Khotso le Tšireletseho—Ke Eona Tšepo
“Seboka-Kakaretso sa Machaba a Kopaneng se lumellana ho bolela selemo sa 1986 e le Selemo sa Machaba sa Khotso. Phatlalatso e tiileng ea Selemo seo e tla etsoa ka la 24 Mphalane, 1985, sehopotso sa selemo sa mashome a mane sa ho ba teng ha mokhatlo oa Machaba a Kopaneng.”
BOIKUTLO ba hao ke bofe ka polelo ena ea mokhatlo oa Machaba a Kopaneng? Na e etsa hore u ikutloe u kholisehile haholo ka nako e tlang? Ba bangata ba ka bolela hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lokela ho lekoa haeba feela e na le monyetla oa ho tlisa khotso ho sa tsotellehe hore na o fokola hakae. Ka baka leo ho hana eng hore e be “Selemo sa Machaba sa Khotso”?
“Selemo sa Khotso” se tla lumellana hantle le lipheo tsa baqapi ba mokhatlo oa Machaba a Kopaneng. Morao ka 1944 mookameli oa United States o itse: “Re rerile . . . ho bōpa lichaba tse ratang khotso hore ka takatso ea tsona ea bonngoe, boikemisetso bo kopaneng, le ka matla a kopaneng ho tiisoe hore ho se be le mohatelli kapa ’m’ampoli. Ka baka leo, qalehong ea ntoa, le tumellanong le litokisetso tsa rōna tsa sesole, re qalile ho rala metheo ea mokhatlo o tla boloka khotso le tšireletseho.”
Ba bangata ba ile ba thabela mehopolo eo e metle. “Hore Machaba a Kopaneng a be teng, ho hlokahala hore batho ba lumele matleng a motho a ho etsa molemo, le ho lumela hore litebello tsa bona li lokile,” ho bolela buka Defeat of an Ideal ka Shirley Hazzard, ea ileng a sebeletsa ka lilemo tse leshome Lekhotleng la Bolaoli la Machaba a Kopaneng.
Lengolo la tumellano la mokhatlo o sa tsoa hlonngoa le ne le lokolisa litebello tsa baqapi ba ’ona: “Lipheo tsa Machaba a Kopaneng ke tsena: 1. Ho boloka khotso le tšireletseho tsa machaba . . . 2. Ho hōlisa likamano tsa botsoalle har’a lichaba motheong oa ho hlompha litokelo tse lekaneng le tokoloho ea batho . . . 3. Ho fumana tšebelisano ea machaba tharollong ea mathata a machaba.” Na e be ho na le phoso lipheong tse joalo?
Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng o qalile ka mokhoa o babatsehang. Ho ile ha buisanoa ka litseko tse thata tsa lefatše. Ka 1948 ha amoheloa Khoeletso ea Lefatše Lohle ea Litokelo tsa Batho. Ha etsoa mosebetsi o bohlokoa oa sechaba bakeng sa ho lokisa mathata a bofuma, tlala, boloetse, le bomalimabe ba baphaphathehi. Litekanyetso tsa machaba li ile tsa emisoa, tse kang litekanyetso tsa polokeho likepeng tse khōlō le lifofaneng, mangolo a bophelo bo botle ho baeti, litefello tse tšoanang tsa poso, le menyetla ea ho hasa moeeng.
Machaba a Kopaneng a ne a kentse letsoho mohomeng boitekong ba ho tlisa khotso khohlanong e neng e le pakeng tsa India le Pakistan ka 1947-49. A bontša matla a oona ha masole a neng a loana tlas’a folaga ea Machaba a Kopaneng a kena Korea ka 1950 le Congo (eo ha joale e leng Zaire) ka 1960. Ho sa ntse ho na le masole a bolokang khotso a Machaba a Kopaneng Cyprus le Bochabela bo Hare. E, ka lilemo tse fetileng tse 40 Machaba a Kopaneng a ile a iketsetsa lebitso. Lichaba tse fetang 150 li bontšitse ho hlompha ha tsona lekhotla lena ka ho romela baemeli ba tsona ntlo-khōlō ea Machaba a Kopaneng e leng Motseng oa New York, mabopong a Noka ea East.
Empa ke ho isa boholeng bofe Machaba a Kopaneng a phethahalitseng molao oa oona oa motheo oa “ho boloka khotso le tšireletseho tsa machaba”? Khoeletso e reng “Selemo sa Khotso sa Machaba” e tla ba le liphello life?