Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 8/15 maq. 22-27
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Haha Boinehelo ba Bomolimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Haha Boinehelo ba Bomolimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Puisano ea Pelo
  • Phahamisa ho Matlafala hoa Moea
  • “Etsa Jehova e Be ea Phelang”
  • Bohlokoa ba Taeo e Lerato
  • Ha Bothata bo Hlaha
  • Ke Mosebetsi o Thata—Empa O-oa Ho Lokela!
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Thusa Ngoana oa Hao Hore a Mamelle ho Sareloa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Kamoo U ka Sireletsang Bana ba Hao
    Tsoha!—2007
  • U se ke Ua Tlohela Pelo ea Ngoana oa Hao!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 8/15 maq. 22-27

Koetlisa Ngoana oa Hao ho Haha Boinehelo ba Bomolimo

“Ruta mohlankana tsela eo a tšoanetseng ho e tsamaea; le mohla a tsofalang, a ke ke a e kheloha.”—LIPROVERBIA 22:6.

1. Ho tlameha ho finyelloa eng ho koetlisa ngoana ka katleho, hona hobane’ng?

SETSEBI sa liserekisi se leka ho ruta mora oa sona bohlale ba “trapeze,” sa hlokomela hore o na le bothata ba ho tlōla mekoallo. A etsa tlhahiso, “Haeba u ka tlōlisa pelo ea hao mekoallo, ’mele oa hao o tla latela.” Ka ho tšoanang, bao ba ‘koetlisang’ bana ba bona ho haha boinehelo ba bomolimo ba tlameha ho susumetsa pelo. Hona ho thata haholo-holo linakong tsa lilemo tsa bocha.—Liproverbia 4:23.

2. Ke hobane’ng ha lilemo tsa bocha li le thata, hona batsoali ba ka thusa joang?

2 Ntate e mong oa Mokreste Jeremane o ile a bolela: “Ka lilemo ho ne ho se thata ho fumana se neng se tsoela pele botebong ba bara ba ka. Empa hoo hoa fetoha joaloka ’mano oa lehalima hang-hang ha ba kena bohlankaneng.” Nakong ena ea ho fetohela bonneng kapa bosaling, litakatso tse ngata tse ncha le tse thahasellisang, tse susumetsoang ke liphetoho tsa ’mele le tsa maro, li ama pelo ea motho e mocha. Empa hangata haholo lilemo tse joalo li senngoa ka liphoso tse bohloko. Esita le Jobo ea tšepahalang o ile a bokolla ha a tobane le “makhopo a bocha ba [hae].” (Jobo 13:26) Likhatello tsa boikutlo li ka “fifatsa pelo” ea motho e mocha. Liproverbia 12:25 e bolela hore hona ho tla “fifatsa pelo ea motho; empa puo e molemo ea e thabisa.” U ka thusa ngoana oa hao joang ho ba le puisano e ntle nakong ea lilemo tsena tse thata?

Puisano ea Pelo

3, 4. (a) Ho atamela ka likeletso hoa Elihu le hoa “metsoalle” e meraro ea Jobo ho ile hoa fapana joang? (b) Ke eng ho tla thibela puisano ea pelo?

3 Nahana phapang katamelong ea keletso ea Elihu le ea “metsoalle” e meraro ea Jobo. Hona ho tla hlakisa se tla phahamisa puisano kapa se ke keng sa e phahamisa. Elihu e ne e le momameli ea molemo. Ha ba bang ba lula hojana, ho se mohla ba lumelang mefokolo ea bona ea botho, a re: “Bona, ke ntse ke tšoana le uena pel’a Molimo; le ’na ke bōpiloe ka letsopa.” A khothaletsa Jobo ho mo ‘arabela,’ a ntše maikutlo a hae, le hore a se tšohe. (Jobo 33:5-7) Ka lehlakoreng le leng, “metsoalle” e meraro ea bontša ponahalo ea ho utloela Jobo bohloko le ho mo tšelisa, empa e mametse e se e ntse e entse qeto. Jobo a ipelaetsa: “Mamelang hle phetolo ea ka, molomong oa ka le utloe litaba tsee ke ikemelang ka tsona,” empa ba se mamele. (Jobo 13:6) E, katamelo ea bona e ne e phahamisitse mokoallo.

4 Haeba motsoali a se hlokolosi a ka phahamisa mekoallo e tšoanang ntle ho ho hlokomela. Ka hona utloa seo ngoana oa hao a se buang. (Liproverbia 18:13) Nahana ka hloko hore na karabelo ea hao e tla feta joang. “E mong ha a bebera, puo tsa hae li hlaba joale ka tsenene; empa molomo oa ea bohlale oa thoba.” (Liproverbia 12:18) Ke ’nete, ka linako tse ling boikutlo le/kapa mantsoe a mocha a ka hlohlontša litsebe. Empa hopola, kamor’a ‘puo eo e hlaha’ ho ka ’na hoa e-ba le pelo e imetsoeng ke moferefere. Ka ho nahana sebelisa leleme la hao ho phekola.—Jobo 6:2, 3.

5. (a) Ke eng ho tla thusa motsoali ho ntša maikutlo a pelo ea ngoana? (b) Ho hlahloba hape libuka tsa Mokhatlo ho ka thusa joang?

5 Ho mamela ka hloko, ho akarelletsang lipotso tse bohlale, ho tla thusa ho ntša se ka ho ngoana ’me ho mo nolofaletša ho bua ka se mo khathatsang. (Liproverbia 20:5) ’Mè e mong ea nang le mora ea lilemo li 18 o ile a hlokomela: “Ka makhetlo a mangata mora oa ka o ne a ee a qale moqoqo ka nako eo ho bonahalang e sa tšoaneleha ’me a buoe polelo e le ’ngoe kapa tse peli, mohlomong ka ketsahalo e etsahetseng sekolong. Empa ho ne ho le ho ’na hore ka mosa ke ntše se ka pelong ea hae ka lipotso tse kang, ‘Joale ho ile hoa etsahala’ng?’ Kapa, ‘U ile ua ikutloa joang ka hona?’ Kapa, ‘U ile ua etsa joang kapa ua re’ng?’ Hona ke hoo a neng a ho shebile, ’me a hlahise bothata ba hae. Empa hona hoa nka nako e ngata!” Nka nako e ngata joalo le ngoana oa hao! Mohlomong linakong tseo le tsamaeang nako e telele kapa le phomotseng hammoho, etsa hore u tsebe se ka kelellong ea hae. Batsoali ba bangata ba fumane hore, ka ho hlahloba hape boitsebiso bo fanoeng libukeng tsa Mokhatlo lilemong tse fetileng, ba thusoa ho utloisisa bacha ba bona hamolemo ’me li fana ka lipuisano tse molemo. Ka baka leo, puo e tlohang botebong ba pelo e ile ea eketseha har’a litho tsa malapa. Leha ho le joalo, ho hlokahala ho fetang feela puisano e ntle ho haha boinehelo ba bomolimo.

Phahamisa ho Matlafala hoa Moea

6, 7. ’Mè oa Timothea o ile a finyella eng, hona batsoali ba ka mo etsisa joang?

6 ’Mè oa Timothea o ne a le mafolo-folo mabapi le litaba tsa moea tse neng li bolela bophelo ho mora oa hae. Ka Timothea ho ngotsoe: ‘Etsoe le bonyenyaneng ba hao u hlile ua tseba Mangolo a Halalelang, a lokelang ho u hlalefisetsa ho bolokeha.’ (2 Timothea 3:15) Ka ho tšoanang kajeno, batsoali bao bana ba bona ba hahang boinehelo ba bomolimo ba amehile ka matla ka ho matlafala hoa bana ba bona moeeng. Ba ba ruta ho etsa boithuto ba botho ba sa le banyenyane.

7 Na u nkile khato ea ho bona hore ngoana oa hao o na le libuka tsa hae tsa Bibele le hore o lokisetsa liboka tsa phutheho? Na ka matla u mo khothaletsa hore a iphe nako ea ho cheka matlotlo a Lentsoe la Molimo? (Liproverbia 2:1-5; 1 Johanne 2:14) Ha le le libokeng, na u lula le eena ho khothalletsa kelello ea hae—le pelo ea hae—hore li se ke tsa lelera? Na o khothalletsoa ho nka karolo? (Ba-Heberu 10:23-25) Na u boloka thuto ea lelapa kamehla e fanang ka tsebo e lumellanang le seo ngoana oa hao a se hlokang ka ho toba? Nahana ka lipotso tsena.—Liproverbia 24:5.

“Etsa Jehova e Be ea Phelang”

8. Deuteronoma 11:18, 19 e bontša hore boinehelo ba bomolimo bo tlameha ho qala hokae, hona batsoali ba ka sebelisa hona joang ho ngoana kajeno?

8 Leha ho le joalo, ho tlatsa hlooho feela ka lintlha ho ka ’na hoa siea pelo le letsoalo li sa angoa. Ho haha letsoalo le letle, ngoana oa hao o tlameha ho bona hore Jehova ke motho ea matla le ea mo thahasellang ka ho fetisisa lea thahasellang seo a se etsang. Empa lerato ho Jehova le tlameha ho tlala pelong ea hao pele ’me le ho susumelletsa ho bua kamehla ka tlhokomelo ea hae e lerato le boholo ba hae. U tlameha ho rata ’nete le ho phela ka eona. ’Mè e mong oa England ha a botsoa hore na bana ba hae bao e leng baevangeli ba nako e tletseng ka bobeli ba ile ba haha lerato le matla joalo ho Molimo joang, o ile a hlalosa: “Ka ho bua le bona kamoo Jehova e leng motho oa sebele. O nthusitse hoo ho seng letho leo nka le etsang haese feela ho mo etsa motho oa sebele ho bona. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e likoloha ho Eena.” Hape, koetlisa ngoana oa hao, hore a bue le Jehova a “rapele ka moea ka mehla, ka merapelo eohle.” (Ba-Efese 6:18) Lumella ngoana hore a utloe lithapelo tsa hao tse matla le tse tlohang botebong ba pelo ’me u buisane le eena ka tse ka pelong ea hae.—Deuteronoma 11:1, 2, 18, 19; Liproverbia 20:7.

9. Batsoali ba ka sebelisa mehlala ea sebele ea bophelo joang ho koetlisa letsoalo la ngoana?

9 Letsoalo la bocha le ka susumetsoa ka matla ke mehlala ea sebele ea bophelo. (Bapisa 1 Ba-Korinthe 8:10.) Nako le nako u ka ’na ua utloa ka batho ba utloang bohloko hobane feela ba tlōla melao ea Molimo. Ka mokhoa o sa qoseng, buisana le ngoana oa hao ka mehlala e joalo, kahoo u mo thusa ho ananela mantsoe a Pauluse: “U ke ke ua thetsa Molimo. Eng le eng eo u e jalang u tla e kotula.” (Ba-Galata 6:7, Beck) Bakeng sa mohlala o sebetsang, buisanang hammoho ka litlaleho tse susumetsang tsa Melaetsa ea bophelo ba Jesu. U tla be u thusa ngoana oa hao ho fumana “khopolo ea Kreste.” (1 Ba-Korinthe 2:16) Empa u lokela ho phelisa litlaleho tseo! Khothalletsa ngoana hore a bone ka kelellong lipono tsa mohlolo le ho nahana ka tsela e makatsang eo Jesu a neng a sebetsa litaba ka eona. Khetha taba libukeng tse theiloeng Bibeleng tse qaqisang bophelo ba Jesu le litšoaneleho tsa hae tsa botho, kapa bakeng sa motsoako, sebelisa hona ka nako e itseng thutong ea hao ea lelapa.a

10. U ka thusa ngoana oa hao ho “tseba lerato la Kreste” joang?

10 “Ngoana oa hao le eena o tlameha ho loanela ho etsisa mohlala oa Kreste. Ke hona feela mocha a ka hlang a ‘tseba lerato la Kreste, le fetisang tsebo eohle.’ (Ba-Efese 3:19) Ka hona, mo khothalletse ho etsisa Jesu haholoanyane lehloeong la hae la bokhopo, lerato la hae ho batho, cheseho ea hae bakeng sa borapeli ba Ntate oa hae, mohau oa hae le pelo ea hae e nolo, le sebete sa hae bakeng sa ho mamella thohako. (Ba-Heberu 1:9; Mareka 6:34; Johanne 4:34; Luka 23:34; 1 Petrose 2:23) Babatsa ngoana oa hao ka mofuthu ha a arabela. O tlameha ho bona hore, le hoja re sa phethahala, ha re latela haufi-ufi mohlala oa Morena re thaba haholoanyane ’me matsoalo a rōna e ba a koetlisitsoeng hantle haholoanyane. Hape re atamela haufi le Molimo, kaha Jesu o bontša botho ba Ntate oa hae. (Johanne 14:6-10) Kamehla hopotsa ngoana oa hao ho nka kamano ena e le ea bohlokoa. Joalokaha ’mè e mong oa Mokreste ea atlehileng ea nang le bana ba bane a ile a re: “Monna oa ka ha ho mohla a tlohelang hore letsatsi le fete a sa ka a kopa e mong le mong ka letsoho a ba bolella kamoo a ba ratang kateng le kamoo a tsebang hore Jehova o tlameha ebe o motlotlo ka boitšoaro ba bona. O re, ‘Jehova o-oa le rata. Le se ke be la mo phoqa.’”—Liproverbia 27:11.

Bohlokoa ba Taeo e Lerato

11. Ke hobane’ng ha ngoana e mong le e mong a hloka khalemelo?

11 Ho sa tsotellehe ho rutoa ke Molimo “esale le bocheng ba [hae],” Davida o ’nile a rapela, “U lebale libe tsa bocha ba ka le litlōlo tsa ka!” (Pesaleme ea 71:5, 17; 25:7) E, ngoana e mong le e mong ‘bohlanya bo tlamelletsoe pelong ea hae.’ Empa “thupa ea taeo e tla bo falatsa ho eona.” (Liproverbia 22:15) “Thupa” ena ea matla a botsoali hangata e ka ’na ea e-ba lentsoe la khalemelo kapa thibelo e tiileng. Ka hona, ha pelo e mano ea ngoana oa hao e labalabela ho etsa ntho e ’ngoe e kotsi, ho hlokahala ho tiea bakeng sa ho hana!—Jeremia 17:9; Liproverbia 29:17, 19, 21.

12, 13. U ka etsa hore khalemelo e be e sebetsang joang?

12 Ka ho laea, haholo-holo ha u ahlōla, latela mohlala oa Jehova ea ‘khalemelang ho latela se lokileng.’ Esaia 28:26-29 e bontša hore o tšoana le molemi ea sebelisang bohlale ho rera hore na o sebelisa eng bakeng sa ho pola mefuta e sa tšoaneng ea lijo-thollo le hore na o tla pola nako e kae, kaha “a ke ke a ’na a pola kamehla.” Ka hona ipotse: Na thibelo ee e-ea utloahala ho latela lilemo tsa ngoana oa ka le tsoelopele ea hae khōlong? Na kahlolo e lekane ho latela ho teba hoa ketso e fosahetseng hammoho le ho tsitsa le hore ha e ee feela ho latela maikutlo a ka? Hona na ngoana o hlile o-oa tseba hore na o ahloleloa eng?—Jobo 6:24.

13 Lithibelo tse sa utloahaleng kapa taeo e sa tsitsang li tla khopisa kapa li halefise ngoana.b (Ba-Efese 6:4; Ba-Kolosse 3:21) Empa ho tiea ho lerato ho tla sireletsa ngoana oa hao maemong a ka senyang lithuto tsohle tse ntle tseo u li tsetetseng pelong ea hae. Hona ke hoa bohlokoa haholo-holo mabapi le bao a tloaelaneng le bona. (Liproverbia 13:20; 28:7) Empa ho thoe’ng haeba kamor’a boiteko bohle ba hao ngoana oa hao a kena khathatsong ea sebele?

Ha Bothata bo Hlaha

14. Ke hobane’ng ha motsoali a sa lokela ho tela kapele ha ngoana a ameha khathatsong e tebileng?

14 Ho nyahama ho bohloko ho baketse batsoali ba bang hore ba tele ka pele ngoana ea fosang. Ha Jehova a fane ka kahlolo le khalemelo e loketseng, ha a ka a potlakela ho tela sechaba sa boholo-holo sa Iseraele seo ka nako e ’ngoe se neng se tšoana le “mora” ho eena. (Hosea 11:1; 2; Likronike 36:15, 16; Pesaleme ea 78:37, 38; Nehemia 9:16, 17) Feela joalokaha bakoetlisi ba boholo-holo ba ne ba khona ho tlamisa maqeba le ho tlamisa masapo a robehileng ha semathi se ne se tsoa kotsi, hona joale batsoali ba tlameha ho loanela ‘ho tiisa matsoho a tepeletseng hore se hlotsang se se ke sa nonyetsehela ruri, se mpe se fole.’—Ba-Heberu 12:12, 13.

15. Motsoali a ka sebelisa Ba-Galata 6:1 joang ho tsosolosa ngoana ea fositseng?

15 Ho tiisa ngoana ea “hlotsang” moeeng le ho thibela boemo ba hae hore bo se ke ba mpefala ho hlokahala ho lokisa monahano oa ngoana. Pauluse o ile a eletsa: “Ekare ha motho [kapa ngoana] a oela molatong o mong, lōna bao le leng ba moea, le ke le mo tsose ka moea o mosa.” (Ba-Galata 6:1) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le ‘ho tsosa’ e ne e le lentsoe la bongaka le neng le sebelisoa mehleng ea Pauluse bakeng sa ho ‘kopanya masapo.’ Ka sebele mokhoa ona o bohloko o ne o hloka bohlalehali ho thibela hore lesapo le robehileng le se ke la holofalla ruri. Lona lentsoe leo la motheo le fetoletsoe e le “ho rokahanya” (matlooa) le “ho ekeletsa.” (Mareka 1:19; 1 Ba-Thessalonika 3:10) Ha u “rokahanya” pelo ea mocha, leka ho mo fihlela ka ‘bohlale ba ho ruta.’ Ho e-na le ho loana ka mantsoe, latela tlhahiso ea bohlokoa ea Bibele: “[E ba] mosa . . . [u] mamelle ka sebete. [U] rute ka bonolo ba hanyetsang, ho tle ho lekoe hore na mohlomong Molimo o ke se ke oa ba nea pako.”—2 Timothea 2:24-26; 3:16; 4:2.

16. (a) Ho ka ’na hoa etsoa liphetoho life ho ruoa hape ngoana ea fositseng? (b) Ngoana o lokela ho hlakisetsoa eng?

16 Ho lokisa monahano oa ngoana o fosahetseng ho hloka hore motsoali a tiise boiteko ba hae ba ho koetlisa. Ho ka ’na hoa hlokahala hore motsoali a fetole mokhoa oo a phelang ka oona hore a tle a fane ka tlhokomelo e hlokahalang. Setšoantšong se bontšang boiteko bo loketseng ba ho rua “moetsalibe a le mong,” Jesu o hlalosa mosali eo ho bonahalang a lahlile ntho e ’ngoe le e ’ngoe hore feela a fumane drakema ea hae e lahlehileng. (Luka 15:7-10) Ngoana ea koetlisitsoeng ka borapeli a ka fetoha ea tletseng maikutlo a hore ha a na thuso le ea hore o molato ha sebe sa hae se hlahela, ka hona motsoali ho ka ’na hoa hlokahala hore a tiise lerato la hae ho ngoana. Thusa ngoana hore a bone hore ha ho ratoe boitšoaro ba hae, le hore boitšoaro bona bo ka lokisoa.—Juda 23.

17, 18. (a) Ntate e mong o ile a tsosolosa mora oa hae joang? (b) Hangata ke eng ho tlisang katleho?

17 Ntate e mong, eo mora oa hae a ileng a khalemeloa ke phutheho ka boitšoaro bo bobe, o ile a qala ho tsamaea sebaka se selelele le mora oa hae ka makhetlo a ’maloa ka beke, ba tšoareha meqoqong e melelele le e khathollang. O ile a boela a khetha libuka tse theiloeng Bibeleng tse sebetsanang le se hlokoang ke mora oa hae ka ho toba. Ntate enoa a ithuta libuka tsena le eena, ntle ho hore a kopanele thutong eo ntate a e tšoarelang lelapa ka kakaretso. Motsoali a etsa liphetoho mosebetsing oa hae o boima joaloka moholo oa phutheho ho fa mora oa hae tlhokomelo e tletseng ea boikutlo le kelello eo a neng a e hloka. Moshemane o ile a tsosolosoa.

18 Leha ho le joalo, ka linako tse ling mora kapa morali a ka ’na ea e-ba lerabele ka ho feletseng, ea e-ba ea “nyelisang ho utloa.”c (Liproverbia 30:17, NW) Ka thabo, maemo a feteletseng joalo aa fokola har’a batho ba Molimo. Ke ho khothatsang hakaakang ho tseba hore, maemong a mangata haholo, ha batsoali—ba sa iphapanyetse boitšoaro bo fosahetseng—ba sa potlakele ho tela ngoana empa ka mamello ba leka ho mo finyella, liphello e ba tse ntle!

Ke Mosebetsi o Thata—Empa O-oa Ho Lokela!

19. U ka etsisa mohlala oa Maria joang ha u hlokomela lelapa la hao?

19 Ho hōlisa bana, haholo-holo ‘mehleng ena ea qetello,’ ke mosebetsi o thata haholo. Batsoali ba nkang boikarabelo bo joalo ka ho teba ba lokela ho babatsoa! Tsoela pele ho lekanyetsa tse tlang pele. Le kamohla u se lumelle ho tšoenyeha ka hore u lokisetse baratuoa ba hao ‘lintho tse ngata’ tse bonahalang ho u thibele ho khomarela menyetla ea moea le bona. Hopola hore Jesu o ile a bolella Maretha hore ‘a se ke a ikhathatsa ka tse ngata kanthe ntho e hlokoang e ’ngoe feela.’ E, lijo feela li ne li lekane. Tšoana le Maria, ea ileng a thabela nako e ntle ea moea le Jesu. Khethela lelapa la hao “kabelo e ntle” ka ho tšoareha litšebeletsong tsa moea le le lelapa.—Luka 10:38-42.

20. Ke meputso efe e letetseng batsoali ba atlehileng ba Bakreste?

20 Kamor’a lilemo tse ’maloa hoba a atlehe ho thusa bana ba hae ba tšeletseng ho rata Jehova, motsoali o ile a amohela karete e tsoang ho e mong oa bona. Karolo ea eona e baleha tjena: “’Mè, ke u rata haholo, ho feta kamoo u neng u ka tseba kateng. Ke u leboha ha u ile ua ntataisa le ho mpha tsela . . . U mphile tšepo e molemohali lefatšeng’me eo ke ’nete. Kea u leboha ha u pholositse bophelo ba ka. “’Mè eo o ile a thaba hakaakang! Lengolo la Liproverbia 23:24, 25 le re: “U ka ba motlotlo ka mora [kapa morali] ea bohlale. Etsa hore ntat’ao le ’m’ao ba be motlotlo ka uena; fa ’m’ao thabo eo.” (Today’s English Version) Ka thuso ea Jehova, e se eka thabo e joalo e ka ba ea hao!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa tlhoro ea bophelo ba Jesu lefatšeng bona sehlooho “Tšoarella ka Matla Bophelong ba Sebele,” Molula-Qhooa oa la 15 Motšeanong, 1973. Sehlooho “Ipakeng le le Barutuoa ba ’Nete ba Kreste,” Molula-Qhooa oa la 1 Pherekhong, 1978, hlahloba litšoaneleho tsa hae tsa botho tse ngata, joalokaha ho etsa Aid to Bible Understanding (e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.), maqephe 927-32.

b Thuto ea phuputso e amang bacha ba 417 e ileng ea phatlalatsoa makasineng oa Adolescence e ile ea qetella ka hore: “Lelapa le thibelang haholo le isa tsielehong ’me ho latele khalefo, ha lelapa le lokolohileng haholo lona le isa ho tsieleheng, ka ho se tsebe seo batsoali ba se lebelletseng, hoo hamorao le hona ho isang khalefong, ha ba batla melao e ba tsamaisang.”

c Bona Lipotso tse Tsoang ho Babali ho Watchtower ea la 1 Motšeanong, 1960, maqephe 287-8.

U Re’ng?

◻ Motsoali a ka ntlafatsa joang puisano ea pelo le ngoana?

◻ Ke eng ho tla thusa ngoana ho haha letsoalo le letle?

◻ Ke eng ho tla etsa hore taeo e sebetse?

◻ Ngoana ea fositseng aka tsosolosoa joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Ho mamela ka hloko, esita leha ho sa lokela, ho tla khothalletsa puisano e tlohang botebong ba pelo

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Ke phephetso ea sebele ho tiisetsa ngoana hore u-ua mo rata le ho finyella pelo ea hae ha a fositse ka ho tebileng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela