Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 2/15 maq. 3-4
  • Tšenolo ke Eng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšenolo ke Eng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo e Hlileng E Leng Sona
  • Tšenolo Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Apocalypse—Na e Lokela ho Tšajoa Kapa e Lokela ho Lebelloa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Ke Hobane’ng ha Batho ba Tšohile Apocalypse?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Mopapa le Tšenolo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 2/15 maq. 3-4

Tšenolo ke Eng?

“TŠENOLO!” U hopola eng ha u utloa lentsoe leo? Na ke letsatsi la kahlolo? Koluoa? Ntoa ea III ea Lefatše? Bofelo ba lefatše? Haeba u ba le mehopolo ena, ha u mong tabeng eo. Thuto ea mahlale le mecha ea litaba li supa bokamoso ba motho e le bo lerootho. Ka hona, na hoa makatsa hore ebe ba bangata ba amahanya tšenolo le ho fela hoa batho ka ketsahalo e ’ngoe ea koluoa?

Puong ea hae ea pele, Mongoli-Kakaretso oa Machaba a Kopaneng Javier Pérez de Cuéllar o ile a lemosa: “Kajeno tšenolo hase feela tšoantšetso ea Bibele empa e fetohile ntho ea sebele-bele e ka etsahalang. Phihlelong ea motho ha ho mohla re kileng ra ba mosenekeng o pakeng tsa koluoa le ho pholoha tjena.” O ne a bua ka eng? E ne e le ka ho tobana le nuclear ho phahamisoang ke ho tota hoa peiso ea lihlomo ea hona joale. Ha a tiisa temoso ea hae Machabeng a Kopaneng, o ile a bolela hore “litsebi tsa thuto ea mahlale tse ka bang 500 000 lefatšeng lohle li nehelana ka tsebo ea tsona phuputsong ea libetsa tse tsoetseng pele haholoanyane le tse bolaeang haholoanyane.”

Ba bang le bona ba hlokomela boemo ba kajeno. Hans Jonas, profesa ea filosofi e seng e tlohetse mosebetsi Sekolong se Secha sa Phuputso ea Tulisano, o re tšabo ea hae e khōlō ke “tšokelo ea tšenolo e tsoang boleng ba matla a sa reroang a tsoelopele ea boqapi ba thuto ea mahlale.” O amahanya phethahatso ea tšenolo le ‘mokhathala, tšilafatso, tšenyo ea lefatše, hammoho le tšoso ea timetso ea kapele ka liqhomane tsa athomo.’

Ka ho tšoanang, rahistori Golo Mann o boletse: “Re ke ke ra ba le ntoa e ’ngoe hape ea lefatše. Ntoa ke lentsoe le sa lokang. Re lokela ho tlosa lentsoe ‘Ntoa ea III ea Lefatše’ ’me re re pheliso kapa koluoa.”—Die Zeit, ea Hamburg ea la 30 Phato, 1985.

E, motho o-oa hlokomela hore o lintšing tsa ho itimetsa. Empa na o tla khoephetsa phethahatso ea tšenolo? E seng ho latela Bibele, e bolelang hore “Morena [Jehova], Molimo o matla ’ohle”—e seng motho—o tla “senya ba senyang lefatše.” (Tšenolo 11:17, 18) Ka hona, ho utloisisa hore na tšenolo e bolela eng ho tsoa ponong ea Bibele, ho ka ’na hoa u fa pono e fapaneng, e ncha le e hlakileng ka ho feletseng.

Seo e Hlileng E Leng Sona

Tšenolo e hlalosoa lengolong le eang ho Bathessalonika. Mono moapostola Pauluse o re: “Hobane efela ho lokile hore Molimo o busetse matšoenyeho ho ba le tšoenyang, ’me lōna ba tšoenngoang, le etsetsoe phomolo le rōna, mohla Morena Jesu a bonahalang [kapa a senolehang] a e-tsoa leholimong, le mangeloi a matla a hae, ka mollo o tukang, ho iphetetsa ho ba sa tsebeng Molimo, le ho ba sa utloeng Evangeli ea Jesu Kreste, Morena oa rōna. Bao ba tla otloa ka tšenyeho e sa feleng.”—2 Ba-Thessalonika 1:6-10.

Ka hona, tšenolo, ke ho hlaha hoa Jesu Kreste nakong ea ‘mahlomola a maholo.’ (Mattheu 24:21) Ho latela An Expository Dictionary of New Testament Words ea W. E. Vine, lentsoe la Segerike a·po·kaʹly·psis le bua “ka ho tla hoa Morena Jesu Kreste ho tla liha kahlolo ea Molimo.” Kae-kae, Bibele e bua ka tšenolo ena, kapa phuthullo, e le “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle” Harmagedone.—Tšenolo 16:14, 16; 19:11-21.a

Ke ’nete, mabapi le tšenolo, re bone hore Bibele e bua ka “mahlomola,” “boiphetetso,” le “kahlolo.” Leha ho le joalo, e boetse e bua ka “topollo” bakeng sa bao ba se nang molato ba fetileng mahlomoleng. Lentsoe la Molimo le re tšepisa hore “ho se ho se hokae, ’me molotsana o tla ba sieo.” (Pesaleme ea 37:10) Ka hona phethahatso ea tšenolo e tla imolla batho litšusumetsong tsohle tse khopo. E tla ba sehlohlolong sa ho khutlela maemong a molemo bakeng sa ba pelo li bonolo—e seng ketsahalo eo ba ka e tšabang.

Ka hona, ho e-na le ho timetsa bohle ka ho feletseng, kapa ho ba putula, phethahatso ea tšenolo e tla ba tharollo e lokileng mathateng a batho. Na khopolo ea ho phela mehleng e mecha—mehla ea ho loka, khotso, le boiketlo—ha e ipiletse ho uena le lelapa la hao?

Empa na re atamela phethahatso ea tšenolo ea Bibele? Haeba ho joalo, na ho na le tsela eo re ka tsebang nako ea eona e nepahetseng?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona hape le sehlooho se buang ka Megiddo, maqepheng a 21-4 a makasine ona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela