Khaolo 16
Bapalami ba Bane ba Lipere Baa Khemisa!
Pono 3—Tšenolo 6:1-17
Moko-taba: Ho palama ha bapalami ba bane ba lipere, lipaki tse bolaetsoeng tumelo tse ka tlas’a aletare, le letsatsi le leholo la khalefo
Nako ea phethahatso: Ho tloha ka 1914 ho fihlela thipitlong ea tsamaiso ena ea lintho
1. Jehova o senolela Johanne lintho tse ka moqolong o hlollang oo Jesu a o bulang joang?
MEHLENG ena e mahlonoko, na ha re thahaselle ka matla ho tseba “lintho tse tla etsahala haufinyane”? Ka sebele re thahasella ho li tseba hobane rōna ka borōna rea ameha! Kahoo, joale a re shebelleng hammoho le Johanne ha Jesu a tsoela pele ho bula moqolo oo o hlollang. Ka ho tsotehang, ha ho hlokahale hore Johanne a o bale. Hobane’ng? Hobane seo o se fupereng se fetisetsoa ho eena ka “lipontšo,” ka lipono tse matla tseo ho tsona ho etsahalang lintho tse thahasellisang.—Tšenolo 1:1, 10.
2. (a) Johanne o bona eng ebile o utloa eng, hona ho hlaha ha kerubime ho fana ka maikutlo afe? (b) Taelo ea kerubime ea pele e lebisitsoe ho mang, hona ke hobane’ng ha u araba joalo?
2 Mamela Johanne ha Jesu a bula tiiso ea pele ea moqolo: “Ka bona ha Konyana e bula e ’ngoe ea litiiso tse supileng, ’me ka utloa se seng sa libōpuoa tse phelang tse ’nè se re ka lentsoe le kang la sealuma: ‘Tloo!’” (Tšenolo 6:1) Lena ke lentsoe la kerubime ea pele. Ponahalo ea eona e kang ea tau e ne e fa Johanne maikutlo a hore mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o tla nka bohato ka sebete ho phethahatsa likahlolo tsa Hae tse lokileng. Taelo eo e lebisitsoe ho mang? E ke ke eaba e lebisitsoe ho Johanne, hobane Johanne o se a memetsoe hore a kopanele liponong tsena tsa boprofeta. (Tšenolo 4:1) ‘Lentsoe leo le kang la sealuma’ le hoeletsa ba bang ba nang le seabo ketsahalong ea pele letotong la liketsahalo tse ’nè tse susumetsang.
Pere e Tšoeu le Mopalami oa Eona ea Khanyang
3. (a) Joale Johanne o hlalosa eng? (b) Tumellanong le tsela eo Bibele e tšoantšang lintho ka eona, e tlameha ebe pere e tšoeu e tšoantšetsa eng?
3 Johanne, a e-na le sehlopha sa Johanne se chesehang le metsoalle ea sona kajeno, o fuoe tlotla ea ho bona tšoantšiso e fetang ka potlako! Johanne o re: “Ka talima, ’me, bonang! pere e tšoeu; ea e palameng o ne a e-na le seqha; a fuoa moqhaka, ’me a tloha e le ea hlōlang le hore a phethe tlhōlo ea hae.” (Tšenolo 6:2) E, ka mor’a hore lentsoe lane le kang sealuma le re “Tloo!” ho hlaha pere e tšoeu. Ka Bibeleng, hangata pere e tšoantšetsa ntoa. (Pesaleme ea 20:7; Liproverbia 21:31; Esaia 31:1) Pere ena eo mohlomong e leng poho e ntle, e khanya ka bosoeu bo bontšang khalalelo e sa silafatsoang. (Bapisa le Tšenolo 1:14; 4:4; 7:9; 20:11.) Hoo ke ho loketseng hakaakang, hobane e emela ntoa e hloekileng le e lokileng mahlong a halalelang a Jehova!—Bona le Tšenolo 19:11, 14.
4. Mopalami oa pere e tšoeu ke mang? Hlalosa.
4 Mopalami oa pere ee ke mang? O tšoere seqha, e leng sebetsa sa ntoa se etselitsoeng ho hlasela, empa o boetse o fuoe moqhaka. Batho ba lokileng ba bonoeng ba roetse meqhaka ka letsatsi la Morena ke Jesu le sehlopha se emeloang ke baholo ba 24 feela. (Daniele 7:13, 14, 27; Luka 1:31-33; Tšenolo 4:4, 10; 14:14)a Ho ke ke ha lebelloa hore setho se le seng sa sehlopha sa baholo ba 24 se ne se ka tšoantšetsoa se amohela moqhaka ka lebaka la ho tšoaneleha ha sona ho itseng. Kahoo, e tlameha ebe monna enoa ea mong ea palameng pere ke Jesu Kreste feela. Johanne o mo bona leholimong ka nako ea bohlokoa ka ho fetisisa ka 1914 ha Jehova a re, “Ke hlomamisitse morena oa ka,” a bile a mo bolella hore ke ka morero oa “hore nka fana ka lichaba e le lefa la hao.” (Pesaleme ea 2:6-8)b Kahoo, ha Jesu a bula tiiso ea pele o senola kamoo eena, e le Morena ea sa tsoa roesoa moqhaka, a potlakelang ntoeng kateng ka nako e behiloeng ke Molimo.
5. Mopesaleme o hlalosa Mopalami ka tsela e tšoanang le eo a hlalosoang ka eona ho Tšenolo 6:2 joang?
5 Pono ena e lumellana hantle le Pesaleme ea 45:4-7, e lebisitsoeng ho Morena ea behiloeng teroneng ke Jehova, e reng: “Ka bokhabane ba hao u tsoele pele ho atleha; palama molemong oa ’nete le boikokobetso le ho loka, letsoho la hao le letona le tla u rupela ka lintho tse tšabehang. Metsu ea hao e bohale—lichaba li ntse li oela tlas’a hao—lipelong tsa lira tsa morena. Molimo ke terone ea hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng; lere la borena ba hao ke lere la borena la ho loka. U ratile ho loka ’me u hloile bokhopo. Ke ka lebaka leo Molimo, Molimo oa hao, a u tlotsitseng ka oli ea thabo e khaphatsehang ho feta balekane ba hao.” Kaha Johanne o ne a tseba tlhaloso eo ea boprofeta, o ne a tla utloisisa hore e amana le mosebetsi oa Jesu e le Morena.—Bapisa le Baheberu 1:1, 2, 8, 9.
O Tsoela Pele ho Hlōla
6. (a) Ke hobane’ng ha Mopalami a tlameha ho hlōla? (b) Ho palama ka tlhōlo ho tsoela pele lilemong life?
6 Joale, ke hobane’ng ha Morena ea sa tsoa roesoa moqhaka a tlameha ho palama ho ea ntoeng? Ke hobane borena ba hae bo hlomiloe har’a khanyetso e matla ea sera se seholo sa Jehova, Satane Diabolose, le batho ba lefatšeng bao—ebang ba tseba kapa ba sa tsebe—ba phethang thato ea Satane. Ho tsoaloa ha ’Muso ka bohona ho baka ntoa e khōlō leholimong. Nakong ea ntoa Jesu o sebelisa lebitso la Mikaele (le bolelang “Ke Mang ea Tšoanang le Molimo?”), ’me o hlōla Satane le bademona ba hae ebile o ba lihela tlaase lefatšeng. (Tšenolo 12:7-12) Ho palama ha Jesu ka tlhōlo ho tsoela pele lilemong tse mashome tse qalang letsatsi la Morena ha batho ba kang linku ba ntse ba bokelloa. Le hoja lefatše lohle le ntse le “rapaletse matleng a ea khopo,” ka lerato Jesu o tsoela pele ho lisa barab’abo ba tlotsitsoeng le metsoalle ea bona, a thusa e mong le e mong hore a be le tumelo e hlōlang.—1 Johanne 5:19.
7. Jesu o ile a hlōla hokae hape lefatšeng lilemong tse mashome tse qalang tsa letsatsi la Morena, ’me boikemisetso ba rōna e lokela ho ba bofe?
7 Jesu o ile a hlōla hokae hape lilemong tse fetileng tse ka holimo ho 90 tsa letsatsi la Morena? Lefatšeng lohle, batho ba Jehova, e le batho ka bomong kapa e le phutheho, ba fetile mathateng a mangata, likhatellong le mahlorisong, tse tšoanang le tse hlalositsoeng ke moapostola Pauluse ha a fana ka bopaki ba tšebeletso ea hae. (2 Bakorinthe 11:23-28) Lipaki Tsa Jehova li ile tsa hloka “matla a fetang se tloaelehileng,” haholo-holo mabaleng a ntoa le a pefo, e le hore li ka mamella. (2 Bakorinthe 4:7) Empa le maemong a lekang ka ho fetisisa, Lipaki tse tšepahalang li ’nile tsa khona ho bua joaloka Pauluse ha a ne a re: “Morena a ema haufi le ’na ’me a kenya matla ka ho ’na, e le hore ka ’na boboleli bo ka phethoa ka botlalo.” (2 Timothea 4:17) E, Jesu o ile a hlōla molemong oa tsona. ’Me o tla ’ne a tsoele pele ho hlōla molemong oa rōna, hafeela re ikemiselitse ho tsoela pele ho fihlela tumelo ea rōna e qetella e hlōtse.—1 Johanne 5:4.
8, 9. (a) Phutheho ea lefatše lohle ea Lipaki Tsa Jehova e ile ea hlōla liketsahalong life? (b) Ke hokae moo keketseho ea Lipaki Tsa Jehova e hlileng ea totobala?
8 Phutheho ea lefatše lohle ea Lipaki Tsa Jehova e hlōtse ka makhetlo a mangata tlas’a tataiso ea Morena oa eona ea hlōlang. Ka ho khethehileng, o ile a sireletsa Liithuti tsena tsa Bibele hore li se ke tsa felisoa ka 1918, ha tsona ka botsona li ne li ‘hlōtsoe’ ka nakoana ke mokhatlo oa bopolotiki oa Satane. Leha ho le joalo, ka 1919 o ile a roba mekoallo ea teronko ho li pholosa, eaba joale o li matlafalletsa ho bolela litaba tse molemo “ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.”—Tšenolo 13:7; Liketso 1:8.
9 Pele ho Ntoa ea II ea Lefatše le nakong ea ha e ntse e kupa, Mebuso ea Selekane ea bohatelli e ile ea leka ho felisa Lipaki Tsa Jehova linaheng tse ngata moo baeta-pele ba bolumeli, haholo-holo ba lekhotla la botsamaisi la Roma e K’hatholike, ba neng ba tšehetsa bo-’mampoli ba bahatelli phatlalatsa kapa ka lenyele. Empa Lipaki tse 71 509 tse neng li bolela ha ntoa e qhoma ka 1939 li ne li se li le 141 606 ha e lala ka 1945, le hoja tse fetang 10 000 li ne li ile tsa qeta lilemo tse telele literonkong le likampong tsa mahloriso, ’me tse ling tse ka bang 2000 li ne li bolailoe. Palo ea Lipaki tse mafolofolo lefatšeng ka bophara e eketsehile hoo li seng li le ka holimo ho limilione tse tšeletseng kajeno. Ho bile le keketseho e ikhethang linaheng tsa K’hatholike le linaheng tseo mahloriso a neng a le matla haholo ho tsona—joaloka Jeremane, Italy le Japane, moo hona joale Lipaki li tlalehang hore ho na le basebeletsi ba mafolofolo ba fetang ba 600 000.—Esaia 54:17; Jeremia 1:17-19.
10. Morena ea hlōlang o hlohonolofalitse batho ba hae ka tlhōlo efe ha ba ‘sireletsa le ho theha ka molao litaba tse molemo’?
10 Morena oa rōna ea hlōlang o boetse o hlohonolofalitse batho ba hae ba chesehang ka ho ba fa tlhōlo hangata ha ba ‘sireletsa le ho theha ka molao litaba tse molemo’ makhotleng a molao le ka pel’a babusi. (Bafilipi 1:7; Matheu 10:18; 24:9) Hona ho etsahetse linaheng tse ngata—Australia, Argentina, Canada, Greece, India, Swaziland, Switzerland, Turkey le linaheng tse ling. Tse ling tsa linyeoe tse 50 tseo Lipaki Tsa Jehova li ileng tsa li hlōla Lekhotleng le ka Holimo-limo la United States, e bile tse tiisang hore li na le tokelo ea ho bolela litaba tse molemo “phatlalatsa le ka ntlo le ntlo” le ho se kopanele litšebeletsong tsa borapeli ba litšoantšo tsa ho rata naha. (Liketso 5:42; 20:20; 1 Bakorinthe 10:14) Kahoo, tsela e ’nile ea lula e butsoe hore bopaki bo hōle lefatšeng lohle.
11. (a) Mopalami o ‘phetha tlhōlo ea hae’ joang? (b) Ho buloa ha tiiso ea bobeli, ea boraro le ea bone, ho lokela ho re ama joang?
11 Jesu o ‘phetha tlhōlo ea hae’ joang?c Joalokaha re tla bona, hona o ho etsa ka ho pepesa bolumeli ba bohata le ho lihela karolo e ’ngoe le e ’ngoe e setseng ea mokhatlo o bonahalang oa Satane ka “letšeng la mollo le tukang” la tšoantšetso la timetso, e le ho tlosa qoso bobusing ba Jehova. Ka sebete, hona joale re lebeletse letsatsi leo ka Armagedone, ha ka lekhetlo la ho qetela “Morena oa marena” a hlōla mokhatlo o hatellang oa bopolotiki oa Satane! (Tšenolo 16:16; 17:14; 19:2, 14-21; Ezekiele 25:17) Empa pele ho moo, Mohlōli ea ke keng a hlōloa ea palameng pere e tšoeu o tsoela pele ho palama ha Jehova a ntse a eketsa ba pelo li tšepahalang sechabeng sa Hae se lokileng lefatšeng. (Esaia 26:2; 60:22) Na u kopanela le sehlopha sa Johanne se tlotsitsoeng keketsehong ee e thabisang ea ’Muso? Haeba ho joalo, ha ho pelaelo hore seo joale moapostola Johanne a se bonang ha ho buloa litiiso tse latelang tse tharo se tla u susumelletsa hore u be le karolo e khōloanyane mosebetsing oa Jehova oa mehleng ena.
Bonang, Pere e ’Mala oa Mollo!
12. Jesu o ile a re ke eng e neng e tla tšoaea ho ba teng ha hae a sa bonahale e le Morena?
12 Ho ea qetellong ea tšebeletso ea Jesu lefatšeng, barutuoa ba hae ba ile ba mo botsa moo ba leng bang, ba re: “Pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?” Ha a araba, o ile a profeta likoluoa tseo e neng e tla ba “tšimoloho ea bohloko ba mahlomola.” Jesu o ile a re: “Sechaba se tla tsohela sechaba matla, le ’muso o tla tsohela ’muso matla; ’me ho tla ba le litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše, le mafu a seoa le likhaello tsa lijo sebakeng se seng ka mor’a se seng; ’me ho tla ba le lipono tse tšabehang le lipontšo tse khōlō tse tsoang leholimong.” (Matheu 24:3, 7, 8; Luka 21:10, 11) Lintho tseo Johanne a li bonang ha ho buloa litiiso tse setseng li tšoana ka mokhoa o tsotehang le se boletsoeng boprofeteng boo. Joale shebella ha Jesu ea tlotlisitsoeng a bula tiiso ea bobeli!
13. Ke phapang efe eo Johanne a tla tloha a e bona ka ho hlaka?
13 “Ha e bula tiiso ea bobeli, ka utloa sebōpuoa se phelang sa bobeli se re: ‘Tloo!’” (Tšenolo 6:3) Taelo ena e tsoa ho kerubime ea bobeli, e shebahalang joaloka pohoana. Tšobotsi e tšoantšetsoang mona ke matla, empa ke matla a sebelisoang ka toka. Leha ho le joalo, phapang ke hore joale Johanne o bona pontšo ea matla a tšabehang le a bolaeang.
14. Ke pere efe le mopalami ofe bao Johanne a ba bonang joale, ’me pono ee e tšoantšetsa eng?
14 Joale, taelo ee ea bobeli e reng “Tloo!” e arabeloa joang? Ka tsela ena: “E ’ngoe ea tsoa, pere e ’mala oa mollo; ea e palameng a nehoa hore a tlose khotso lefatšeng e le hore ba ka bolaeana; ’me a fuoa sabole e khōlō.” (Tšenolo 6:4) Ke pono e sehlōhō ruri! Hape ha ho pelaelo hore na e tšoantšetsa eng: ntoa! Che, hase ntoa e lokileng ea tlhōlo ea Morena ea hlōlang ea behiloeng ke Jehova, empa ke ntoa ea lichaba tse ngata e sehlōhō, e qaliloeng ke batho e bakang tšollo ea mali le bohloko bo sa hlokahaleng. Ke ho loketseng hakaakang hore ebe mopalami eo o kaletse pere e bofubelu ba mollo!
15. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho sebelisana le ho palama ha mopalami oa bobeli?
15 Ka sebele, Johanne o ne a ke ke a rata ho sebelisana ka eng kapa eng le mopalami oa pere ena le ho palama ha hae a potlakile, hobane ho ne ho profetiloe tjena ka batho ba Molimo: “Ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.” (Esaia 2:4) Le hoja ba ntse ba le “lefatšeng,” Johanne hammoho le sehlopha sa Johanne le bongata bo boholo kajeno, “hase karolo” ea tsamaiso ena e qaphalelitsoeng ke mali. Libetsa tsa rōna ke tsa moea ’me li “matla ka Molimo” bakeng sa ho bolela ’nete ka mafolofolo, re sa loane ntoa ea libetsa tse bolaeang.—Johanne 17:11, 14; 2 Bakorinthe 10:3, 4.
16. Mopalami oa pere e khubelu o filoe “sabole e khōlō” neng hona joang?
16 Ho ’nile ha e-ba le lintoa tse ngata pele ho 1914, e leng selemo seo Mopalami oa pere e tšoeu a ileng a amohela moqhaka oa hae ka sona. Empa joale mopalami oa pere e khubelu o filoe “sabole e khōlō.” Hoo ho fana ka maikutlo afe? Ha Ntoa ea I ea Lefatše e qhoma, lintoa tsa batho li ile tsa tšolla mali haholoanyane tsa ba tsa senya ho feta leha e le neng pele. Nakong ea polao ea batho ka sehlōhō ka 1914-18, likoloi tsa ntoa, khase e chefo, lifofane, likepe tse tsamaeang ka tlaase ho metsi, likanono tse khōlō le libetsa tsa othomathike li ile tsa sebelisoa ka lekhetlo la pele kapa ka tekanyo eo ho seng e lekanang le eona. Lichabeng tse ka bang 28, baahi kaofela, eseng feela masole a koetlisitsoeng, ba ile ba qobelloa ho kena ntoeng. Palo ea batho ba shoeleng e bile e tšabehang. Ho ile ha bolaoa masole a fetang a limilione tse robong, ’me batho ba shoeleng bao e seng masole e bile ba bangata ka tsela e nyarosang. Esita le ka mor’a ntoa, ha hoa ka ha hlola ho e-ba le khotso ea sebele lefatšeng. Lilemo tse fetang 50 ka mor’a ntoa eo, setsebi sa Lejeremane sa litaba tsa puso Konrad Adenauer o ile a hlalosa: “Tšireletseho le khutso li ile tsa nyamela bophelong ba batho ho tloha ka 1914.” Ka sebele, mopalami oa pere e ’mala oa mollo o ile a fuoa hore a felise khotso lefatšeng!
17. “Sabole e khōlō” e ’nile ea tsoela pele ho sebelisoa joang ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše?
17 Joale, kaha o ne a se a nyoretsoe mali, mopalami oa pere e khubelu o ile a ikakhela Ntoeng ea II ea Lefatše. Likofuto tsa ho bolaea li ile tsa e-ba sehlōhō le ho feta, ’me palo ea batho ba shoeleng e ile ea phahama hoo e ileng ea mena ea ba shoeleng Ntoeng ea I ea Lefatše ka makhetlo a mane. Ka 1945 libomo tse peli tsa athomo li ile tsa phatloha Japane, e ’ngoe le e ’ngoe—ka ho panya ha leihlo—ea rinya batho ba mashome a likete. Ntoeng ea bobeli ea lefatše, mopalami oa pere e khubelu o hlile a kotula chai e khōlō ea bophelo ba batho ba ka bang limilione tse 55, empa ho ntse ho le joalo o ne a sa khotsofala. Mehloli e tšepahalang e tlaleha hore batho ba fetang hōle limilione tse 20 ba bolailoe ke “sabole e khōlō” ho tloha ka Ntoa ea II ea Lefatše.
18, 19. (a) Ho e-na le hore polao e sehlōhō e qalileng ka Ntoa ea II ea Lefatše e be bopaki ba katleho theknolojing ea sesole, ha e le hantle ke bopaki ba eng? (b) Batho ba tobane le kotsi efe, empa Mopalami oa pere e tšoeu o tla etsa eng ho e thibela?
18 Na re ka re hoo ke katleho theknolojing ea sesole? Che, ho e-na le hoo, ke bopaki ba hore pere e khubelu e hlokang mohau ea khema. Joale ho khema hoo ho tla fella hokae? Bo-rasaense ba bang ba bolela hore ho ka ’na ha e-ba le ntoa e sa reroang ea nyutlelie—ho sa thoe letho ka ntoa e reriloeng ea nyutlelie! Empa, se thabisang ke hore Mopalami ea hlōlang oa pere e tšoeu a ke ke a lumella sena.
19 Hafeela bophelo ba batho ka kakaretso bo thehiloe boikhohomosong ba bochaba le lehloeong, batho ba tla lula ba ntse ba le kotsing ea ntoa ea nyutlelie. Le haeba lichaba, ka lebaka la ho tsieleha, li ka felisa libetsa tsohle tsa nyutlelie, li tla ’ne li lule li e-na le tsebo ea ho li etsa. Ka potlako li ka boela tsa hlahisa libetsa tsa tsona tsa nyutlelie tse bolaeang; kahoo, ntoa leha e le efe e loanoang ka libetsa feela tse tloaelehileng kapele-pele e ka fetoha polao e khōlō. Batho ba tla itimetsa ka lebaka la boikhohomoso le lehloeo tse aparetseng lichaba kajeno, ntle leha—e, ntle leha Mopalami oa pere e tšoeu a ka thibela ho khema ho se nang kelello ha pere e ’mala oa mollo. A re tšepeng hore Kreste Morena o tla palama, ka sepheo sa ho phetha tlhōlo ea hae holim’a lefatše le laoloang ke Satane le ho hloma mokhatlo o mocha oa batho lefatšeng o thehiloeng leratong—lerato ho Molimo le moahelani—e leng lintho tse etsang hore ho be le khotso, tse phahametseng hōle-hōle lithibelo tse thekeselang tsa nyutlelie tsa mehla ea rōna e tletseng pherekano.—Pesaleme ea 37:9-11; Mareka 12:29-31; Tšenolo 21:1-5.
Pere e Ntšo ea Hlahella
20. Ke eng e re kholisang hore Mopalami oa pere e tšoeu o tla tlosa boemo leha e le bofe bo kotsi?
20 Joale Jesu o bula tiiso ea boraro! Johanne o bona eng? “Ha e bula tiiso ea boraro, ka utloa sebōpuoa se phelang sa boraro se re: ‘Tloo!’” (Tšenolo 6:5a) Ka thabo, kerubime ena ea boraro e “na le sefahleho se joaloka sa motho,” e leng ho tšoantšetsang tšobotsi ea lerato. Lerato le tataisoang ke melao-motheo le tla ata lefatšeng le lecha la Molimo, joalokaha tšobotsi ena e ntle e aparetse mokhatlo oohle o hlophisitsoeng oa Jehova kajeno. (Tšenolo 4:7; 1 Johanne 4:16) Re ka kholiseha hore Mopalami oa pere e tšoeu, ea tlamehang ho “busa e le morena ho fihlela Molimo a behile lira tsohle tlas’a maoto a hae,” ka lerato o tla tlosa boemo bo kotsi boo joale Johanne a bo bonang.—1 Bakorinthe 15:25.
21. (a) Pere e ntšo le mopalami oa eona ba tšoantšetsa eng? (b) Ke eng e pakang hore pere e ntšo e ntse e khema ka matla?
21 Joale Johanne o bona eng ka mor’a hore ho arajoe taelo ea boraro e reng “Tloo!”? “Ka talima, ’me, bonang! pere e ntšo; ea lutseng holim’a eona o ne a tšoere sekala letsohong.” (Tšenolo 6:5b) Tlala ea boja-likata! Oo ke molaetsa o tšosang oa pono ena ea boprofeta. O bontša maemo a tla ba teng mathoasong a letsatsi la Morena ha lijo li tlameha ho lekanngoa ka likala. Ho tloha ka 1914 tlala e ’nile ea e-ba bothata bo tsoelang pele lefatšeng ka bophara. Ntoa ea kajeno e baka tlala, hobane mehloli eo ka tloaelo e sebelisoang ho fepa ba lapileng hangata e sebelisetsoa ho fana ka libetsa tsa ntoa. Balemi ba qobelloa ho ea sesoleng, ’me masimo a sentsoeng ke ntoa hammoho le leano la ho senya thepa eohle ka lebaka la ba lireng, li fokotsa tlhahiso ea lijo. Sena se etsahetse haholo ntoeng ea pele ea lefatše ha ba limilione ba lapa ’me ba e-shoa. Ho feta moo, mopalami oa pere e ntšo ea tlala ha aa ka a nyehlisa hoba ntoa e lale. Ka bo-1930, ba limilione tse hlano ba ile ba bolaoa ke tlala e le ’ngoe feela ea boja-likata Ukraine. Ntoa ea bobeli ea lefatše e ile ea baka likhaello tsa lijo le tlala e eketsehileng. Ha pere ena e ntšo e ntse e tsoela pele ho khema, bohareng ba 1987 Lekhotla la Lefatše la Lijo le ile la tlaleha hore batho ba limilione tse 512 ba ne ba lapa le hore letsatsi le leng le le leng bana ba 40 000 ba bolaoa ke ho tšoaroa ke mafu a bakoang ke tlala.
22. (a) Lentsoe le fana ka taelo efe, ’me le bontša hore ho hlokahala eng? (b) Ha ho buuoa ka theko ea lithara ea koro le ea lilithara tse tharo tsa harese hoo ho fana ka maikutlo afe?
22 Johanne o re bolella ho eketsehileng: “Ka utloa lentsoe le joalokaha eka le har’a libōpuoa tse phelang tse ’nè le re: ‘Lithara ea koro ka denari, le lilithara tse tharo tsa harese ka denari; ’me u se ke ua senya oli ea mohloaare le veine.’” (Tšenolo 6:6) Likerubime tsohle tse ’nè li kopane ha li bolela hore ho hlokahala hore batho ba shebe phepelo ea lijo ka hloko—feela joalokaha batho ba ne ba lokela ho “ja bohobe bo bekhiloeng le ka ho tšoenngoa ke lipelaelo” pele Jerusalema e timetsoa ka 607 B.C.E. (Ezekiele 4:16) Mehleng ea Johanne, lithara ea koro e ne e nkoa e le sejo sa letsatsi le letsatsi bakeng sa lesole. Lijo tse kaalo li ne li tla rekoa ka bokae? Ka denari—moputso oa letsatsi lohle! (Matheu 20:2)d Ho thoe’ng haeba motho a ne a e-na le lelapa? O ne a ka reka lilithara tse tharo tsa harese e sa hloekisoang. Le tsona li ne li tla fepa lelapa le lenyenyane. Ntle ho moo, harese e ne e sa nkoe e le lijo tse ntle joaloka koro.
23. Polelo e reng, “U se ke ua senya oli ea mohloaare le veine,” e fana ka maikutlo afe?
23 Polelo e reng, “U se ke ua senya oli ea mohloaare le veine,” e fana ka maikutlo afe? Ba bang ba ’nile ba nka hore e bolela hore le hoja batho ba bangata ba ne ba tla haelloa ke lijo ba be ba lape, barui bona ba ne ba tla ’ne ba iphelele ka har’a mabothobotho. Empa Bochabela bo Hare, oli le veine hase tsa bohlokoa hakaalo. Mehleng ea Bibele, bohobe, oli le veine e ne e le lijo tse sebelisoang kamehla. (Bapisa le Genese 14:18; Pesaleme ea 104:14, 15.) Metsi a ne a sa lule a hloekile ka linako tsohle, kahoo veine e ne e sebelisoa haholo bakeng sa ho tlosa lenyora ’me ka linako tse ling e le moriana. (1 Timothea 5:23) Ha e le oli eona, le hoja mohlolohali oa Sarepta a ne a futsanehile haholo mehleng ea Elia, o ne a ntse a saletsoe ke oli eo ka eona a neng a ka pheha phofo ea hae e setseng. (1 Marena 17:12) Kahoo, taelo e reng “u se ke ua senya oli ea mohloaare le veine” ho bonahala e ne e le keletso ea hore ho se ke ha sebelisoa lintho tsena tsa motheo ka potlako haholo empa li baballoe ha li sebelisoa. Ho seng joalo, li ne li tla ‘senyeha,’ ke hore, li ne li tla fela pele tlala ea boja-likata e fela.
24. Ke hobane’ng ha pere e ntšo e ke ke ea tsoela pele ho khema nako e telele?
24 Re ka thaba hakaakang hore ebe haufinyane Mopalami oa pere e tšoeu o tla tšoara pere eo e ntšo e khemang ka litomo! Etsoe ho ngotsoe tjena mabapi le tokisetso ea Hae e lerato bakeng sa lefatše le lecha: “Matsatsing a hae ea lokileng o tla atleha, khotso e tla ba ngata ho fihlela khoeli e se e le sieo. . . . Ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng; ho tla ba le nala holim’a litlhōrō tsa lithaba.”—Pesaleme ea 72:7, 16; bona le Esaia 25:6-8.
Pere e Botala bo Bosehla le Mopalami oa Eona
25. Ha Jesu a bula tiiso ea bone, Johanne o utloa lentsoe la mang, ’me hoo ho tšoantšetsa eng?
25 Pale ena ha e e-s’o phetoe kaofela. Jesu o bula tiiso ea bone, ’me Johanne o re bolella se etsahala’ng: “Ha e bula tiiso ea bone, ka utloa lentsoe la sebōpuoa se phelang sa bone le re: ‘Tloo!’” (Tšenolo 6:7) Lena ke lentsoe la kerubime e tšoanang le ntsu e fofang. E tšoantšetsa bohlale bo bonelang hōle, ’me ruri ho ile ha hlokahala hore Johanne, sehlopha sa Johanne, le bahlanka ba bang bohle ba lefatšeng ba Molimo ba ele hloko le ho bontša temohisiso ka lebaka la se hlalosoang mona. Ka ho etsa joalo, re ka sireletsoa ka ho itseng likotlong tse hlaselang batho ba bohlale molokong oa kajeno o ikhohomosang le o itšoereng hampe.—1 Bakorinthe 1:20, 21.
26. (a) Mopalami oa pere ea bone ke mang, ’me ke hobane’ng ha ’mala oa pere ea hae o loketse? (b) Ke mang ea latelang mopalami oa pere ea bone, ’me ho etsahala eng ka ba bolailoeng ke eena?
26 Joale ho lokolloa lintho life tse ncha tse tšabehang, ha mopalami oa pere ea bone a arabela pitso? Johanne o re bolella sena: “Ka talima, ’me, bonang! pere e botala bo bosehla; ’me lebitso la ea e palameng e ne e le Lefu. Hadese e ne e mo latela haufi-ufi.” (Tšenolo 6:8a) Mopalami oa pere ea ho qetela o na le lebitso: Lefu. Ke eena feela ho bapalami ba bane ba boleloang ho Tšenolo ea tsebahatsoang ka ho toba hakaalo. Ka ho loketseng, Lefu le kaletse pere e botala bo bosehla, kaha lentsoe botala bo bosehla (khlo·rosʹ ka Segerike) le sebelisoa libukeng tsa Segerike ho hlalosa lifahleho tse pulufetseng, joalokaha eka li pulufalitsoe ke ho kula. Hape ka ho loketseng, Lefu le lateloa haufi-ufi ka mokhoa o sa hlalosoang ke Hadese (lebitla), hobane Hadese e amohela palo e khōlōhali ea ba bolaoang ke likoluoa tse bakoang ke mopalami oa pere ea bone. Ho thabisang ke hore batho bana ba tla tsosoa bafung ha ‘lefu le Hadese li nehelana ka bafu ba ho tsona.’ (Tšenolo 20:13) Empa Lefu le fumana batho bao joang?
27. (a) Mopalami Lefu o fumana batho bao a ba bolaeang joang? (b) Ho boleloa eng ha ho buuoa ka “karolo ea bone ea lefatše” eo Lefu a nang le matla holim’a eona?
27 Pono ena e thathamisa litsela tse ling tseo lefu le ba fumanang ka tsona: “Tsa fuoa matla holim’a karolo ea bone ea lefatše, hore li bolaee ka sabole e telele le ka khaello ea lijo le ka lefu la seoa le bolaeang le ka libatana tsa lefatše.” (Tšenolo 6:8b) Hase hakaalo karolo ea bone ea sebele ea baahi ba lefatše empa ke karolo e khōlō ea lefatše, ebang ke sebaka seo ho nang le baahi ba bangata kapa ba ’maloa ho sona, e neng e tla angoa ke ho palama hona. Mopalami enoa oa pere o amohela ba bolailoeng ke sabole e khōlō ea mopalami oa pere ea bobeli le ba bolailoeng ka tlala ea boja-likata le likhaello tsa lijo ke mopalami oa pere ea boraro. Le eena o ipolaela ba hae ka mafu a seoa a bolaeang le litšisinyeho tsa lefatše, joalokaha ho hlalositsoe ho Luka 21:10, 11.
28. (a) Boprofeta bo mabapi le “lefu la seoa le bolaeang” bo phethahetse joang? (b) Batho ba Jehova ba sirelelitsoe joang mafung a mangata kajeno?
28 Hoo e leng habohlokoa hona joale ke “lefu la seoa le bolaeang.” Ka lebaka la thipitlo ea Ntoa ea I ea Lefatše, mokakallane oa Spain o ile oa feta ka batho ba fetang limilione tse 20 ka likhoeli tse seng kae feela tsa 1918-19. Sebaka feela lefatšeng se ileng sa phonyoha lebuba lena e bile sehlekehleke se senyenyane sa St. Helena. Libakeng tseo ho tsona ho ileng ha e-shoa palo e khōlō ea baahi, litopo li ne li chesoa ka liqubu. ’Me kajeno lefu la pelo le kankere eo hangata e bakoang ke koae, ke mafu a atileng ka tsela e tšosang. Ho se ileng sa hlalosoa e le “lilemo tse leshome tse mpe” tsa bo-1980, mokhoa oa bophelo o khahlanong le melao ea Bibele o ile oa ekelletsa lefu la AIDS lebubeng la “lefu la seoa le bolaeang.” Ka selemo sa 2000, ho tlalehoa hore ngaka e ’ngoe e khōlō United States e ile ea re AIDS “e ka ’na eaba ke seoa se sebe ka ho fetisisa bophelong ba batho seo lefatše le kileng la se tseba.” Ngaka ena e ile ea re batho ba limilione tse 52 lefatšeng ka bophara ba tšoeroe ke HIV/AIDS, ’me palong eo, batho ba limilione tse 20 ba se ba shoele. Batho ba Jehova ba leboha hakaakang hore ebe keletso e bohlale ea Lentsoe la hae e ba sireletsa bohloleng le tšebelisong e mpe ea mali, tseo mafu a mangata a fetisoang ka tsona kajeno!—Liketso 15:28, 29; bapisa le 1 Bakorinthe 6:9-11.
29, 30. (a) ‘Liketso tse ’nè tse kotsi’ tse boleloang ho Ezekiele 14:21 li phethahala joang kajeno? (b) Re utloisisa eng ha ho buuoa ka “libatana” ho Tšenolo 6:8? (c) Ke eng e bonahalang e le ntlha e khōlō ea pono ea boprofeta?
29 Pono ea Johanne e bolela libatana e le sesosa sa bone sa lefu le bolaeang batho ho sa lebelloa. Ka sebele, lintho tse ’nè tse hlalositsoeng ha ho buloa tiiso ea bone—ntoa, tlala ea boja-likata, mafu le libatana—mehleng ea boholo-holo li ne li talingoa e le tsona haholo-holo tse etsang hore batho ba shoe ho sa lebelloa. Kahoo li ne li tla tšoantšetsa lintho tsohle tse etsang hore batho ba shoe ho sa lebelloa kajeno. Ho joalokaha Jehova a ile a lemosa Iseraele a re: “Kahoo, ho tla ba joalo ha ho e-ba le liketso tsa ka tse ’nè tse kotsi tsa kahlolo—sabole le tlala le sebata se kotsi le lefu la seoa—tseo ke tla li romela Jerusalema e le hore ke felise motho oa lefatše le phoofolo e ruuoang ho eona.”—Ezekiele 14:21.
30 Ho bolaoa ke libatana ha hoa ata mehleng ea kajeno, le hoja li ’nile tsa bolaea batho mocha-o-chele linaheng tse chesang tse mongobo. Nakong e tlang, li ka ’na tsa bolaea ba eketsehileng haeba linaha li se li hloka baahi ka lebaka la ntoa kapa batho ba se ba manne linama ka lebaka la tlala hoo ba ke keng ba itšireletsa liphoofolong tse lapileng. Ho phaella moo, ho na le batho ba bangata kajeno bao, joaloka liphoofolo tse se nang kelello, ba bontšang maikutlo a bobatana a fapaneng haholo le a hlalositsoeng ho Esaia 11:6-9. Batho bana ke bona ba ikarabellang haholo tabeng ea ho ata ha litlōlo tsa molao tse amanang le ho kopanela liphate, polao, bokhukhuni le ho qhomisa libomo lefatšeng la kajeno. (Bapisa le Ezekiele 21:31; Baroma 1:28-31; 2 Petrose 2:12.) Mopalami oa pere ea bone o boetse o amohela ba bolailoeng ke lintho tsena. Ka sebele, ho bonahala hore ntlha e khōlō ea pono ena ea boprofeta ke hore mopalami oa pere e botala bo bosehla o sebelisa litsela tse ngata ho fumana batho ba shoeleng ho sa lebelloa.
31. Ho sa tsotellehe tšenyo e bakiloeng ke mopalami oa pere e khubelu, oa pere e ntšo le oa pere e botala bo bosehla, ke hobane’ng ha re ka khothala?
31 Boitsebiso bo senotsoeng ha ho buloa litiiso tsa pele tse ’nè boa re matlafatsa hobane bo re ruta hore re se ke ra nyahamisoa ke ntoa, tlala, mafu le lintho tse ling tse etsang hore batho ba shoe ho sa lebelloa tse atileng haholo kajeno; hape ha rea lokela ho felloa ke tšepo hobane baeta-pele ba batho ba hlōlehile ho rarolla mathata a teng. Haeba maemo a lefatše a fana ka bopaki ba hore mopalami oa pere e khubelu, oa pere e ntšo le oa pere e botala bo bosehla ba khemisa lipere hohle, u se ke ua lebala hore Mopalami oa pere e tšoeu ke eena oa pele oa ho palama. Jesu e se e le Morena, ’me o se a hlōtse hoo a lelekileng Satane maholimong. Ho hlōla ha hae ho tsoelang pele ho akarelelitse ho bokella masala a bara ba Iseraele ea moea le bongata bo boholo ba lichaba tsohle bo baloang ka limilione, hore bo pholohe matšoenyehong a maholo. (Tšenolo 7:4, 9, 14) O lokela ho palama ho fihlela a phetha tlhōlo ea hae.
32. Ho etsahala eng ha ho buloa tiiso e ’ngoe le e ’ngoe litiisong tsa pele tse ’nè?
32 Ho buloa ha tiiso e ’ngoe le e ’ngoe litiisong tsa pele tse ’nè ho ’nile ha lateloa ke taelo e reng: “Tloo!” Nako le nako, ho ile ha hlaha pere le mopalami oa eona. Leha ho le joalo, ho qala ka tiiso ea bohlano, ha re sa utloa taelo eo. Empa bapalami bao ba lipere ba ntse ba palame, ’me ba tla tsoela pele ba khemisa ho isa bofelong ba tsamaiso ea lintho. (Bapisa le Matheu 28:20.) Liketsahalo tse ling tsa bohlokoa tseo Jesu a li senolang ha a bula litiiso tse tharo tse setseng ke life? Tse ling tsa liketsahalo tseo ha li bonahale mahlong a batho. Tse ling, le hoja li bonahala, e sa ntse e le tsa nakong e tlang. Leha ho le joalo, li tla fela li phethahale. A re boneng hore na ke life.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Leha ho le joalo, hlokomela hore “mosali” ea boletsoeng ho Tšenolo 12:1 o roetse “moqhaka oa linaleli tse leshome le metso e ’meli” oa tšoantšetso.
b Ho fumana bopaki bo qaqileng ba hore Jesu o fuoe ’Muso ka 1914, bona leqephe la 215-18 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
c Le hoja liphetolelo tse ngata li fetolela poleloana ena e le “ho hlōla” (Revised Standard, The New English Bible, King James Version) kapa “ho ikemisetsa ho hlōla” (Phillips, New International Version), tšebeliso ea lekhathe lena le sa bontšeng hore na ketso e phethiloe kapa che mona Segerikeng sa pele, e fana ka kutloisiso ea ntho e feletseng kapa qetello. Kahoo, Word Pictures in the New Testament ea Robertson e re: “Mona lekhathe lena le sa bontšeng hore na ketso e phethiloe kapa che le supa tlhōlo ea ho qetela.”
d Bona NW, botlaaseng ba leqephe.
[Lebokose le leqepheng la 92]
Morena o Palama ka Tlhōlo
Ka bo-1930 le bo-1940, lira tse neng li ikemiselitse li ile tsa leka ho etsa hore ho bonahale eka tšebeletso ea Lipaki Tsa Jehova e ne e se ea molao, e ne e le tlōlo ea molao, kapa e bile e le e reretsoeng ho liha ’muso. (Pesaleme ea 94:20) Ka 1936 feela, ho tlalehoa hore Lipaki Tsa Jehova li ile tsa tšoaroa ka makhetlo a 1 149 United States. Lipaki li ile tsa hlahlela linyeoe tse ngata ho ea fihla Lekhotleng le ka Holimo-limo la United States, ’me tse ling tsa linyeoe tse hlaheletseng tseo li ileng tsa li hlōla ke tsena tse latelang.
Ka la 3 May, 1943, nyeoeng ea Murdock v. Pennsylvania Lekhotla le ka Holimo-limo le ile la etsa qeto ea hore Lipaki li ne li sa hloke lengolo la tumello e le hore li ka tsamaisa libuka ka chelete. Letsatsing lona leo, nyeoeng ea Martin v. City of Struthers qeto e ile ea bolela hore e ne e se tlōlo ea molao ho letsa litšepe tsa menyako ha motho a aba lipampitšana ka ntlo le ntlo le boitsebiso bo bong bo phatlalatsang.
Ka la 14 June, 1943, nyeoeng ea Taylor v. Mississippi Lekhotla le ka Holimo-limo le ile la etsa qeto ea hore Lipaki li ne li sa khothaletse ho tsoa ’muso tlaase ka boboleli ba tsona. Letsatsing lona leo, nyeoeng ea West Virginia State Board of Education v. Barnette, Lekhotla le ile la re sehlopha sa botsamaisi ba sekolo se ne se se na tokelo ea ho leleka bana ba Lipaki Tsa Jehova ba hanang ho lumelisa folakha sekolong. Letsatsing le latelang feela, Lekhotla le Phahameng la Australia le ile la tlosa thibelo ho Lipaki Tsa Jehova naheng eo, e leng thibelo e ileng ea hlalosoa e le “ea bompoli, e sa etsoang ka molao le e hatellang.”
[Lebokose le leqepheng la 94]
“A Nehoa Hore a Tlose Khotso Lefatšeng”
Theknoloji e habile hokae? Toronto, Canada, The Globe and Mail ea la 22 January, 1987, e ile ea tlaleha se latelang se tsoang puong ea Ivan L. Head, e leng mopresidente oa Setsi sa Phuputso ea Tsoelo-pele ea Machaba:
“Ho latela mehloli e tšepahalang ho hakanngoa hore setsebi se le seng ho tse ling le tse ling tse ’nè tsa saense le tsa theknoloji lefatšeng le tšoarehileng ka ho etsa liphuputso le tsoelo-pele, se sebetsa libetseng. . . . Likhakanyong tsa 1986, litšenyehelo ke tse fetang [liranta tse limilione tse 3] ka motsotso. . . . Na kaofela re sireletsehile haholoanyane ka lebaka la ho ameha haholoanyane tjee ka theknoloji? Libetsa tsa nyutlelie tseo mebuso e meholo e nang le tsona li na le matla a menang a liqhomane tsa libetsa tsohle tse ileng tsa sebelisoa ke bohle ba neng ba loana Ntoeng ea Bobeli ea Lefatše—ka makhetlo a 6 000. Lintoa Tsa Bobeli Tsa Lefatše tse likete tse tšeletseng. Ho tloha ka 1945, ho bile le libeke tse ka tlaase ho tse supileng tseo ka tsona ho neng ho se na ntoa lefatšeng. Ho bile le lintoa tse fetang 150 tsa machaba kapa tsa lehae, e leng tseo ho hakanngoang hore li bolaile batho ba limilione tse 19,3, boholo e le ka lebaka la ho sebelisa theknoloji e ncha e sebetsang hantle e hlahileng mehleng ena ea Machaba a Kopaneng.”
Ka selemo sa 2005, mabotho a sesole a ne a se a bolaile batho ba fetang hōle limilione tse 20.
[Lebokose le leqepheng la 98, 99]
Sebōpeho sa Buka ea Tšenolo
Kaha re tsoetse pele ho tla fihlela mona puisanong ea rōna ka buka ea Tšenolo, re qala ho bona ka ho hlakileng haholoanyane sebōpeho sa buka ena. Ka mor’a kenyelletso ea eona e susumetsang (Tšenolo 1:1-9), Tšenolo e ka talingoa e le e arotsoeng ka lipono tse 16 ka tsela e latelang:
PONO EA 1 (1:10–3:22): Ponong ka pululelo Johanne o bona Jesu ea tlotlisitsoeng, ea romelang melaetsa e mofuthu ea keletso liphuthehong tse supileng.
PONO EA 2 (4:1–5:14): Pono e tsotehang ka ho fetisisa ea terone ea leholimo ea Jehova Molimo. Eena o fa Konyana moqolo.
PONO EA 3 (6:1-17): Ha e bula litiiso tsa pele tse tšeletseng tsa moqolo, butle-butle Konyana e senola pono e nang le likarolo tse ngata e bontšang liketsahalo tse lokelang ho etsahala letsatsing la Morena. Bapalami ba lipere ba bane ba Tšenolo baa palama ’me makhoba a Molimo a ileng a bolaeloa tumelo a fumana liaparo tse telele tsa ka holimo tse tšoeu, hape ho hlalosoa letsatsi le leholo la khalefo.
PONO EA 4 (7:1-17): Mangeloi a tšoere meea ea thipitlo ho fihlela ba 144 000 ba Iseraele ea moea ba tiisitsoe. Bongata bo boholo bo tsoang lichabeng tsohle bo bolela hore poloko e tsoa ho Molimo le Kreste ’me boa bokelloa bakeng sa ho pholoha matšoenyeho a maholo.
PONO EA 5 (8:1–9:21): Ha ho buloa tiiso ea bosupa, ho letsoa literompeta tse supileng, ’me tsa pele tse tšeletseng li kopanyelletsa pono ea bohlano. Ho letsoa literompeta tsena tse tšeletseng ho phatlalatsa kahlolo ea Jehova ho batho. Ntle ho moo, terompeta ea bohlano le ea botšelela ke selelekela sa bomalimabe ba pele le ba bobeli.
PONO EA 6 (10:1–11:19): Lengeloi le matla le fa Johanne moqolo o monyenyane, ho lekanngoa tempele, hape re ithuta ka se ileng sa etsahalla lipaki tse peli. E fihla tlhōrōng ha ho letsoa terompeta ea bosupa, e phatlalatsang bomalimabe ba boraro bakeng sa lira tsa Molimo—e leng ho tla ha ’Muso oa Jehova le oa Kreste oa hae.
PONO EA 7 (12:1-17): Pono ena e hlalosa ho tsoaloa ha ’Muso, ho feletseng ka hore Mikaele a lihele noha, Satane, lefatšeng.
PONO EA 8 (13:1-18): Sebata se matla se tsoa leoatleng, ’me sebata se nang le linaka tse peli joaloka konyana se phehella batho hore ba se rapele.
PONO EA 9 (14:1-20): Pono e khanyang e bontšoang esale pele ea ba 144 000 Thabeng ea Sione. Melaetsa ea mangeloi e utluoa lefatšeng lohle, ho kotuloa morara oa lefatše, ’me ho hatakeloa sehatelo sa veine ea bohale ba Molimo.
PONO EA 10 (15:1–16:21): Ho hloelisoa ka lekhotleng la leholimo, ka mor’a moo ho tšolleloa likotlolo tse supileng tsa bohale ba Jehova lefatšeng. Karolo ena le eona e qetella ka tlhaloso ea boprofeta ea bofelo ba tsamaiso ea Satane.
PONO EA 11 (17:1-18): Seotsoa se seholo, Babylona e Moholo, se palame sebata se ’mala o sekareleta, se theohelang ka mohohlong ka nakoana empa se hlahe hape ebe sea se ripitla.
PONO EA 12 (18:1–19:10): Ho phatlalatsoa ho oa ha Babylona e Moholo le ho ripitloa ha eona ha ho qetela. Ka mor’a hore e felisoe, ba bang baa lla, ba bang ba rorisa Jehova; ho phatlalatsoa lenyalo la Konyana.
PONO EA 13 (19:11-21): Jesu o etella makhotla a leholimo pele ho ea phethahatsa kahlolo ea bohale ba Molimo holim’a tsamaiso ea Satane, makhotla a hae le batšehetsi ba hae; linonyana tse jang nama li ja litopo tsa bona.
PONO EA 14 (20:1-10): Satane Diabolose o liheloa ka mohohlong, Puso ea Lilemo Tse Sekete ea Kreste le marena hammoho le eena, teko ea moloko oa batho ea ho qetela le timetso ea Satane le bademona ba hae.
PONO EA 15 (20:11–21:8): Tsoho e akaretsang le Letsatsi le leholo la Kahlolo; ho hlaha leholimo le lecha le lefatše le lecha, ’me batho ba lokileng ba fumana mahlohonolo a ka ho sa feleng.
PONO EA 16 (21:9–22:5): Tšenolo e fihla tlhōrōng ka pono e khanyang ea Jerusalema e Mocha, mosali oa Konyana. Tokisetso ea Molimo ea ho folisa moloko oa batho le ho o phelisa e phalla e tsoa motseng oo.
Tšenolo e phetha ka mantsoe a mofuthu a tumeliso le keletso a tsoang ho Jehova, Jesu, lengeloi, le Johanne ka boeena. Memo e eang ho bohle e re “Tloo!”—Tšenolo 22:6-21.