Libata Tsa Tšenolo—Ke Hobane’ng ha U Bala ka Tsona?
TŠENOLO! Ke lebitso la buka ea ho qetela ea Bibele. Hape, bang ba e reile lebitso le amang maikutlo la buka ea Phuthullo. Buka e tletse litlhaloso tsa litšoantšo tse hlakileng, tse totobetseng har’a tsona e le sa drakone le sa libata tse tharo. Ba bang ba fumana hore libata tsena lia tšosa. Ba bang ba li habanya feela e le litoro tsa monna-moholo. Ke hobane’ng, he, ha u lokela ho bala ka libata tsa Tšenolo? Hobane li ama thabo ea hao.
Ke ’nete, moapostola Johanne e ne e le monna-moholo ha a ngola buka ea Tšenolo hoo e ka bang lilemong tse fetileng tse 1 900. Leha ho le joalo, na hoo ho bolela hore, libata tseo a li hlalosang e ne e le litoro feela tsa kelello e sa fellang? Che, le Johanne hase eena monna-moholo oa pele ea bileng le lipono tse joalo. Monna ea bitsoang Daniele le eena o ile a bona lipono tsa libata botsofaling ba hae, ’me lipono tsena li ipakile ho ba boprofeta bo nepahetseng ba liphetoho pusong ea batho. (Daniele, likhaolo tsa 7 le 8) Ho feta moo, Jesu Kreste ka boeena o ile a talima Daniele e le ea bululetsoeng ke Molimo, a mo bitsa moprofeta ’me a qotsa bukeng ea hae.—Mattheu 24:15.
Jesu o bontšitse hore baapostola ba hae ba ne ba tla fumana taeo e eketsehileng ea bomolimo kamor’a hore a shoe. (Johanne 16:12, 13) ’Me kaha ho tloha ka nako eo litšobotsi tse ngata tse bukeng ea Tšenolo li phethahalitsoe ka tsela tsotehang, re ka tiisa hore lipono tsa moapostola Johanne tsa libata tsa Tšenolo le tsona li ne li bululetsoe ke Molimo.—2 Timothea 3:16.
Kenyeletso ea buka ea Tšenolo e re: “Ke ena Tšenolo ea Jesu Kreste, eo a e neiloeng ke Molimo, . . . a [e] rometseng ka lengeloi, a bileng a [e] tšoantšetsa Johanne, mohlanka oa hae.” (Tšenolo 1:1) Kahoo, litšoantšo tsa buka ea Tšenolo, ho akarelletsa tsa libata tsa eona, ke litšoantšetso, hase tsa sebele. Ha ho na lebaka la ho tšaba ho bala ka tsona. Libata tsena tsa tšoantšetso li hlomella Bakreste ka tsebo ea bohlokoa, e ba nolofaletsang ho boloka kamano ea bona le Molimo. Kahoo, moapostola Johanne o ne a ka ngola hore: “Ho lehlohonolo ea balang, le ba utloang litaba tsa boprofeta bona, ba bolokang tse ngoliloeng teng; hobane nako ea tsona e se e le haufi.” E, ha u utloisisa litšoantšo tsena, u ka thaba hona joale le kamoso.—Tšenolo 1:3.