Jesu Bophelo le Tšebeletso Tsa Hae
Hae Kapernauma
HONA joale botumo ba Jesu bo jalehile hohle, ’me batho ba bangata ba leba moo a lulang teng libakeng tse kathōko. Leha ho le joalo, kamor’a matsatsi a se makae o khutlela Kapernauma ka Leoatle la Galilea. Ka potlako litaba li jaleha le motse hore o khutletse hae, ’me ba bangata ba tla ntlong eo a leng ho eona. Bafarisi le baruti ba Molao ba tla ba e-tsoa hōle joaloka Jerusalema.
Batho ba bangata hoo ba koalang monyako, ’me ha ho sebaka bakeng sa mang kapa mang hore a ka kena kahare. Nako e fihlile bakeng sa ketsahalo e tsotehang kannete. Se etsahalang ketsahalong ena ke sa bohlokoa bo boholo, hobane se re thusa ho ananela hore Jesu o na le matla a ho tlosa sesosa sa mahlomola a batho le ho tsosolosa bophelo ba ’mele ba bohle bao a ba khethang.
Ha Jesu a ntse a ruta letšoele lena, banna ba bane ba tlisa monna ea omeletseng litho ntlong ena a nkiloe ka lempara. Ba batla hore Jesu a folise motsoalle oa bona, empa ka lebaka la letšoele ba sitoa ho kena kahare. Ho nyahamisa hakaakang! Empa ha ba tele. Ba hloella kaholim’a marulelo a ntlo ’me ba phunya lesoba ka ho tlosa marulelo, ’me ba theolela lempara la monna ea omeletseng litho haufi le Jesu.
Na Jesu o halefile ka lebaka la tšitiso ee? Che! Ho e-na le hoo, o hloletsoe haholo ke tumelo ea bona. O re ho motho ea omeletseng litho; “U tšoaretsoe libe tsa hao.” Empa na Jesu a ka hla a tšoarela libe? Bangoli le Bafarisi ha ba nahane joalo. Ba re ka lipelong tsa bona: “Ke mang ea ka tšoarelang motho libe, ha e se Molimo o ’notši?”
Ka ho tseba menahano ea bona, Jesu o re ho bona: “Na ha e le ho re ho ea omeletseng litho: U tšoaretsoe libe tsa hao, e le ho re: Ema, nka liphate tsa hao, u tsamaee, ho bonolo ke hofe na?” A sa emele karabelo, Jesu o retelehela ho motho ea omeletseng litho ’me o re: “Tloha u eme, u nke liphate tsa hao, u ikele tlung ea hao.” ’Me ka potlako oa ho etsa, a tsamaea pontšeng ho bona bohle a nkile lempara la hae! Ka ho makala batho baa khotsa: “Ha re e-so ho ka re bona ho joalo!”
Na u hlokometse hore Jesu o bolela libe kamanong le ho kula le hore tšoarelo ea libe e amana le ho fumana bophelo ba ’mele? Bibele e hlalosa hore motsoali oa rōna oa pele Adama o ile a etsa sebe le hore bohle re futsitse liphello tsa sebe seo, e leng ho kula le lefu. Empa tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo, Jesu o tla tšoarela libe tsa bohle ba ratang Molimo le ho mo sebeletsa, ’me joale ho kula hohle ho tla tlosoa. Hoo e tla ba ho hotle hakaakang! Mareka 2:1-12; Luka 5:17-26; Mattheu 9:1-8; Ba-Roma 5:12, 17-19.
◆ Ke eng e neng e fihlile bakeng sa ketsahalo e tsotehang kannete?
◆ Motho ea omeletseng litho o ile a fihla ho Jesu joang?
◆ Ke hobane’ng ha bohle re e-na le sebe, empa Jesu o ile a lokisetsa tšepo joang hore tšoarelo ea libe tsa rōna le ho tsosolosetsoa phethehong ea bophelo ho ka etsahala?
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 8]