, ka maikutlo a hae, ba khona ho tobana hamolemo le mathata a tloaelehileng lilemong tsa bohlankana kapa boroetsana.
‘Le Batle ’Muso Pele’
Ho etsahala’ng ha bana ba hōla? Na koetliso eo ba e fumanang ha ba sa le banyenyane e ba tsoela molemo oa letho hamorao bophelong? Ka batho ba limillione tse tharo le halofo ba hlokang mosebetsi Brithani hona joale, ho bea lintho tsa moea pele bophelong e ka ba teko ea sebele. Empa, joalokaha Jesu a tšepisitse ‘ho batla ’muso pele’ ho hlile ho isa meputsong e enneng, joalokaha ho bontšitsoe ke phihlelo e latelang.—Mattheu 6:33.
Paki e nyenyane, ha e ntse e leka ho etsa qeto pakeng tsa tšebeletso ea nako e tletseng le mosebetsi oa boipheliso, ea fuoa mosebetsi o tšepisang ke feme e ’ngoe ea boenjinere ka tumellano ea hore e ngolise bakeng sa lithupelo tse khethehileng tsa ho ithuta ka Labobeli le Labone mantsiboea. Leha ho le joalo, mohlankana a etsa qeto ea ho hlakisa hore joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova o kopanela libokeng tsa phutheho ka mantsiboea ao a mabeli. Mookameli a rata ho tseba, “U tla bea hofe pele?” A sa rate ho sekisetsa, mohlankana a tlohela mpho empa a nka mosebetsi oa nakoana hore a iphelise ’me a qala tšebeletso ea nako e tletseng.
Mohlankana enoa, ha a hetla lilemo tse ’nè tsa tšebeletso e thabisang le e nang le litholoana, hona joale a e-na le pakane ea tšebeletso ea boromuoa linaheng lisele, o bone ba bangata ho lithaka tsa hae ba ileng ba ea liunivesithing ba ntse ba hloka mosebetsi. Ba bang ba itšehlile thajana. Ho thoe’ng ka feme e neng e fana ka mosebetsi? Hang kamorao ho moo e ile ea oa ’me ha e sa le teng.
Tšebeletso ea nako e tletseng, kapa bopula-maliboho, hase ba bacha feela. Paki e ’ngoe, monna oa lelapa ka leboea ho Engelane, o ile a rekisa khoebo ea hae e hōlang ’me a etsa mosebetsi oa nakoana e le hore a ka bula maliboho kamehla. Ka ketellopele ea hae e ntle, ba bararo ho bana ba hae ba bane ba butse maliboho hang ha ba qeta lithuto tsa bona sekolong, ba siea morali oa ho fela ea thahasellang ho kopanela le bona ha nako ea hae e fihla. ’Mè le eena o bea mohlala o motle ka ho sebeletsa e le pulamaliboho ea thusang, a sebelisa lihora tse 60 kapa ho feta ka khoeli mosebetsing oa ho bolela neng le neng ha a khona.
Mosebetsi oa bopula-maliboho bo thusang o tsoetse pele hantle Brithani. Ka Motšeanong 1984, tlhoro ea Lipaki tse 12 108 e ile ea ithaopela tokelo ena ea tšebeletso. Nahana feela ka cheseho e bileng teng ho e ’ngoe ea liphutheho tsa Scotland ha moena ea lilemo li 23, ea hlahileng a se na matsoho ’me a e-na le leoto le le leng feela a etella pele ’me a ngolisa. Ka thuso e mosa ea phutheho eo, o khona ho paka ka ntlo le ntlo.
Phephetso ea Libaka tse Lulang Mehlobo-hlobo
Le hoja Brithani e le naha e nyenyane, e ntse e e-na le liphephetso tsa eona tse kang ho fapana ha mehlobo, lipuo, le maleme. Wales, ka mohlala, boholo ba batho, le hoja ba bua Senyesemane, ba ntse ba tseba puo ea habo bona, Sewelshe. Ke ba fokolang ba libakeng tse ka mathoko le litoropo, ba ntseng ba bua Sewelshe feela. Ho ba thusa, haufinyane Mokhatlo o hatisitse lithuso tsa ho ithuta Bibele ka puo ea Sewelshe, ’me lipeho tsa pele li bontša hore li amohetsoe hantle haholo.
Ho tloha ka Ntoa ea II ea Lefatše, baahi ba Brithani ba tsoang likoloneng tsa pele ba ’nile ba kena butle-butle. Ntle ho palo e khōlō ea Maindia a ka Bophirima, lipeho li bontša hore Maasia a ka holimo ho millione a tsoang India, Pakistan, le Bangladesh hona joale a phela Brithani. Lipuo tsa oona li hlahisitse phephetso e thahasellisang haholo ho Lipaki tsa Jehova. Le hoja libuka tsa Bibele li fumaneha ka Segujarati le Sepunjabi—lipuo tse peli tse khōlō tse amehang—ho hlōla bothata ba pele ha ho bonolo. Lipaki tse ikemiselitseng ho ithuta lipuo tsena le ho utloisisa lineano tsa kahisano le bolumeli ba batho bana li amoheloa ka mofuthu libakeng tsena.
Ka baka leo, pampiri ea litaba ea London Garavi Gujarat e-ea tlaleha: “Magujarati a mangata a lahlile Tsamaiso ea neano ea Maemo ea Hindu ’me hona joale a fetohile Lipaki tsa Jehova.” Sehlooho se tšoanang ho Wembley Midweek sea bolela: “Bibele e khaola mekoallo ea maemo.” Leha ho le joalo, ba lahlang ba tobana le khatello e khōlō ea lelapa, haholo mabapi le moetlo oa lenyalo le lokisetsoang. A tobane le boemo bona, moroetsana e mong oa Leindia o ile a paka haholo ho banna bao a ileng a ba tsebisoa e le banna ba hae ba kamoso. E mong le e mong a etsa qeto ea hore o ne a sa batle ho mo nyala ka ho bona tumelo ea hae e matla ea bolumeli. Qetellong, ka tumello ea batsoali, a nyaloa ke Paki ea Leindia. Hona joale ke lelapa le kopaneng tšebeletsong ea Jehova. Kajeno, Lipaki tse fetang 500 tse nang le semelo sa Maasia li mafolofolo ho phunyeletsa le naha, har’a bona ho na le baboleli ba nako e tletseng ba 35!
Ho Hahela Bokamoso
Likhoeling tsa pejana feela ho ntoa ea bobeli ea lefatše, Liholo tsa ’Muso tsa pele li ile tsa ahuoa London, metseng e ka mathoko ea Harrow le Ilford. Hona joale, ho na le liphutheho tse 140 London feela, ho akarelletsa tse 4 tsa Segerike, tse 2 tsa Setaliana, le e le ’ngoe ea Sepanishe, hammoho le lihlopha tsa Sechaena, Segujarati, Sejapane, Sepotoketsi, le Sepunjabi. Phephetso ea ho fumana Liholo tse Ncha tsa ’Muso, e tobane le theko ea thepa e phahamang ka ho tšosang, e phahame ho feta neng kapa neng.
Leha ho le joalo, ntho e potlakisang lintho ke lenaneo le lecha la ho haha Liholo tsa ’Muso ka matsatsi a mabeli. Holo ea pele e joalo Europa e eme ka 1983 toropong ea Midlands Northampton. Lipaki tse nang le phihlelo lefapheng lena le ikhethang la moaho li ne li e-tsoa United States le Canada ho tla tsamaisa morero ona. Sekolong se haufinyane, mookameli oa sona o ile a lumella barutoana ho chakela setšeng sa moaho kamor’a nako e itseng ho ea iponela hoo a ho bitsitseng “pono e phephetsang ea mosebetsi o moholo o kopanetsoeng.” Empa e ne e feta moo. E ne e le morero oa machaba, ka baithaopi ba ka bang 500 ba tsoang bohōle ba bo Japane, India, Fora le Jeremane.
Moea ona oa bonngoe joale ke mohloli oa litlhaloso tse ngata Brithani. Lipaki tsa Jehova ha li sa khelloa tlase e le sehlotšoana se se nang thuso. Li bonoa e le batho bao, kamoo ho bolelang moruti e mong oa Chache, ba nang le morero ’me ba hahela bokamoso ka “tlhophiso e beang litholoana le ka cheseho e tukang.” A tsoela pele ho hlokomela: “Ba bontša tsebo e qaqileng ea Bibele. Ba ka e qotsa ’me ba fumana tsela ea bona habonolo ka eona. Litho tsa bona feela li bonahala li koetlisitsoe hantle ka ho sa tloaelehang.” Mona ke hona moo ho leng teng lebaka la bonngoe ba bona le matla a bona: Lipaki tsa Jehova li sebelisa Bibele e le oona matla feela bakeng sa sohle seo li se lumelang le ho se bolela, ’nete e lumeloang habonolo kajeno.
Lilemong tsena tsa bo-1980, Bibele e sa ntsane e le buka e rekoang haholo ho la Brithani, ’me e sa hlomphuoa. Ke ’nete, ho ka ’na ha se ke ha e-ba le “takatso e mofuthu ea bolumeli” e neng e hlile e bonahala habonolo haholo lilemong tse lekholo tse fetileng. Empa ka ho phahamisa ’nete ea Bibele, Lipaki tsa Jehova mono li bokella kotulo e khōlō. Palo-khōlō ea batho ba 187 709 e ile ea bokana le tsona bakeng sa khopotso ea selemo sa 1984 ea lefu la Morena Jesu Kreste—tlhoro ea ba bileng teng! Kahoo, ka lebaka le letle, li lula li kholisehile hore naheng ena e khomaretseng neano batho ba bang ba likete ba tla amohela ’nete ea Bibele ’me ba fetohe barapeli ba Jehova, Molimo oa ’nete, ha tsamaiso ena ea lintho e atamela bofelo ba eona.—Mattheu 24:3, 14.
[’Mapa/Setšoantso se leqepheng la 27]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
BRITHANI
SCOTLAND
Glasgow
ENGLAND
Northampton
London
WALES
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Holo ea ’Muso e “hahuoeng ka pele” Northampton, Engelane