Apocalypse—Na e Lokela ho Tšajoa Kapa e Lokela ho Lebelloa?
“Kajeno apocalypse hase taba feela tjee eo Bibele e buang ka eona empa e fetohile ntho e ka etsahalang ka sebele.”—Javier Pérez de Cuéllar eo e neng e le mongoli-kakaretso oa Machaba a Kopaneng.
HA MOTHO ea hlaheletseng lefatšeng a sebelisa lentsoe “apocalypse” joalo, o bontša tsela eo ka eona batho ba bangata ba le utloisisang le ho le bona le sebelisitsoe mabitsong a libaesekopo le a libuka, lihloohong tsa limakasine le litlalehong tsa likoranta. Sena se tsosa menahano ea koluoa ea tonanahali. Ha e le hantle, lentsoe “apocalypse” le bolela’ng? ’Me habohlokoa haholoanyane buka ea Bibele e bitsoang Apocalypse, kapa Tšenolo e fupere molaetsa ofe?
Lentsoe “apocalypse” le fetoletse lentsoe la Segerike le bolelang “ho koaholla,” kapa “ho khurumolla.” Ho ile ha khurumolloa eng, kapa ha senoloa eng Tšenolong ea Bibele? Na ka ho khetheha e ne e le molaetsa oa timetso, selelekela sa pheliso e feletseng eo ho eona ho se nang baphonyohi? Ha a botsoa hore na maikutlo a hae ke afe ka Apocalypse, rahistori Jean Delumeau, setho sa Institut de France o ile a re: “Ke buka ea matšeliso le tšepo. Batho ba fetelelitse seo e se fupereng ka ho lebisa tlhokomelo liketsahalong tsa eona tse buang ka koluoa.”
Kereke ea Pele le Apocalypse
“Bakreste” ba pele ba ne ba talima Apocalypse le tšepo eo e fanang ka eona ea Puso ea Lilemo tse Sekete ea Kreste holim’a lefatše joang? Rahistori eena eo o itse: “Bakreste ba makholo a lilemo a seng makae a pele, ho ’na, ka kakaretso ba bonahala e le ba neng ba lumela pusong ea khotso ea lilemo tse sekete. . . . Har’a Bakreste ba makholong a pele a lilemo ba neng ba lumela Pusong ea Kreste ea Lilemo tse Sekete ho ne ho hlaheletse Papias, mobishopo oa Hierapolis, Asia Minor, . . . Mohalaleli Justin, ea hlahetseng Palestina, ea ileng a shoela tumelo Roma hoo e ka bang ka 165, Mohalaleli Irenæus, mobishopo oa Lyons, ea ileng a shoa ka 202, Tertullian, ea ileng a shoa ka 222 le . . . mongoli e moholo Lactantius.”
Mabapi le Papias, eo ho ea ka tlaleho a ileng a shoela tumelo Pergame ka 161 kapa 165 C.E., The Catholic Encyclopedia e re: “Mobishopo Papias oa Hierapolis, morutuoa oa Mohalaleli John, o ile a bonahala e le ’muelli oa puso ea khotso ea lilemo tse sekete. O ile a bolela hore o fumane thuto ea hae ho batho ba phetseng ka nako e le ’ngoe le Baapostola, ’me Irenæus o bolela hore ‘Sehlopha [se seng] se Busang sa Kereke,’ se neng se bone le ho utloa morutuoa Johanne, se ithutile ho eena tumelo pusong ea khotso ea lilemo tse sekete e le karolo ea thuto ea Morena. Ho latela Eusebius . . . Papias bukeng ea hae o ile a tiisa hore tsoho ea bafu e ne e tla lateloa ke lilemo tse sekete tsa ’muso oa Kreste oa lefatšeng o bonahalang le o khanyang.”
See se re bolella eng ka phello eo buka ea Apocalypse, kapa Tšenolo e bileng le eona balumeling ba pele? Na e ne e kenya tšabo kapa tšepo? Hoa thahasellisa hore ebe bo-rahistori ba re Bakreste ba khale ke ba lumelang thutong ea hore Kreste o tla busa lefatše ka lilemo tse sekete, e leng poleloana e tsoang mantsoeng a Segerike khiʹli·a eʹte (lilemo tse sekete). E, ba bangata ba bona ba ne ba tsebahala e le ba lumelang Pusong ea Kreste ea Lilemo tse Sekete, e tla tlisa maemo a paradeise lefatšeng. Lengolo la Bibele leo e leng lona feela le buang ka ho toba ka tšepo ea puso ea khotso ea lilemo tse sekete ke Apocalypse, kapa Tšenolo. (20:1-7) Ka hona, ho e-na le ho tšosa balumeli, Apocalypse e ile ea ba fa tšepo e hlollang. Bukeng ea hae ea The Early Church and the World, moprofesa oa Oxford oa histori ea kereke Cecil Cadoux oa ngola: “Le hoja thuto ea hore Kreste o tla busa lefatše ka lilemo tse sekete e ile ea qetella e hannoe, e ile ea tšehetsoa haholo ka Kerekeng ka nako e telele, e rutoa ke ba bang ba bangoli ba hlomphuoang haholo.”
Lebaka Leo ka Lona Tšepo ea Apocalypse e Ileng ea Hanoa
Kaha ke ’nete ea histori e ke keng ea latoloa hore Bakreste ba pele ba bangata, haeba e se boholo ba bona ba ne ba e-na le tšepo Pusong ea Kreste ea Lilemo tse Sekete lefatšeng la paradeise, ho tlile joang hore “thuto ea hore Kreste o tla busa ka lilemo tse sekete” e “qetelle e hannoe”? Ho nyatsoa ha eona ho ile ha lokafatsoa hobane, joalokaha setsebi Robert Mounce se bontšitse, “ka bomalimabe, ba bangata ba lumelang thutong ea hore Kreste o tla busa lefatše ka lilemo tse sekete ba ile ba lumella menahano ea bona hore e nahane lintho tse khōlō le ho hlalosa nako ea lilemo tse sekete e le ea ho rua le ho ikhotsofatsa ho feletseng ha mefuta-futa.” Empa maikutlo ana a feteletseng a ka be a lokisitsoe ntle le hore ho hanoe tšepo ea ’nete ea Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete.
Ho neng ho hlile ho makatsa ke mekhoa eo lira tsa thuto ea puso ea khotso ea lilemo tse sekete li neng li e sebelisa ho e hatella. Dictionnaire de Théologie Catholique ha e bua ka moruti oa Moroma Caius (qetellong ea lekholo la bobeli la lilemo, qalong ea la boraro) e re: “E le hore a ka felisa thuto ea puso ea khotso ea lilemo tse sekete, ntle ho khoao o ile a latola bonnete ba Apocalypse [Tšenolo] le ba Kosepele ea Mohalaleli Johanne.” Dictionnaire ena e tsoela pele ho bolela hore Dionysius, mobishopo oa Alexandria oa lekholong la boraro la lilemo, o ile a ngola tlaleho e latelang e khahlanong le thuto ea puso ea khotso ea lilemo tse sekete, “e le hore a ka thibela ba neng ba khomaretse maikutlo ana hore ba thehe tumelo ea bona ho Apocalypse ea Mohalaleli Johanne, ha aa ka a qeaqea ho hana bonnete ba eona.” Khanyetso eo e lonya mabapi le tšepo ea litlhohonolofatso tsa puso ea lilemo tse sekete lefatšeng e bontša tšusumetso e mano e neng e sebelisoa ke baruti ba thuto ea bolumeli ka nako eo.
Moprofesa Norman Cohn ha a ngola bukeng ea hae ea The Pursuit of the Millennium o re: “Lekholong la boraro la lilemo ho bile le boiteko ba pele ba ho latola tumelo pusong ea khotso ea lilemo tse sekete, ha Origen, mohlomong e le eena ea nang le tšusumetso e ka sehloohong ho baruti ba thuto ea bolumeli ba Kereke ea boholo-holo, a qala ho bua ka ’Muso e le ntho e neng e ke ke ea e-ba teng ka tsela ea sebele empa e le e neng e tla ba teng meeeng ea balumeli feela.” Kaha o ne a itšetlehile ka filosofi ea Bagerike ho e-na le Bibele, Origen o ile a fokolisa tšepo e hlollang ea litlhohonolofatso tsa lefatšeng tlas’a ’Muso oa Mesia hore e be “ntho [e sa utloahaleng] . . . meeeng ea balumeli.” Mongoli oa Mok’hatholike Léon Gry o ile a ngola: “Tšusumetso e atileng ea filosofi ea Bagerike . . . butle-butle e ile ea senya likhopolo tsa hore Kreste o tla busa lefatše ka lilemo tse sekete.”
“Kereke e Lahlile Molaetsa oa Eona oa Tšepo”
Ha ho na pelaelo ea hore Augustine e ne e le Ntate oa Kereke ea ileng a etsa sohle seo a neng a ka se khona ho tsoaka filosofi ea Bagerike le seo nakong ea hae e neng e le feela Bokreste ka lebitso. Qalong e ne e le ’muelli ea mafolofolo oa thuto ea puso ea khotso ea lilemo tse sekete, o ile a qetella a hanne mohopolo leha e le ofe oa Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete e tla ba lefatšeng. O ile a khopamisa moelelo oa Tšenolo khaolo ea 20.
The Catholic Encyclopedia e re: “Augustine o ile a qetella a khomaretse tumelo ea hore ho ke ke ha e-ba le puso ea Kreste ea lilemo tse sekete. . . . O re bolella hore tsoho ea pele, eo khaolo ena e buang ka eona, e amana le ho tsoaloa hape moeeng ka kolobetso; sabatha ea lilemo tse sekete ka mor’a histori ea lilemo tse likete tse tšeletseng, ke eona bophelo bo sa feleng.” The New Encyclopædia Britannica e re: “Thuto ea puso ea khotso ea lilemo tse sekete ea Augustine eo moelelo oa eona o khopamisitsoeng e ile ea fetoha thuto ea motheo ea kereke . . . Bo-raliphetoho ba Maprostanta ba litloaelo tsa Malutere, Macalvin le Machache . . . ba ile ba lula ba khomaretse ka tieo maikutlo a Augustine.” Kahoo, litho tsa likereke tsa Bokreste-’mōtoana li ile tsa hlokisoa tšepo ea puso ea Kreste ea lilemo tse sekete.
Ho feta moo, ho latela moruti oa thuto ea bolumeli oa Switzerland Frédéric de Rougemont, “ka ho latola tumelo ea hae ea pele pusong ea lilemo tse sekete [Augustine] o ile a baka tšenyo e khōlōhali Kerekeng. Ka lebaka la tšusumetso e matlahali ea lebitso la hae, o ile a lumella phoso e ileng ea amoha [Kereke] pakane ea eona ea lefatšeng.” Moruti oa thuto ea bolumeli oa Mojeremane Adolf Harnack o ile a lumela hore ho hana ho lumela Pusong ea Kreste ea Lilemo tse Sekete ho ile ha amoha batho feela ba tloaelehileng “bolumeli boo ba neng ba bo utloisisa,” ha nkela “tumelo ea khale le tšepo ea khale” sebaka ka “tumelo eo ba neng ba sitoa ho e utloisisa.” Likereke tsa kajeno tse se nang batho linaheng tse ngata ke bopaki bo hlakileng ba hore batho ba batla tumelo le tšepo tseo ba li utloisisang.
George Beasley-Murray, eo e leng setsebi sa Bibele, o ile a ngola tjena bukeng ea hae ea Highlights of the Book of Revelation: “Mak’hatholike le Maprostanta a kopane ho hana thuto ea puso ea khotso ea lilemo tse sekete; ka lehlakoreng le leng ke haholo-holo ka lebaka la tšusumetso e khōlōhali ea Augustine ’me ka ho le leng kahobane e amoheloa ke lihlotšoana tsa bokhelohi. Ha ba botsoa hore na ba na le tšepo efe e ’ngoe bakeng sa batho lefatšeng lena, karabo e utloahalang ke ena: Ha e eo ho hang. Lefatše le tla timetsoa ha Kreste a e-tla ka lekhetlo la bobeli bakeng sa ho suthela leholimo le lihele tsa ka ho sa feleng tseo ho tsona histori e tla lebaloa. . . . Kereke e lahlile molaetsa oa eona oa tšepo.”
Tšepo e Hlollang ea Apocalypse e sa Ntse e Phela!
Lipaki tsa Jehova tsona li kholisehile hore litšepiso tse hlollang tse mabapi le Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete li tla phethahala. Ha ho buisanoa le eena lenaneong la thelevishine ea Fora sehloohong se reng “Selemo sa 2000: Tšabo ea Apocalypse,” rahistori oa Mofora Jean Delumeau o itse: “Lipaki tsa Jehova li latela hantle thuto ea puso ea khotso ea lilemo tse sekete, hobane li re haufinyane . . . re tla kena nakong ea lilemo tse 1 000 ea thabo le hoja ho ke ke ha latoloa hore e tla be e le ka mor’a ho feta tlokotsing e khōlō.”
Sena ke sona hantle seo moapostola Johanne a ileng a se bona ponong ’me a se hlalosa bukeng ea hae ea Apocalypse, kapa Tšenolo. O ile a ngola: “Ka bona leholimo le lecha le lefatše le lecha . . . Eaba ke utloa lentsoe le phahameng le tsoang teroneng le re: ‘Bonang! Tente ea Molimo e ho moloko oa batho, ’me o tla lula le bona, ’me e tla ba batho ba hae. ’Me Molimo ka boeena o tla ba le bona. ’Me o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.’”—Tšenolo 21:1, 3, 4.
Lipaki tsa Jehova li kopanela mosebetsing oa thuto ea Bibele ea lefatše ka bophara ho nolofalletsa batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ho amohela tšepo ena. Li tla thabela ho u thusa ho ithuta se eketsehileng ka eona.
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Papias o ile a bolela hore o fumane thuto ea Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete ho batho bao ka ho toba ba phetseng mehleng ea baapostola
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Tertullian o ne a lumela Pusong ea Kreste ea Lilemo tse Sekete
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Cliché Bibliothèque Nationale de France, Paris
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
“Ka ho latola tumelo ea hae ea pele pusong ea lilemo tse sekete, [Augustine] o ile a baka tšenyo e khōlōhali Kerekeng”
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Lefatše la Paradeise le tšepisitsoeng ho Apocalypse ke ntho e lokelang ho lebelloa ka cheseho