Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 10/15 leq. 26
  • Lekhotla le Phahameng la Turkey Le Lokolla Lipaki tsa Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lekhotla le Phahameng la Turkey Le Lokolla Lipaki tsa Jehova
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Qeto ea Lekhotla
  • Ho Lakatsoa ho Tlosoa ho Feletseng ha Qoso
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 10/15 leq. 26

Lekhotla le Phahameng la Turkey Le Lokolla Lipaki tsa Jehova

LIPAKI TSA JEHOVA tse 23 li ne li thabile haholo ha li lokolloa ka la 14 Phupjoane, 1985, kamor’a ho koalloa chankaneng ea Ankara ka selemo. Ka 1984 Lekhotla la Tšireletso la Naha la Ankara le ne le ba ahloletse lilemo tse ’ne ho ea ho tse tšeletseng. Lekhotla leo le ba fumane ba le molato oa ho tlōla molao 163 o jarang kotlo, o thibelang mosebetsi oa bolumeli o etsoang ka sepheo sa ho ‘fetola boemo ba sechaba, ba moruo, ba lipolotiki, kapa molao oa naha.’ Lekhotla la hana ho amohela boemo ba bona ba bolumeli.—Bona The Watchtower ea la 1 ’Mesa, 1985.

Ha etsoa boipiletso kahlolong eo, ’me ka la 29 Motšeanong, 1985, nyeoe ea mameloa Lekhotleng le Phahameng la Turkey. Nakong eo ho mametsoeng nyeoe, ha etsoa kōpo ea hore ho felisoe kahlolo motheong oa hore Lipaki tsa Jehova ke sehlopha sa bolumeli ’me ha ho na bopaki ba hore li tlōla molao.

Babuelli ba molao ba sireletsang baqosuoa ba bontša hore linyeoeng tsohle tsa nakong e fetileng tsa lekhotla Lipaki tsa Jehova li ile tsa tlosoa qoso, le hore litsebi tsohle tsa molao tse hlahlobileng mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova ka lilemo tse kaholimo ho 20 ha li e-s’o ka li fumana tlōlo leha e le efe ea molao. Babuelli ba molao ba bontša hore kahlolo e ne e theiloe maikutlong a leeme le boitsebisong bo fosahetseng.

Qeto ea Lekhotla

Ka la 19 Phupjoane, 1985, Lekhotla le Phahameng la ntša kahlolo ea lōna e kopaneng. La felisa kahlolo e entsoeng ke Lekhotla la Tšireletso la Naha ’me la laela hore Lipaki tse 23 li lokolloe hang-hang. Lekhotla la bontša ka matla hore molao oa Turkey o lumella malumeli ’ohle ho ba le litokelo tse tšoanang tsa borapeli le ho phatlalatsa litumelo tsa ’ona, haeba mesebetsi e joalo e sa kena-kenane le litaba tsa naha.

Lekhotla le Phahameng la bontša hore baqosuoa ba ahlotsoe “kahobane feela e le . . . Lipaki tsa Jehova.” ’Me kahlolo eo e ne e theiloe litlalehong tse peli tsa “litsebi” tse leeme tsa bolumeli. Li boletse hore Lipaki tsa Jehova “ke khopiso ka baka la bonngoe le borapeli ba tsona.” Empa Lekhotla le Phahameng la bontša hore qoso e joalo ha se bopaki ba hore mesebetsi ea Lipaki e tlōla molao 163.

Lekhotla la fihla qetong ea hore Lipaki tsa Jehova ha lia tšela moeli oa tokoloho ea borapeli o tiisoang ke molao oa naha. Lekhotla la bontša hore “ha ho tlōlo ea molao leha e le ho sebelisoa hampe ha tokoloho ho fumanoeng.”

Kahlolo eo e lumellana le linnete. Hape e lumellana le qeto e entsoeng ke Lekhotla le Phahameng la Boipiletso ka 1980. Lekhotla leo le bontšitse ka ho hlakileng hore mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova ha o khahlanong le ’Muso ’me hape ha o kotsi naheng. Hape la re: “Haeba ka letsatsi le leng lintho tse lumeloang ke baqosuoa li etsahala ’me ’Muso oa Molimo o hlongoa lefatšeng lohle, ho otla baqosuoa ka baka la seo ba se lumelang ho ke ke ha thibela liketsahalo tse joalo. Empa haeba litebello tsa bona e mpa e le maikutlo a monate le tumelo ea lefeela, ha ho kamoo tumelo e joalo e ka bang kotsi Naheng ea rōna.”

Liqoso tsohle, le boitsebiso bo fanoeng ke “litsebi” tse peli tse leeme tsa bolumeli tsa pakoa li fosahetse. Mosebetsi oa bolumeli oa Lipaki tsa Jehova o lokolohileng lipolotiking oa hlongoa hape.

Ho Lakatsoa ho Tlosoa ho Feletseng ha Qoso

Le hoja kahlolo e felisitsoe, nyeoe e fetiselitsoe Lekhotleng la Tšireletso la Naha hore e hlahlojoe hape. Ho tšepjoa hore le nakong eo Lekhotla le tla ahlola litaba ho ea ka linnete ’me baqosuoa ba tla hlakoloa qoso eohle.

Barati ba tokoloho lefatšeng lohle ba tla tsoela pele ba lebeletse phello ea taba ena. Ba lakatsa ho bona Lipaki tsa Jehova li thabela tokoloho e feletseng ea borapeli. Haeba ho ka ba joalo, ho ka boleloa ka nepo hore Turkey e leka ho phela ka boipolelo ba eona e le naha ea puso ea batho ka batho.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela