Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 4/15 leq. 31
  • Na u sa Hopola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na u sa Hopola?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Banna ba Lipere ba Tšenolo—Kamoo ho Palama hoa Bona ho U Amang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Ho Rarolla Mohlolo oa Banna ba Lipere
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Bapalami Ba Bane ba Lipere-ke Bo-mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Bapalami ba Bane ba Lipere Baa Khemisa!
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 4/15 leq. 31

Na u sa Hopola?

Na u kile ua nahana ka hloko ka litokollo tsa haufi tjee tsa Molula-Qhooa? Haeba ho joalo, mohlomong u tla hopola tse latelang:

◻ Jesu o bontšitse lerato la hae bakeng sa batho ho fella kae?

Ka boithatelo a tloha lehaeng la leholimo la khotso le tšireletseho ho tla ja, ho robala le ho tloaelana le batho ba kulang le ba shoang. Kamor’a tsena, Jesu ka boithatelo a tela bophelo ba hae ba botho bo phethahetseng e le hore a ka lokisetsa topollo molemong oa batho. (Matheu 20:28)—12/15, maqephe 3, 4.

◻ Ke melemo efe ea botho e tlelang Mokreste ea hlaolelang boitšoaro?

Mokreste o fumana boitlhompho bo boholo ka ho sebelisa boitšoaro. Hape, o thabela khotso e kholoanyane le thabo ka lapeng, ka phuthehong, le likamanong tsa letsatsi le letsatsi. Ka holimo ho tsohle, boitšoaro bo mo thusa ho haha kamano e ntle le ’Mōpi oa hae, le ho itsebahatsa e le Mokreste oa ’nete.—12/15, leqephe 24.

◻ Sepheo-pheo sa ho amohela baeti e lokela ho ba sefe?

Le hoja e le ho khotsofatsang ho amohela pontšo ea teboho e tsoang ho ba bang le ho hlokomela hore boiteko ba rōna bo ananetsoe, re lokela ho batla ho amohela baeti haholo-holo hobane e le ntho e nepahetseng le e lerato ho e etsa. Ho feta moo, ho khahlisa Jehova Molimo hore ebe re etsa joalo.—1/15, leqephe 22.

◻ Mopalami oa pere e tšoeu, ea hlalositsoeng ho Tšenolo 6:2, o ama bophelo ba hao joang?

Jesu ke mopalami oa pere e tšoeu, ’me o qalile ho palama hoa hae hoa leholimo ka 1914. Ha a profeta kamoo batho ba neng ba tla angoa ke puso ea hae, o itse: “Mohla Mor’a motho a tlang a teetsoe hare ke khanya ea hae, . . . o tla khetha ba bang ho ba bang, joale ka molisa ha a khetha linku ho lipōli.” Kajeno, batho bohle baa aroloa, ’me hore na u arabela joang molaetseng oa ’Muso ho tla bolela lefu kapa bophelo ho uena. (Matheu 25:31-33; 24:14)—1/15, leqephe 6.

◻ E meng ea mekhoa eo Jehova a tšelisang le ho boloka bahlanka ba hae ka eona ke efe?

Jehova o tšelisa le ho boloka bahlanka ba hae ka moea oa hae o halalelang. (1 Petrose 4:12-14) O boetse o ba tšelisa ka ho arabela lithapelo tsa bona. (Bafilipi 4:6, 7) Ho feta moo, Lentsoe la Molimo ke mohloli o moholo oa matšeliso, le tiisetsa bahlanka ba hae hore ha ho letho le ka ba hlahelang leo Jehova a sa le boneng kapa a ke keng a le laola.—2/1, leqephe 19.

◻ Timetso e profetiloeng ke Bibele ke efe?

Ke ho kenella ho khethang hoa Molimo litabeng tsa batho.—2/15, leqephe 7.

◻ Ke eng se boleloang ke polelo ea Jesu “bophelo ka ho lōna,” e ho Johanne 6:53?

Ho Johanne khaolo ea 6, Jesu o lekanya “bophelo bo sa feleng” le ho ba le “bophelo ka ho lōna,” ke hore, ho qetella motho a kene bophelong bo feletseng. “Mohlatsoana” oa majalefa a ’Muso o latsoa hoo tsohong ea oona ha o kena maholimong, ’me “linku tse ling” li etsa joalo kamorao ho bofelo ba Puso ea Lilemo tse Sekete ea Kreste Jesu. (Tšenolo 20:4, 5)—2/15, leqephe 19.

◻ Ke molao-motheo ofe o hatisoang ka bukeng eohle ea Nehemia oo e leng thuto ho rōna kajeno?

Molao-motheo ke hore “ekare ha e se Jehova ea hahang ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lefeela.” (Pesaleme ea 127:1) Kajeno, mesebetsing eohle ea rōna, re tla atleha feela haeba Jehova a re hlohonolofatsa.—2/15, leqephe 26.

◻ Ke eng e ileng ea boloka Jobo nakong ea liteko tsa hae, ’me hona ho ka re thusa joang kajeno?

Jobo o ne a kholisehile hore bophelo bona hase bona phetho bo teng. (Jobo 14:13-15) Ho ba le kholiseho e joalo kajeno, hore Jehova o tla tsosa bahlanka ba hae ba tšepahalang, ho ka re thusa ho talimana le liteko leha e le life tseo Satane a ka ’nang a re lihela tsona. (Baheberu 6:10; 11:6)—3/1, leqephe 20.

◻ Batsoali ba ka ithuta eng ka phello ea sebe sa Davida le Bathe-Sheba?

Jehova o atoloselitse mohau oa hae ho Davida ka lebaka la selekane sa ’Muso, kahoo a mo lumella hore eena le Bathe-Sheba ba ’ne ba phele. Leha ho le joalo, seboholi sa Jehova sa re ho eena: “Ka baka la hobane u nyefolisitse lira tsa Jehova ka taba eo, ngoana ea tsoaletsoeng uena o tla shoa ruri.” (2 Samuele 12:14) Hona ho lokela ho hatisa ho batsoali hore boitšoaro ba bona bo ka ama bana ba bona haholo.—3/15, leqephe 31.

◻ Ho hlokoa eng haeba motho e tla ba motsoalle ea amohelehang oa Lipaki tsa Jehova?

Motho ea joalo o tlameha ho amohela letoto lohle la lithuto tsa Bibele, ho akarelletsa litumelo tsa Mangolo tse khethollang Lipaki tsa Jehova.—4/1, leqephe 31.

◻ Haeba menahano e mebe e kena ka likelellong tsa rōna nako le nako, re lokela ho etsa joang?

Re lokela ho hanela likelello tsa rōna ho lula menahanong ena e mebe. Ho re thusa hore re etse sena, re lokela ho ea ho Jehova ka thapelo hang-hang, ‘re jarisa Jehova phahlo tsa rōna.’ (Pesaleme ea 55:22)—4/1, leqephe 21.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela