Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 3/1 maq. 21-25
  • Ho Lumellana le Litsela Tsa Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Lumellana le Litsela Tsa Jehova
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bophelo ba Pele Engelane le Canada
  • Ketelo E Ileng ea Fetola Bophelo Ba Ka
  • Liteko tsa Boboleli
  • Ho Sebeletsa Bethele
  • Rutherford—Mosebetsi ea sa Khathaleng
  • Likhatello lia Phahama, Rutherford o-oa Hlokahala
  • Likabelo tse Ncha
  • Ho Paka Lihleke-hlekeng
  • Bethele Hape
  • Bophelo Ba Ka Kahare ho Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Jehova o Tsamaisoang ka Moea
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Phatlalatsang Morena le ’Muso! (1919-1941)
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • ‘Re Entse Seo re Neng re Tšoanela Hore Ebe re se Entse’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Tšebeletso ea Nako e Tletseng​—⁠Moo e Ileng ea Mphihlisa Teng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 3/1 maq. 21-25

Ho Lumellana le Litsela Tsa Jehova

Joalokaha ho boletse Arthur Worsley

KA MATSATSI a mararo re ne re e-s’o bone letsatsi; moea le leoatle li ne li re puputla. Re ne re le thōko le Hlohla ea Hatteras e tummeng hampe ea Carolina Leboea re le tseleng ea ho ea kabelong ea rōna ea ho bolela Bahamas. E ne e le ka Pulungoana 1948. Bone ba rōna, baromuoa ba bararo ba Sekolo sa Bibele sa Watchtower sa Gileade le ’na, re ile ra qala ho ipotsa hore na ebe re tla ke re fihle moo.

Ke ne ke le lebiling la sekepe sa Mokhatlo oa Watch Tower se limithara tse 18 (60-ft), Sibia. Ho ella ka letsohong le letona la sekepe molumo o kang oa ha mouoane oa metsi a belang o phonyoha o ile oa utloahala ka makhetlo ha maqhubu a maholo a re khahlela, ’me re ne re le metsi tee ha a ntse a theteha holim’a rōna. Lithapo li ne li thatetsoe lebanteng ho mpota letheka ’me li fasitsoe faatše sekepeng. Ha re ne re tsukutloa ke moea, liketane le liropo tse tšoereng seile li ne li etsa molumo o hlabang ’me ha re toba moeeng teng li ne li otlana habohloko.

Ba neng ba le ka phaposing e khōlō ea sekepe ka tlaase ’me ba kula hampe e ne e le Stanley Carter le Ron Parkin. Ha e le Gust Maki ea lilemo li 50 eo ke neng ke sa tsoa mo phomotsa lebiling o ne a shoele ke mokhathala. Pele ke tšoara lebili, ke ile ka etsa joala ba eggnog ’me ka bolella Gust moo a tla bo fumana teng. Ke mo qebetse ka nako eo ho fihlela nako e ka etsang lihora tse leshome hamorao.

Nke ke ka hlola ke lebala bolutu ba bosiu boo, ke mametse moea o tsukutlang, ke loantšana le lebili le lekang ho itaola, ’me ke tšepile hore ropo e ntiisitseng e tla tšoarella. Ho tlile joang hore ke be boemong boo?

Bophelo ba Pele Engelane le Canada

Ntate o ne a sebetsa likepeng tsa Brithane, ’me hangata ke ne ke e-ba le banna ba basesisi le ba sesole. Ha ’mè a hlokahala ka tšohanyetso, ke ile ka romelloa ho ea rupeloa leoatleng. Ka 1923, ha ke le lilemo li 16, ke ile ka nka leeto ho potoloha lefatše ka sekepe sa thupelo.

Ha ke le Singapore, ke ile ka utloa ka moena oa ka hore Ntate o boetse o nyetse ’me lelapa joale le ne le se le le Alberta, Canada. Ka hona, ka 1924, ke ile ka lula le lelapa leso polasing e ‘lihektare’ tse 130 (liakere tse 320) pel’a Lethbridge. Ntlo ea lekhotla la thekiso e ne e se supa e le “Alberta e khanyang letsatsi e ka boroa, naha ea lithollo tsa khauta,” ’me e le ’nete.

Ketelo E Ileng ea Fetola Bophelo Ba Ka

Ntho e ’ngoe eo ntlo ea lekhotla la thekiso e neng e bonahala e e lebetse ho e bolela e ne e le mariha a masaba-saba. Mohatsela o ne o ee o theohele ho lintlha tse 34 tlas’a ntlha ea khoamo (-30°F) ka linako tse ling, mohlomong le ho feta. Ka letsatsi le leng le joalo la mariha a 1926-27, Ford ea Moetso oa T e tsofetseng e ile ea kena e kubelelitse ka jareteng ea rōna ’me ea fihla ea ema khekhenene e ntse e kapea haufi-ufi le ntlo kamoo ho ka khonehang. A memetsoe kofi e chesang le likuku, moqhobi o ile a hlalosa hore tsela e ne e koetsoe ke lehloa le hohotsoeng, ’me o ne a sa tsebe hantle moo a neng a le teng. Seo se ile sa hlakisoa kapele ’me joale o ile a qala ho bua le rōna ka Bibele. Ke ile ka mo fa dolara bakeng sa buka Deliverance le libukana tse supileng.

Batsoali ba ka ba ne ba il’o reka toropong, ka hona ’na le moena oa ka re ile ra bala-bala libukana tseo ka nakoana. ’Me joale li ile tsa beoa tsohle ka lebokoseng la libuka ’me tsa iteballoa kaha re ne re tšoanela ho ea alosa liphoofolo. Leha ho le joalo, tse ling tsa lintho tseo ke neng ke li balile li ile tsa ’na tsa khutlela mohopolong oa ka. Ke ne ke be ke tsohe le bosiu ke ntse ke nahana ka tsona. Qetellong, ke ile ka rera ho bona hore na lintho tsena tsohle li ne li bolela’ng.

Ke sa khethe, ka hula bukana Our Lord’s Return. Ke emetse hore bohle ba robale, ke ile ka bala bukana ’me ka sheba lengolo le leng le le leng ka Bibeleng ea rōna ea lelapa. Ke makalitsoe le ho thabisoa ke litlhaloso tsena, ke ile ka qala ho “pakela” lelapa leso hoseng ho latelang lijong tsa hoseng. Ho hang ha ba ka ba khahloa, empa hoo ha hoa ka hoa kokobetsa cheseho ea ka.

Liteko tsa Boboleli

Ke ile ka romella mabitso le liaterese tsa balemi ba baahisane ho Mokhatlo oa Watch Tower ’me ka kōpa hore ba romelloe likopi tsa Our Lord’s Return. Hamorao, ha ke e-ea ho ba botsa hore na ba ratile bukana eo joang, ke ile ka makatsoa ke likarabo tse tletseng bora, tse kang, ‘Ngoana e monyenyane joaloka uena ha a tlameha ho kena-kenana le lintho tseno’ kapa, ‘Ntho eno ke Borussell. Ba ile ba koalla batho bano teronkong United States.’

Le hoja ke ne ke soabile, ha kea ka ka tela. Ke ile ka odora libuka tsohle tseo Mokhatlo oa Watch Tower o neng o li hatisa, hammoho le likopi tse ling tse eketsehileng tseo ke neng nka li kalima motho e mong. Ke ne ke bala hang ha monyetla o hlaha, ke ntse ke nahana kamoo ke neng nka arolelana seo ke neng ke ithuta sona le ba bang. Mokhatlo oa ntsebisa hore phutheho e haufi-ufi e ne e le bohole ba lik’hilomithara tse 160 (limaele tse 100) Calgary, moo ho neng ho le hole haholo ho ’na hore nka ea.

Ka 1928 ke ile ka tloha lapeng ho ea itšebeletsa, ka qetella ke lema sebaka seo ke se sehetsoeng se boholo ba ‘lihektare’ tse 65 (liakere tse 160), seo ke neng ke lumellane le beng ba sona hore ke tla ba fa karolo ea bone ea chai ea selemo ka seng. Ka Tšitoe 1929 ke ne ke itokiselitse phomolo, ka hona ka leba ho ntate le ’mangoane, ba neng ba se ba falletse Vancouver, British Columbia. Matsatsinyana hoba ke fihle, mosali e mong a fihla lapeng a ntse a rekisa libuka tsa Mokhatlo oa Watch Tower. Ke ile ka ithuta ho eena hore na Liithuti tsa Bibele (tseo joale li bitsoang Lipaki tsa Jehova) li kopanela kae, ’me Sontaha se latelang hore ke eo kopanela ka tsamaea lik’hilomithara tse robeli (limaele tse 5) har’a pula e ngata ea sefefo.

Ho ne ho thabisa ho kopanela le ba bang ba neng ba rata Bibele joaloka ’na. Beke e hlahlamang, haesitana le beke e ’ngoe le e ’ngoe kamor’a moo, ke ile ka kopanela le sehlopha seo mosebetsing oa boboleli oa ntlo le ntlo. Joale The Watchtower ea January 15, 1930, ea fihla ka memo ea ho ea thusa ka mosebetsi ntlo-khōlō ea Mokhatlo oa Watch Tower e Brooklyn, e bitsoang Bethele. Ke ile ka ithaopa ’me, ho makaleng hoa ka, ka memeloa ho ea. Ho ile hoa nkuka nakoana ho lokisa litaba tsa ka ’me khabareng ka kolobetsoa. Ke ile ka qetella ke fihlile Bethele ka la 13 Phuptjane, 1930.

Ho Sebeletsa Bethele

Ke abetsoe ho sebetsa moo ho tlangoang libuka, ke ile ka qetella ke sebelisa mochine o kenyang literata tse tšoarang maqephe libukaneng. Ebile thabo e kaakang ho sebetsa Our Lord’s Return, eona bukana eo ebileng sebetsa se fetotseng bophelo ba ka. Kapele-pele ke ne ke se ke ntse ke rokella maqephe a bukana e ncha The Kingdom, the Hope of the World.

Kopano ea pele eo ke bileng ho eona, Columbus, Ohio, ka Phupu, 1931, ruri e ne e le ea bohlokoa. Nke ke ka hlola ke lebala molumohali oa liatla ha ho ne ho phatlalatsoa hore ho tloha ka nako eo re ne re tla tsejoa ka lebitso Lipaki tsa Jehova. Joale bukana The Kingdom, the Hope of the World e ile ea lokolloa. Ena e ne e hlalosa lebaka leo ka lona lebitso lena le neng le sebelisoa. Kamor’a moo re ile ra e isa ho bohle ba boholong sesoleng, lipolotiking, khoebong le bolumeling, ’me ’na ka seqo ke abetsoe ho etsa sena pel’a Bethele e Brooklyn Heights le Sehleke-hlekeng sa Governor.

Kou ea New York e haufi-ufi le Bethele, ’me kaha ke ne ke tloaelane le likepe, lebopo ea e-ba sebaka sa ka sa boboleli. Ka letsatsi le leng molaoli oa sekepe sa liphahlo a hanyetsa: “U seke ua ba ua leka ho nthekisetsa libuka tseno. Ke na le buka e le ’ngoe e hlileng e bolelang ’nete ka Bibele.”

Ka re, “Ak’u mpontše seo u nang le sona.”

O ile a ntša kopi e sohlokehileng ea buka Government, a ntse a hlalosa: “Ke ile ka e inola ka nōkeng ’me ka e omisa. Ke buka e molemohali eo nkileng ka e bala.”

Kamor’a ho ’montša leqepheng la bahatisi hore libuka tseo ke neng ke li rekisa li ne li tsoa ho bahatisi ba le bang, ho setseng ‘hoa thelelisa feela.’ Re ile ra ba le nako e babatsehang hammoho!

Ka papiso ho ne ho e-na le ba fokolang haholo ba bolelang matsatsing ao, ka hona ra leka kahohle ho isa litaba tse molemo ho batho pele ho Harmagedone. Motse oa New York o ne o e-na le phutheho e le ’ngoe feela. Hona joale ho na le liphutheho tse fetang 300 le bahoeletsi ba bang ba 30 000 motseng ’me masimo a mangata a sebetsoa khoeli e ’ngoe le e ’ngoe!

Rutherford—Mosebetsi ea sa Khathaleng

Joseph F. Rutherford, mookameli oa Mokhatlo oa Watch Tower nakong ea lilemo tsa ka tse 11 tsa pele Bethele, o ne a atisa ho ’makatsa ka mosebetsi o mongatahali oo a neng a o phetha. O ne a sa ngole feela bongata ba libuka tsa rōna tsa Bibele, a bea lipuo hangata haholo, ’me a loana lintoa tse ngata tsa khotla, empa o ne a boetse a thahasella litaba tsa lelapa la Bethele, leo ka nako eo le neng le e-na le litho tse ka bang 200.

Ka mohlala, ka 1932 o ile a rera hore re tšoanetse ho iketsetsa boholo ba lijo tsa rōna, haholo-holo nama. Ka hona o ile a hlopha hore ho hahuoe matlo a likhoho polasing ea Mokhatlo e Sehleke-hlekeng sa Staten e boholo ba ‘lihektare’ tse 6 (liakere tse 15). Ka mokhoa o mong o ile a tseba hore ke ne ke tseba ho hong ka ho ruuoa hoa likhoho. Hona hoa fella ka hore ke qete mafelo-beke le eena re qapa matlo a likhoho le ho li lekanyetsa sebaka hore re ka a haha.

Ho le leng la maeto ana Moena Rutherford o ile a bonahala a amehile haholo ka ho hong. Kamor’a nakoana ka iteta sebete ho ’motsa hore na ebe ho na le ho hong ho fosahetseng le hore na ebe ho na le letho leo nka le etsang ho thusa. O ile a bua ho hong ka hore nka sitoa ho mo thusa. Empa ha re ntse re tsamaela tšimong, o ile a re: “Ha ke e-s’o bone ho hlōleha le ka mohla. Neng le neng ha ke sebetsana le taba ea bohlokoa, ho bitoha bothata bo bong, ’me hona joale ke ntse ke sebetsana le se seng sa lihlooho tsa bohlokoahali kamorao ho lilemo.” Ruri ke ne ke makalitsoe ke hore o ne a ka ba a e bolella ’na, ea mocha haholo hakaalo Bethele.

Libeke tse ’maloa hamorao, batho ba Jehova ba ile ba fuoa litokollo tsa August 15 le September 1, 1932 tsa The Watchtower, tse nang le sehlooho se nang le likarolo tse peli se reng “Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Jehova.” Lihlooho tsena li ile tsa pepesa tsamaiso ea baholo ba khethoang ka livoutu ea mangolo. Tsa hla tsa baka motsoebere, empa e ne e le mohato o hatelang pele taolong e feletseng ea puso ea Molimo.

Mehleng eno Moena Rutherford o ne a tobane le khanyetso e matla e tsoang ho ba neng ba leka ho mo tlosa khasong ea sea-lemoea. Empa e ne e le seloani ’me le ka mohla ha a ka a inehela ho lira tsa hae tsa bolumeli.

Likhatello lia Phahama, Rutherford o-oa Hlokahala

Tlhoriso e ile ea phahama nakong ea bo1930. Jeremane ea Bonazi ba bangata ba ne ba romeloa likampong tsa mahloriso ’me ba bolaeloa tumelo ea bona. Haesitana le United States baena ba bang ba ile ba tlotsoa ka sekontiri ’me ba hlongoa masiba; ba bang ba ile ba qobelloa ho noa kaseterole. Thepa e ile ea senngoa, ’me bana ba ile ba lelekoa likolong.

Ka 1941 Moena Rutherford o ile a qala ho kula, empa o ne a ntse a na le tšusumetso e sekhahla le boetapele bo sa thekeseleng. Ho rōna ba neng ba mo tseba hantle, bophelo ba hae bo ntseng bo mpefala bo ne bo bonahala ka mokhoa o soabisang. O ne a fokotse hoo liphahlo tsa hae li neng li lokotseha feela ho eena. Le hoja ’mele oa hae o ne o ntse o fokola, kelello ea hae e ne e ntse e le seli ’me cheseho ea hae bakeng sa ’nete le ho phatlalatsoa hoa lebitso la Jehova ha e-ea ka ea qepha le ka mohla.

Hoseng ho hong kamor’a lijo tsa hoseng qetellong ea hoetla ka 1941, o ile a kunutela lelapa hore o ne a tšoanetse ho sebetsoa ka thipa ka mokhoa o mahlonoko. O ile a khothatsa lelapa ka nako e teletsana, a ntoo qetella: “Kahoo haeba Molimo o rata, ke tla boetse ke le bone. Haeba ho se joalo, kea tseba hore lōna le tla ntšetsa pele ntoa.” Ho ne ho se lea mong ea sa soleng menyepetsi ho ba lelapa, ’me ha rea ka ra hlola re ’mona hape. O ile a ea California tsatsing leo moo a ileng a shoela teng ka la 8 Pherekhong, 1942.

Ka lilemo Moena Rutherford o ile a hlaseloa haholo ka mokhoa o bohale, empa liqoso tse joalo e ne e le lefeela ho rōna ba neng ba sebetsa le eena ’me re mo utloa a fana ka taeo ea moea borapeling ba hoseng ho e ka bang tsatsi le leng le le leng. Re ne re mo tseba kamoo a neng a hlile a le kateng—e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ke’ng hape e neng e ka buuoa?

Likabelo tse Ncha

Nakoana kamor’a hore Nathan H. Knorr ebe mookameli, o ile a bitsetsa ba bang ba rōna ofising ea hae, a rala merero ea ho tsosolosa hore baemeli ba Mokhatlo ba etele liphutheho, ’me a re botsa hore na ebe re ka rata ho kenya letsoho. Ke ile ka lumela ’me ka qala mosebetsi oa ho eta ka 1942. Re ne re tsejoa ka lebitso “mohlanka oa baena,” lebitso leo hamorao le ileng la fetoleloa ho “mohlanka oa potoloho.”

Ka Motšeanong 1948, kopanong ea setereke Houston, Texas, Moena Knorr o ile a mpitsetsa ofising ea hae. Kamor’a puisano ka mosebetsi sebakeng seo le ka bophelo ba ka, o ile a mpotsa: “Na u nahana ho nyala?”

Ha e le hantle ke ne ke sitoa hore kannete ke re che, ’me ka mokhoa o tšoanang ke ne ke sitoa hore e. Ka hona ke ile ka arabela: “Moena, ke ’nile ka nahana ka hona ho tloha ha ke le lilemo li hlano.” Hoo ho ile ha ’na hoa ntšiea boemong bo sa hlakang. Moena Knorr joale a hlalosa hore Mokhatlo o ne o rekile sekepe, ’me a mpotsa hore na ke ne nka rata ho ea mosebetsing oa boromuoa ka sekepe.

Ke kamoo ke bileng lebiling la Sibia bosiung bola ba sefefo se matla Hloahloeng ea Hatteras, ka Pulungoana 1948.

Ho Paka Lihleke-hlekeng

Kamor’a matsatsi a seng makae feela re ile ra fihla Bahamas moo re ileng ra fumana batho ba thabelang baeti le ba lapetseng ’nete ea Bibele. Re ile ra paka lihleke-hlekeng tsohle tse khōlō, re chakela tse ling tsa tsona ka makhetlo a ’maloa ka likhoeli tse supileng tseo re bileng moo ka tsona. Joale ra leba Lihleke-hlekeng tsa Virgin, re paka ho haola le sehlopha sena sa lihleke-hleke.

Ka bosiu bo bong St. Martin, hlooho, kapa ’musisi oa sehleke-hleke, o ile a tla ho ’na ’me a re: “Ho fihlela libeke tse seng kae tse fetileng, ha ke ne ke tsamaea ho pota toropo, sohle seo u neng u se utloa ho buuoa ka sona e ne e le basali le lintoa tsa mekoko. Hona joale hohle moo ke eang teng ke ba utloa ba bua ka Jehova le Bibele. Lōna bashanyana ba Jehova le entse mosebetsi o motle, ’me kea le leboha ka hona.”

Ke ile ka tlotloa ka hore ke fane ka puo ea pele ea Sehopotso e kileng ea beoa St. Vincent. Kamor’a moo mosali o ile a khotsa: “Monghali Brown a ka be a thabetse ho utloa puo eo, empa o lula hōle haholo.” Ke ile ka neoa mohlala oa hore na nka ea fihla joang, ’me ka matjeke ka le hlahlamang ke ile ka tloha ho ea batla motse oo.

Ho ne ho se mebila haese litsela tsa maoto. Ke ile ka tsamaea lihora, ke botsa tsela nako le nako. Ke qetuoe ke mokhathala, hoo e ka bang ka hora ea bobeli mantsiboea ke ile ka fihla moo ho se nang lifate ’me ho na le mekhoro e seng mekae e qalikaneng. Ke ile ka rera ho ea ho o mong ’me ke phomole. Ha ke atamela, ke ile ka bona mongolo holimo lemating, “Holo ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova.” Mokhathala oa ka oa tloha joaloka kobo.

Hang-hang monna a tla ’me a mpotsa hore na a ka nthusa. Ke ile ka botsa, “Nka kopana joang le batho ba hahileng holo e nyenyane ee?”

A re, “Ke e mong oa bona.”

Ka ’molella hore ke tsoa ho Sibia, empa ha hoa ka ha bonahala ho bolela letho ho eena. Eaba ke re, “Ha u tsebe? Sekepe sa Jehova.” Joale o ile a thaba hoo a neng a sitoa ho ema nģa e le ’ngoe. Ka pele ke ile ka ithuta hore na holo eo e ile ea hahoa joang.

A hlalosa, “Ha ke ea Trinidad, ba mpolella ’nete. Joale ka tla hae ’me ka bolella batho ba bang.” A mpotsa hore na nka thabela ho fana ka puo.

Ka re, “Nka ho thabela.” Ka hona a letsa phala ea khaketla, ’me kapele-pele holo e nyenyane e ne e tletse batho ’me ba bang ba hlahetse le ka lifenstere. Ke ile ka fana ka puo, joale hoa tšoaroa thuto ea Molula-Qhooa ’me ea tsamaisoa hantle! Kamor’a tsena tsohle moena o ile a ’memela ho ea ja ha hae. Letsatsi le ne le rapama, ’me ka ba joetsa hore ke tšoanetse ho tsamaea. Ba mphelehetsa ka tsela e khutšoanyane ho feta eo ke ileng ka tla ka eona. Kamor’a hore ba khutle, ke ne ke ntse ke saletsoe ke limaele tse seng kae ho ea sekepeng, empa e ne e le bosiu bo elileng.

Bethele Hape

Kopano ea pele e khōlō Yankee Stadium e ile ea tšoaroa ka 1950. Rōna ba ho Sibia re ile ra memeloa ho ea. Ha ke le New York, ke ile ka abeloa hape mosebetsi oa ho eta United States. Kamor’a lilemo tse seng kae, ke ile ka kula ’me ka bitsetsoa Bethele hape ka 1956. Bophelo ba ka butle-butle bo ile ba ntlafala, empa ke ile ka ’na ka lula Bethele.

Ka nako e ’ngoe ha Moena Knorr a ntse a bua ka tlhokahalo ea baromuoa ba eketsehileng Afrika, ke ile ka hlahisa hore a nthomele moo. Leha ho le joalo, o ile a nkhopotsa lilemo tsa ka le makhetlo ao ke ’nileng ka ba sepetlele ka oona ’me a mpolella hore ho ka ba molemo ha nka lula moo ke tla fumana tlhokomelo ha ke e hloka.

Hona joale ha ke le lilemo li 79, ’me e le lilemo tse ka bang 56 ke le tšebeletsong ea nako e tletseng ha ke hetla morao, ke thabo ho tseba hore ke kenetse tšebeletso e joalo bocheng ba ka. Hangata ha ke tsoa libokeng kapa mosebetsing, ke lula ka kamoreng ea ka e khathollang Bethele ’me ke nahana ka liketsahalo tsa lilemo tse 60 tse fetileng. Ruri ke putsitsoe, ka lebaka la ho lumellana le litsela tsa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Ha ke ntse ke bolela Alabama ka 1934, ke ile ka fapanyetsana libuka tsa Bibele ka likhoho

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela