Bolumeli le Lipolotiki—Na ke Metsoalle e ke keng ea Arohana?
KA LETSATSI le leng ha ’Musi oa Russia Vladimir I a tsoha a qeta ka hore batho ba hae ba bahetene ba lokela ho fetoha “Bakreste.” Ka 987 hoba a nyale mofumahali eo e leng molumeli oa Kereke ea Magerike, a ntša molao o bolelang hore bafo bohle ba ’muso oa hae ba kolobetsoe—ba khannoe ka sabole haeba ho hlokahala. Butle-butle Kereke ea Russia ea itokolla ho “’me” oa eona, Kereke ea Magerike, ’me ea qetella e le lefapha la ’Muso. ’Me le hoja kajeno babusi ba Soviet ba sa lumele boteng ba Molimo, Kereke le ’Muso Russia li thabela botsoalle bo sa tieang.
Makholo a lilemo hamorao, Morena Henry VIII oa Engelane a atleha ho etsa maqhaama a tiileng a botsoalle pakeng tsa Kereke le Naha, le hoja a sebelisitse mekhoa e fapaneng. Ka 1532 o ne a khathatsehile kahobane mosali oa hae, Catherine oa Aragon, o ne a sa mo tsoalla mojalefa e motona ea neng a tla mo hlahlama teroneng. Ho rarolla bothata bona, Henry a nyala thatohatsi ea hae, Anne Boleyn ka lekunutu. Mobishopo e Moholo oa Canterbury a etsa e se e ka ha a bone phoso ea ketso eo, ’me a tsebisa hore lenyalo la pele la Henry le felisitsoe. Ka 1534, monna enoa oa sehlola le ’m’ampoli a iketsa hlooho ea Kereke ea Engelane, a thabela tlotla e neoang morena oa Engelane ho fihlela kajeno. Liqeto tsa Seboka sa Kereke li fetisetsoa Palamenteng hore li lumelloe ka molao, ’me babishopo, bao e leng litho tsa Ntlo ea Marena, ba nka karolo bobusing ba Brithani. Kereke le ’Muso li bile lenyalong ka lilemo tse ka holimo ho 450 Engelane.
Manyalo a Mehleng Ena a Kereke le ’Muso
Ka 1936 phetohelo ea ’muso Spain khahlanong le Rephabliki e ile ea lebisa ntoeng ea ka hare ho naha ’me Molaoli Franco a fetoha ’musi. Mokha oa bohanyetsi oa soaba haholo ha Franco a nea baruti matla a eketsehileng a taolo ka baka la tšehetso ea bona.
Ka 1983 Lekhotla la Lefatše la Likereke la kopana Vancouver, Canada. Philip Potter, mongoli kakaretso oa lekhotla lena, a bolella ba bokaneng hore “ba se tsoe lipolotiking.” Lichelete tse ntšuoang ke Lekhotla la Lefatše la Likereke ho tšehetsa mekha ea lipolotiki ea sesole linaheng tse ngata li entse hore batho ba bangata ba eang kerekeng ba tšoenyehe haholo.
Ha ho pelaelo hore bolumeli bo itšunya-tšunya lipolotiking. Potso e khōlō le e khathatsang ke hore, Na bo lokela ho etsa joalo? Na ho lokile kapa ho hobe? Na ho ikenya ha bolumeli lipolotiking ‘ho ntlafatsa metheo ea ho lokileng le ho hobe lipolotiking,’ kapa ho senya sebopeho sa bolumeli? ’Me ho thoe’ng ka bokamoso? Na bolumeli le lipolotiki li tla tsoela pele li thabela ‘lerato’ lena, kapa na lerato le tla tapa ’me ho qetelle ka khohlano?
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Hlooho ea pele ea Kereke ea Engelane