Monyetla o Moholohali oa Bacha
“Boinehelo ba bomolimo bo molemo linthong tsohle, kaha bo e-na le tšepiso bophelo ba joale le ea bo tlang ho tla. Taba eo ke ’nete ’me e tšoaneloa ke ho amoheloa ka botlalo.”—1 TIMOTHEA 4:8, 9, NW.
1, 2. (a) Bacha ba bangata ba nahana hore menyetla ea bohlokoa ke efe, hona ho botsoa lipotso life? (b) Ke hobane’ng ha likhatello tse khethehileng li le holim’a bacha ba kajeno?
BOPHELO bo u tšoaretse monyetla ofe o moholohali? Liphuputso tsa haufi tjena tsa bacha ba khethiloeng li senola hore boholo bo nahana hore “ho fumana mosebetsi oo ke o thabelang” le “ho ba ea hlileng a emeng hantle licheleteng” ke lipakane tsa bona tsa bohlokoahali. Palo e ntseng e eketseha ea bacha ke e kelello e sekametseng mosebetsing, ’me libakeng tse ling ba ea liunivesithing ka bongata bo boholo ba batla ho fumana mesebetsi e lefang hantle. Ba bangata ba talima menyetla e joalo ea lintho tse bonahalang bakeng sa ho fumana tšireletseho, matla, le ho finyella ho itseng bophelong. Haeba u mocha, na u ikutloa joalo? Hona lōna ba hōlileng, haholo-holo batsoali, ha e le hantle le nahana joang ka menyetla e joalo? Na ee ke senotlolo se isang “bophelong bo botle”?
2 Haeba ho na le mohla bacha ba kileng ba hloka matla le ho finyella ho itseng, ke hona joale ‘mehleng ena ea qetello’ ha mehla ‘e le thata ho sebetsana le eona.’ (2 Timothea 3:1-5) Morolo o mocha oa kajeno o hōtse tlas’a likhatello tseo ho seng ea neng a ka nahana ka tsona molokong o fetileng. Liphetoho tse potlakileng har’a batho, tse kang ho qhalana hoa bophelo ba lelapa le ho hlepha boitšoarong, li bakile pherekano e khōlō ea boikutlo.
Tlhokahalo ea Matla le Ho Finyella Ho Itseng
3, 4. Ke bopaki bofe bo bontšang hore bacha ba bangata ba haelloa ke matla a kahare, hona ke hobane’ng ha melemo ea lintho tse bonahalang e sa fane ka matla a joalo?
3 Bacha ba ntseng ba eketseha ba fumana hore ba haelloa ke matla a kahare ho tobana le likhatello tsa bophelo ka katleho. (Bapisa Ba-Efese 3:16) Tlaleho ea haufi tjena ea Sekolo sa Sechaba sa Bophelo ba Kelello e qetile ka hore a le mong ho bacha ba bahlano o tepelletse hampe.a Ho tloha ka 1961 ho ea ho 1975, ho phahama hoa ho ipolaea hoa bacha United States ho ile hoa imena ho feta habeli! Naheng eo feela ka selemo bacha ba ka bang 8 000 baa ipolaea, empa ba 400 000 ba leka ho ipolaea. Ba bang ba boholong ba bitsa bothata bona koluoa. Litlaleho li boetse li bontša hore palo e tšosang ea bacha e amoheloa lipetleleng tsa mafu a kelello.b
4 Ha e le hantle, hase bacha bohle ba phelang maemong a ka ba fang menyetla ea lintho tse bonahalang. Leha ho le joalo, ha u nahana hore litlaleho tse boletsoeng pejana li ama naha e khōlō moo menyetla ea lintho tse bonahalang e leng mengata, ho hlakile hore hono feela ha ho thuse bacha ho ‘suthisa masoabi pel’a pelo tsa bona le ho beela bolotsana hōle le ’mele ea bona.’ (Moeklesia 11:9, 10) Melemo ea lintho tse bonahalang e fana ka matla a fokolang ho motho eo pelo ea hae e khathatsoang ke ho ikhalala, ho se sireletsehe, kapa ho ikutloa molato, tse nyahamisang. Bibele e-ea hlokomela: “Ha u tepella mohla tsietsi, matla a hao a manyenyane.”—Liproverbia 24:10.
5, 6. Na ho fumana lintho tse bonahalang ho tla tlisa “bophelo bo botle” nakong e tlang? Bontša.
5 Empa na qetellong ho itšoarella ka lintho tse bonahalang ho tla tlisa khotsofalo, “bophelo bo botle”? Morena Salomone ea ruileng o ile a lumela: “Ha ke talima mesebetsi eohle eo matsoho a ka a e entseng, ’me ke bala mokhathala oo ke ikhathalitseng ka oona ha ke e sebetsa, ka bona hoba tsohle ke lefeela le mosebetsi o nyopileng.” (Moeklesia 2:3-11) Le hoja lintho tseo a ileng a li finyella li ile tsa mo tlisetsa thabo e itseng, o ile a ’na a ikutloa a se na letho, a le feela.
6 Ba bangata kajeno ba phahamisa thuto e phahameng e le se seng sa linotlolo tsa “bophelo bo botle” ba kamoso. ’Musi e mong oa nakong e fetileng oa naha ea United States o bile a bitsa ho kena sekolo ho joalo “tlhokahalo bakeng sa matla, ho finyella ho itseng le ho pholoha.” Na ke ’nete? Barutoana ba 846 ba ileng ba feta univesithing e hlomphehang ba ile ba bokella “tlaleho ea sehlopha” ea kamoo ba neng ba tsoella kateng lilemo tse leshome hoba ba fete lihlahlobo. Setho se seng sa sehlopha se ile sa hlokomela: “Ha tlaleho e tletse lintho tse nyakallisang, ho na le tšekamelo ea ho lebella bomalimabe, bohloko le tsieleho.” Kamor’a lilemo tse 25, morutoana e mong o ile a finyella “lipakane tse itseng tsa lichelete,” empa o ile a lumela: “Ho hlōleha bophelong ba ka ba botho ho feta hōle katleho eo ke e fumaneng hoo ho leng molemo hore ke se tlalehe letho ka bophelo ba ka.” Na ke sona se molemohali seo bophelo bo fanang ka sona?
Monyetla o Moholohali
7. Timothea a ka be a ithutetse mesebetsi efe, empa Pauluse o ile a khothaletsa eng?
7 Mangolong a hae a bululetsoeng a eang ho morutuoa oa Mokreste Timothea, moapostola Pauluse o ile a supa ntho e ’ngoe e molemonyana. Mohlankana enoa o ne a abetsoe ho sebeletsa Efese, se seng sa litsi tse kholohali tsa khoebo mehleng eo ea boholoholo. Ke mesebetsi e mekaakang eo a tlamehang hore e be o e bone! Eena ka boeena a ka be a ile a ’na a loanela ho ba mohoebi ea atlehileng kapa a batla botumo e bang ke sekolong sa Tyranno kapa lebaleng la boikoetliso la sebaka seo. (1 Timothea 1:3; Liketso 19:1, 9, 29) Ha ho pelaelo hore Timothea o ne a ka tšoaneleha bakeng sa mosebetsi o nang le phaello, empa Pauluse o ngotse: “Ikoetlise u habile boinehelo ba bomolimo. Hobane boikoetliso ba ’mele ha bo molemo haholo; empa boinehelo ba bomolimo bo molemo linthong tsohle, ka ha bo e-na le tšepiso ea bophelo ba joale le ea bo tlang ho tla.” E, boinehelo ba bomolimo “bo molemo linthong tsohle.” Hona e ne e se khopolo-taba feela tjee, hobane Pauluse o ile a phaella: “Taba eo ke ea ’nete, ’me e tšoaneloa ke kamohelo eohle.” Ka phihlelo ea botho, Pauluse o ne a tseba se neng se tla bula tsela e molemohali ea bophelo.—1 Timothea 4:7-9, NW; 2 Ba-Korinthe 6:10.
8, 9. (a) Boinehelo ba bomolimo ke eng? (b) Monyetla oa hao o moholohali ke ofe, hona ke hobane’ng ha boiteko bo hlokahala bakeng sa ho atleha ho tšoara monyetla oo ka matsoho a mabeli?
8 Boinehelo boo ba bomolimo ke eng? Ke katamelano ea botho le Molimo e hlahang pelong e susumelitsoeng ke kananelo e tebileng ea litšoaneleho tsa oona tse ipiletsang. Kaha ‘tšabo ea bomolimo’ (Ba-Heberu 12:28) haholo-holo e bolela tšabo e nang le tlhompho ea ho se etse ntho leha e le efe e sa thabiseng Molimo, “boinehelo ba bomolimo” ke ho arabela hoa pelo ho tla u susumelletsa ho phela ka tsela e thabisang Molimo hobane u o rata.c Tšoaneleho e joalo ea pelo e isa ‘setsoalleng se haufi le Molimo,’ kamano ea botho eo ho eona u utloang kamohelo ea oona le thuso ea oona. (Jobo 29:4) Monyetla oa ho ba le kamano ena ea botho le Molimo ke oa bohlokoa ho feta ntho leha e le efe e ’ngoe eo u ka ’nang ua e fuoa.—Bapisa Jeremia 9:23, 24.
9 Na ho ba le batsoali ba barapeli kapa ho kolobetsoa joaloka Mokreste ka bo tsona li tlisa kamano ee le Molimo? Che, hobane botšepehi ba pelo bo tlameha ho hlaoleloa, hammoho le litšobotsi tse ling tse ntle tsa Bokreste. (2 Petrose 1:5-8) U tlameha ho ba ea ‘khannoang ke pelo’ ho etsa ‘liketso tsa boinehelo ba bomolimo.’ (Bapisa Exoda 36:2; 2 Petrose 3:11; Ba-Kolosse 3:22.) Le hoja a hōlisitsoe ho tloha boseeeng ka tsela ea ’nete, Timothea o ile a tlameha ho hlaolela boinehelo ba bomolimo. Le kajeno, ho hlokahala boiteko bo matla, empa boinehelo bona ba bomolimo bo tla ipaka “e le leruo le leholo.” (1 Timothea 6:6) Joang?
Tsela e Phahamisitsoeng ea Bophelo
10, 11. Boinehelo ba bomolimo bo ile ba phahamisa bophelo ba Timothea joang?
10 Efese, Timothea o ile a phehella boinehelo ba bomolimo har’a batho ba neng ba ‘tsamaea ka bosaoana ba likelello tsa bona.’ (Ba-Efese 4:17) Se neng se tletse likelellong tsa bona se ne se se na molemo ho hang empa e ne e le lefeela. Ka Ba-Efese 4:17, seithuti sa Bibele R. C. H. Lenski o boletse hore, “Ke ntho e kaakang! Batho ba nang le likelello tse nahanang, tse ratang, libōpuoa tse bohlale, li ntse li nyolosa li theosa le bophelo, li latetse litaelo tsa kelello e li tataisang bohato ka bohato ’me qetellong ho se moo e li isang teng ha e se tlhōlehong e khōlō le e tšabehang!”
11 Timothea o ne a ka bona hore tsela eo Baefese ba phelang ka eona e ne e le ea lefeela le e hlephisang boitšoaro. Ba bangata ba ne ba rapela Diana molimo oa mosali, empa borapeli ba bona bo chesehang bo ne bo tobisitsoe setšoantšong se se nang bophelo. Bo ne bo akarelletsa litšebeletso tse hlaha tsa sephiri le litšebeletso tsa botekatsi. (Liketso 19:23-34) Leha ho le joalo, tsela eo Timothea a neng a phela ka eona e ne e phahamiselitsoe ka holimo ho ea lichaba tseno, tse neng li le “hōle le bophelo ba Molimo . . . [’me] ba timeletsoe ke kutlo eohle, ba inehetse bohlola.” (Ba-Efese 2:6; 4:18, 19) Tsela ea hae ea bomolimo ea ho phela “bophelo ba Molimo” e ile ea mo fa Motsoalle ea moholohali bokahohleng! Monyetla oa ho haha kamano ena le Molimo o phelang ka boinehelo ba bomolimo, ka sebele ke ntho ea bohlokoahali! Na u ka itšoarella ka eona?
12. Mocha e mong oa Mokreste o ile a re’ng ka “leruo le leholo” la boinehelo ba bomolimo? U ikutloa joang ka hoo?
12 Ba bangata kajeno ba rapela botona kapa botšehali, boithabiso, maruo, le thuto e phahameng e nang le tšusumetso e matla e tšoanang le eo Baefese ba boholo-holo ba neng ba e-na le eona ho Diana. (Mattheu 6:24; Ba-Efese 5:3-5; Ba-Filippi 3:19) Leha ho le joalo, ba phehellang boinehelo ba bomolimo ba thabela tšoaneleho e phahameng ea bophelo. Mokreste e mong ea lilemo li 24 o ile a tlaleha: “Ha ke sheba bana bao ke neng ke atisa ho matha le bona pele ke ithuta Bibele, halofo ea bona e teronkong. Boholo bo lithethefatsing, ’me ba bangata ba banana ba na le bana ba matšeo. Bophelo ba bona bo ferekane. Ba ’maloa ba bile ba shoele. Ke leboha haholo hore e be ke khona ho talima bophelo ba ka ’me ke motlotlo ka seo ke se bonang.” Bacha ba bang ba Bakreste ba lumela ka pelo eohle!
13. Ke hobane’ng ha ho latela taelo e ho 2 Timothea 4:5 ho hlakisa seo bophelo bo se bolelang?
13 Ba phelang ka boinehelo ba bomolimo ba na le letlotlo la tšebeletso. (2 Ba-Korinthe 4:1, 7; 2 Timothea 4:5) Hona ho fana ka morero oa sebele le phephetso. Ho e-na le litšoantšiso tsa bohata tsa TV kapa libaesekopo, Bakreste ba amehang tšebeletsong, ba etela malapa a batho ba sebele ho ea ba thusa. Hape ba sebetsana le mathata a sebele. Ke thabo e ke keng ea lekanngoa hakaakang ha ba bona batho ba neng ba phela ka boitšoaro bo bobe, pefo, kapa ba phela bophelo bo se nang tšepo ba arabela taeong ea Bibele ’me ba lahla mekhoa ea bona ea pele e mebe, ba haha boitlhompho, ’me ba sebeletsa Jehova. Ha ho mosebetsi o mong o molemohali kapa o hlahisang molemo oa nako e telele joalo!
Ho Khotsofala le Letsoalo le Letle
14, 15. Ho khotsofala hoa bomolimo mabapi le chelete ho etsa bophelo bo molemo joang?
14 “Efela borapeli [boinehelo ba bomolimo], ha bo e-na le ho kholoa ha pelo, ke leruo le leholo. . . . ’Me ha re e-na le lijo le liaparo, a re kholoeng ke tsona. Empa ba ratang ho rua, . . . ba itlhabile ka mahlomola a mangata.” (1 Timothea 6:6-10) Ka 1981 phuputso e entsoeng ke Psychology Today e senotse hore bacha ba nahana “haholoanyane” ka chelete ho feta batho ba lilemong life kapa life. Leha ho le joalo, halofo ea sehlopha se arabelang sa ba neng ba amehile haholo ka chelete (ho akarelletsa ba ruileng le ba futsanehileng) ba ne ba belaela ka “ho khathatseha le lipelaelo tse sa khaotseng.”
15 Mohlankana e mong Japane o ile a atleha ho tloha ‘marantheng ho ea boruing,’ empa ka ho etsa joalo a senya bophelo ba hae. Hamorao, ka thuso ea ho ithuta Bibele a haha boinehelo ba bomolimo. A qetella ka hore: “Ha ke hopola ha sepheo sa ka se seholo bophelong e ne e le ho ba morui, ha ho letho le ka bapisoang le kamoo ke thabileng esale ke fetola pakane ea ka. Ka ’nete ha ho letho le ka lekanang le ho khotsofala ho tlang ka ho sebelisa hoa motho bophelo ba hae tšebeletsong ea ’Mōpi e Moholohali.”d—Liproverbia 10:22; Moeklesia 5:10-12.
16. Phello ke efe ho bao ba hlōlehang ‘ho boloka letsoalo le letle’?
16 Pauluse o ile a khothaletsa Timothea ‘ho boloka letsoalo le letle.’ Joang? Tsela e ’ngoe e ne e le hore a tšoare basali “ka hloeko eohle.” (1 Timothea 1:19; 5:2) Leha ho le joalo, bohloeki bo felile har’a bacha ba bangata kaha matsoalo a bona a fetohile a cheleng. (1 Timothea 4:2) Empa boitšoaro bo bobe ha bo tlise khotso ea kahare le khotsofalo. Phuputso e ’ngoe e ile ea hlahloba maikutlo a bahlankana le baroetsana ba makholo a ’maloa ka botona le botšehali le boitšoaro. Mabapi le ba neng ba feteletse likamanong tsa botona le botšehali, tlaleho e boletse: “Ba lumela hore ba sebetsa ka morero o fokolang le khotsofalo e fokolang.” Ho e ka bang halofo ea bana e ile ea ikutloa ka tsela ena: “Tsela eo ke phelang ka eona hona joale, boholo ba matla a ka bo tsoela lehahla.”
17. Ke hobane’ng ha ‘lerato le tsoang letsoalong le letle’ le re thusa ho fumana se molemohali bophelong?
17 Haeba, ka nako e loketseng, ba babeli ba phehella lenyalo le hlomphehang, ba tla ruoa molemo ka ho bontša ‘lerato le tsoang pelong e hloekileng le letsoalong le letle.’ (1 Timothea 1:5) Ka 1984 Journal of Marriage and the Family e tlalehile hore phuputso ea balekane ba sa tsoa nyalana ba 309 e bontšitse hore likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo li ne li amana ‘habohlokoahali le ho khotsofala ho honyenyane hoa lenyalo bakeng sa banyalani.’ Empa ke phapang e kaakang ho ba hloekileng! “Ke boikutlo bo babatsehang haholo ha ke hetla morao ’me ke tseba hore ke hloekile,” ho boletse joalo mosali e mong e monyenyane oa Mokreste eo hona joale a bileng lenyalong le thabileng ka lilemo tse supileng. E, letsoalo le hloekileng ke moputso o enneng ho bacha bao e bang ‘mehlala bohloeking.’—1 Timothea 4:12.
Matla a Kahare
18, 19. (a) Timothea o ile a tlameha ho sebetsana le likhatello life? (b) Molimo o ile oa mo thusa joang?
18 Ha ho pelaelo hore Timothea o ile a kopana le likhatello tse ngata Efese. Liteko tsa motse o atlehileng le o itšoereng hampe o hatisang ‘menate le lipapali’ li ne li ka tlisa khatello ea kantle. Lihlong tseo ho bonahalang Timothea a ne a e-na le tsona hammoho le ho ‘kula hoa hae hoa kamehla’ ka sebele li ne li mo hlahisetsa likhatello kahare ho eena. (1 Timothea 5:23) Empa Pauluse a mo hopotsa: “Hobane Molimo ha oa ka oa re nea moea o boi, empa e le oa matla, le oa lerato, le oa kelello.”—2 Timothea 1:7.
19 Ka sebele, ke ba bangata hakaakang ba metsoalle ea hao ba labalabelang matla a joalo! Mofumahatsana e mong e mocha o ile a hlōla bophelo ba hae ba botekatsi le bokhoba ba lithethefatsi ka ho feletseng. O itse: “E bile feela ka thuso ea Jehova. Ho na le linako tse ling tseo ka tsona ke bang le maikutlo ao a khale, empa ke qale ho rapela—ka potlako. Matla a ho hlōla mathata ana ke a thahasellisang ho feta ntho leha e le efe eo nkileng ka e finyella bophelong ba ka!” Ha ho pelaelo, Molimo o ‘ka u fa matla’ ’me oa u fa le matla a kahare ho tobana le khatello leha e le efe le ho etsa liqeto tse utloahalang.—2 Timothea 4:17.
20, 21. (a) Bolela e meng ea melemo ea boinehelo ba bomolimo. (b) Ho tla nahanoa ka eng sehloohong se latelang?
20 Ka hona boinehelo ba bomolimo bo u tlisetsa melemo e mengata. ‘Tsela eo u phelang ka eona’ e nka morero o phahametseng lipakane tsa ba finyellang feela menyetla ea lintho tse bonahalang. (2 Timothea 3:10) Joalokaha mocha e mong oa Mokreste ea ileng a tlohela “scholarship” sa koleche ’me ea e-ba moevangeli oa nako e tletseng a boletse: “Ke na le mosebetsi o molemohali ho feta oo mang kapa mang a ka o batlang, ho ba moruti oa litaba tse molemo le ho thusa ba bang ho ithuta ka Ntate oa rōna ea lerato! ’Me ‘molemo o eketsehileng’—botho ba ka bo ntlafetseng—bo molemo ho feta boo mang kapa mang a ka fanang ka bona. Ho ekelletsa ho seo ke moputso oa ho phela ka ho sa feleng paradeiseng moo ho seng masoabi. Joale ipotse: Ke bophelo bo molemo hakaakang boo mang kapa mang a ka bo batlang?”
21 U ka ’na ua re, ‘Nka haha boinehelo ba bomolimo joang?’ Bakeng sa karabelo, bala sehlooho se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a “Litsebi tse ’maloa tsa phetoho ea bohlankana kapa boroetsana le boitšoaro li bona ho tepella ho joalo e le ntho e tlatsetsang haholo mathateng a tebileng a bacha a kang ho ba sieo sekolong le ho ba khathatso sekolong, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le joala, likamano tsa botona le botšehali, ho emara, ho baleha lapeng le ho ipolaea,” kamoo ho tlalehang mongoli Kathleen McCoy ho Coping with Teenage Depression.
b Ha United States palo ea ba amoheloang ea lihlopha tsa lilemo tsohle e theohile ka nako ea lilemo tse 13, sehlopheng sa ba lilemo li 15-24 e eketsehile ka karolo ea 19 lekholong, ’me sehlopha sa ba katlase ho lilemo tse 15 e eketsehile ka karolo ea 158 lekholong!
c Lexicon ea Edward Robinson e hlalosa lentsoe la pele la Segerike eu·seʹbei·a e le “boikutlo bo itlisang ba pelo [maloka le Molimo].” J. A. H. Tittmann ho Remarks on the Synonyms of the New Testament ea hae, o-oa phaella: “[Boinehelo ba bomolimo] bo bontša ho hlompha Molimo ho iponahatsang ka liketso, . . . empa [tšabo ea bomolimo] e bontša boikutlo ba ho tšaba kapa ho qoba ho etsa ntho leha e le efe e hananang le se nepahetseng, . . . [boinehelo ba bomolimo] ke matla a borapeli bophelong.”
d Bala pale ea bophelo ba Shozo Mima, “Finding Something Better Than Wealth,” The Watchtower ea la 1 Hlakubele, 1978.
Na U Sa Hopola?
◻ Ke hobane’ng ha menyetla ea lintho tse bonahalang e le ea molemo o fokolang?
◻ Monyetla oa hao o moholohali ke ofe?
◻ Boinehelo ba bomolimo bo fana ka eng e u thusang ho fumana se molemohali bophelong?
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Ke eng ho tla u thabisa ka ’nete?
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Timothea o ile a ikoetlisa a habile boinehelo ba bomolimo. Hona ho ile hoa phahamisetsa bophelo ba hae ka holim’a ba Baefese ba itšoereng hampe