Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 12/1 maq. 3-5
  • Ke Hobane’ng ha Batho ba Tšohile Apocalypse?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Batho ba Tšohile Apocalypse?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Histori ea ho Tšoha Apocalypse
  • Na ho Tšoha Apocalypse ho Loketse?
  • Tšenolo ke Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Tšenolo Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Apocalypse—Na e Lokela ho Tšajoa Kapa e Lokela ho Lebelloa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • “Litaba Tse Nyakallisang” Tsa Apocalypse
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 12/1 maq. 3-5

Ke Hobane’ng ha Batho ba Tšohile Apocalypse?

“KA LILEMO tse mashome, Bakreste ba nkang Bibele joalokaha e le joalo ba ’nile ba profeta hore sechaba se tla tloha se tsekoloha ka tsela [e itseng],” ho rialo Damian Thompson, mongoli oa litaba tsa bolumeli, makasineng ea Time. “Hona joale, ba makalitsoe ke hore hase feela hore letoto lena la liketsahalo tse inahaneloang le nkoa ka ho teba, empa le jaloa ke bona batho ba neng ba le soma: batho ba etsang mananeo a lik’homphieutha, ba li hulang pele khoebong le bo-ralipolotiki.” O bolela ka tieo hore tšabo ea hore lik’homphieutha li tla sitoa ho sebetsa hantle selemong sa 2000 “e entse hore batho ba sa thahaselleng bolumeli ba se ke ba lumela pusong ea khotso ea lilemo tse sekete” ba tšabe hore ho tla ba le likoluoa tse kang “ho tlala tšabo ha bongata, ho oa ha mebuso, ho loanela lijo, ho soahlamanela ha lifofane mehahong e phahameng haholo.”

Se ekelletsang matšoenyehong a akaretsang ke liketso tse tšosang tsa lihlopha tse sa tšoaneng tsa malumeli a manyenyane, ao hangata ho thoeng ke “a apocalypse.” Ka January 1999, sehloohong se reng “Jerusalema le Mekhosi ea Apocalypse,” koranta ea letsatsi le letsatsi ea Fora Le Figaro e itse: “Mafapha a tšireletso a [Iseraele] a hakanya hore ba ka bang lekholo ‘ba lumelang pusong ea khotso ea lilemo tse sekete’ ba Thabeng ea Mehloaare kapa pel’a eona ba letetse ho ba teng ha Morena kapa apocalypse.”

Ho 1998 Britannica Book of the Year ho na le tlaleho e khethehileng e mabapi le “Maquloana a Borapeli a Phatlalatsang Letsatsi la Kahlolo.” Har’a lintho tseo e buang ka tsona ho na le maquloana a borapeli a buellang ho ipolaea, a kang la Khoro ea Leholimo, la Tempele ea Sechaba, la Mokhatlo oa Tempele ea Letsatsi le la Aum Shinrikyo (’Nete e Phahameng ka ho Fetisisa), le ileng la lokisetsa hore ka 1995 seporo se ka tlas’a lefatše sa Tokyo se hlaseloe ka khase e chefu e bolaeang, e ileng ea bolaea batho ba 12 ’me ea lematsa ba likete. Ha a akaretsa tlaleho ena, Martin E. Marty, moprofesa oa bolumeli Univesithing ea Chicago o ile a ngola: “Ho qaleha ha selemo sa 2000 ho kenya tšusumetso—’me ho tla hle ho susumetse mefuta eohle ea boprofeta le mekhatlo. E meng e ka ’na ea e-ba kotsi. E tla ba nako eo ho ke keng ha iphapanyetsoa eona.”

Histori ea ho Tšoha Apocalypse

Apocalypse, kapa Tšenolo, ke lebitso la buka ea ho qetela ea Bibele, e ngotsoeng ho ella qetellong ea lekholo la pele la lilemo C.E. Ha ho talingoa sebōpeho sa boprofeta sa buka ena le puo ea eona eo boholo ba eona e leng ea tšoantšetso, sehlakisi “ea apocalypse” se ile sa sebelisoa mofuteng oa lingoliloeng tse ileng tsa qala ho ngoloa khale pele buka ea Bibele ea Tšenolo e ngoloa. Mokhoa oa ho ngola lingoliloeng ka litšoantšo tse kang tsa tšōmong o qalile khale koana Persia ea boholo-holo esita le pele ho moo. Kahoo, The Jewish Encyclopedia e bua ka “litšobotsi tseo ka ho hlakileng e leng tsa Babylona tsa mekhoa ea tšōmong e kenyelelitsoeng ho lingoliloeng [tsa Sejuda tse buang ka apocalypse].”

Lingoliloeng tsa Sejuda tse buang ka apocalypse li ile tsa ata ho tloha qalong ea lekholo la bobeli la lilemo B.C.E. ho ea qetellong ea lekholo la bobeli la lilemo C.E. Setsebi se seng sa Bibele ha se hlalosa lebaka la ho ngoloa ha lingoliloeng tsena se ile sa ngola: “Bajuda ba ile ba arola nako ka mehla e ’meli. Ho ne ho e-na le ho bitsoang mehla ea hona joale, e mebe ka ho feletseng . . . Ka lebaka leo, Bajuda ba ile ba emela bofelo ba lintho kamoo li leng kateng. Ho ne ho e-na le mehla e tlang e neng e lokela ho ba molemo ka ho feletseng, nako ea Molimo ea khotsofalo e khōlō eo ka eona ho neng ho tla ba le khotso, katleho le ho loka . . . Mehla ee ea hona joale e ne e ka fetoha mehla e tlang joang? Bajuda ba ne ba lumela hore ha ho mohla batho ba ka tlisang phetoho eo, ka lebaka leo, ba ne ba lebeletse hore Molimo a kenelle ka ho toba. . . . Letsatsi la ho tla ha Molimo le ne le bitsoa Letsatsi la Morena ’me e ne e lokela ho ba nako e tšosang ea tšabo le timetso le kahlolo eo e neng e tla ba bohloko bo hlabang ba ho tsoaloa ha mehla e mecha. Lingoliloeng tsohle tse buang ka apocalypse li sebetsana le liketsahalo tsena.”

Na ho Tšoha Apocalypse ho Loketse?

Buka ea Bibele ea Tšenolo e bua ka ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle,’ kapa Armagedone, eo ho eona ba khopo ba tla timetsoa, e tla lateloa ke nako ea lilemo tse sekete (eo ka linako tse ling e bitsoang Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete) eo ho eona Satane a tla akheloa sekoting ’me Kreste a ahlole moloko oa batho. (Tšenolo 16:14, 16; 20:1-4) Mehleng e Bohareng, ba bang ba ne ba sa utloisise boprofeta bona hobane “Mohalaleli” Augustine oa Mok’hatholike (354-430 C.E.) o ne a boletse hore Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete e qalile tsoalong ea Kreste ’me e tla lateloa ke Kahlolo ea ho Qetela. Ho bonahala hore Augustine o ne a sa ele hloko nako hakaalo, empa ha selemo sa 1000 se ntse se atamela, tšabo e ile ea eketseha. Bo-rahistori ha ba lumellane mabapi le hore na lilemong tsena tse bohareng batho ba ile ba tšoha apocalypse hakae. Ho sa tsotellehe hore na ho ne ho pharaletse hakae, ka sebele ho ne ho sa lokela.

Ka ho tšoanang kajeno, batho bao e leng litho tsa bolumeli le bao eseng litho tsa bolumeli ba tšaba hore selemo sa 2000 kapa sa 2001 se tla tlisa apocalypse e ’ngoe e tšosang. Empa na tšabo ee e loketse? ’Me na molaetsa o fuperoeng ke buka ea Bibele ea Tšenolo, kapa Apocalypse, ke ntho eo re lokelang ho e tšaba kapa, ka ho fapaneng, na ke ntho eo re lokelang ho e lebella? Re kōpa hore u tsoele pele ho bala.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Tšabo ea lilemo tse bohareng ea Apocalypse e ile ea bonahala e sa lokela

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Cliché Bibliothèque Nationale de France, Paris

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

Maya/Sipa Press

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela